Liphoofolo Tsa Litonanahali Tse Bolibeng ba Leoatle
Phoofolo e ’ngoe ea tonanahali e bitoha bolibeng ba leoatle, e qhautsa sekepe ’me e hulanyetsa basesisi ba sona tlaase bolibeng ba leoatle. Pale ena ke moralo oa litšōmo tse ngata tse ’nileng tsa phetoa ho theosa le lilemo. Empa na liphoofolo tse khōlō joalo tsa litonanahali li teng?
KA 2007, batšoasi ba litlhapi ba neng ba le Leoatleng la Ross le haufi le Antarctica ba ile ba tšoasa squid sa setonanahali ba sa rera. Se ne se le bolelele ba limithara tse ka bang 10, ho akarelletsa le manaka a sona ’me se le boima ba lik’hilograma tse ka bang 500! Bo-rasaense ba lumela hore li-squid tsa mofuta oo li ka hōla ho feta moo.
Phoofolo e ’ngoe ea tonanahali ea leoatleng e tšoanang le eo ke squid se seholo, se nang le ’mele o kang oa tlhapi e bitsoang torpedo, mahlo a sona a ka lekana le hlooho ea motho, se na le molomo o kang oa papakhaie o thata hoo o ka sehang tšepe ’me se na le matsoho a robeli a nang le lintho tse hulang le manaka a mabeli a tlisang lijo molomong. Se ka sesa sebaka sa lik’hilomithara tse 30 ka hora—sa ba sa qhomela holimo!
Makhetlo ao ho tlalehiloeng hore ho bonoe liphoofolo tsena tsa litonanahali ka ’ona lilemong tse lekholo tse fetileng, ha a fihle ho 50 ’me ha ho e-s’o ka ho etsoa liphuputso ka liphoofolo tsena li le moo li phelang teng.
Maruarua a Litonanahali a Leoatleng
Leha ho le joalo, li-squid tsena tsa litonanahali ke lijo tsa phoofolo e ’ngoe e khōlō ho li feta, e leng leruarua le bitsoang sperm whale, le ka hōlang ho ba bolelele ba limithara tse 20 le boima ba lithane tse 50. Leino le le leng le feela la lona le boima ba ligrama tse 900! Ho fumanoe li-sperm whale tse ling li shoele, li e-na le likarolo tse ling tsa li-squid ka mpeng. Maruarua ao a ne a boetse a e-na le mengoapo ea li-squid lihloohong tsa ’ona tse khōlō, tse motopo, e leng ho bontšang hore li-squid li ne li loanne ea khumamela. Ka 1965, basesisi ba sekepe sa Soviet Union se tšoasang maruarua ba ile ba re ba bone squid sa setonanahali se loana le sperm whale se boima ba lithane tse 40. Liphoofolo tseo ka bobeli li ile tsa shoa. Leruarua leo le neng le bolailoe ka ho khangoa le ile la fumanoa le phaphametse ka leoatleng, le e-na le hlooho ea squid ka mpeng.
Ke ’nete hore li-squid tse khōlō le li-sperm whale ke liphoofolo tsa litonanahali, empa leruarua le leputsoa, e leng phoofolo e khōlō ka ho fetisisa ho tse anyesang, lea li feta ka boholo. Leruarua le leputsoa le lelelele ka ho fetisisa le kileng la tlalehoa ke le letšehali le bolelele ba limithara tse 33, le neng le fumanoe Antarctica. Leruarua le leputsoa le ka ba boima ba lithane tse 150. Boima ba leleme la lona bo ka lekana le ba tlou e khōlō! Ak’u nahane feela—le tsoala lelinyane le boima ba lithane tse tharo le bolelele ba limithara tse supileng ho isa ho tse robeli! Kaha batho ba tsoma leruarua le leputsoa le ile la batla le fela lilemong tsa bo-1960 ’me le kajeno le le lethathamong la liphoofolo tse kotsing e khōlō ea ho fela.
Tse Ling li Mabifi ’me Tse Ling li Bonolo
Mohlomong shaka e tšoeu e khōlō e nang le meno a 3 000 a bohale, ke eona tlhapi e tšosang ka ho fetisisa e jang liphoofolo tse ling. Shaka e tšoeu e khōlō ka ho fetisisa e kileng ea tlalehoa ke e bolelele ba limithara tse supileng le boima ba lik’hilograma tse 3 200. Shaka ena e nang le linko tse bohale, e khona ho fofonela lerotholi la mali le hlapolotsoeng ka metsing a lilithara tse 100!
Tlhapi e khōlō ka ho fetisisa e phelang ke whale shark ’me e bolelele ba limithara tse ka bang 7,5. Leha ho le joalo, tse ling li ka ’na tsa batla li kopola boholo boo ka makhetlo a mabeli. E ka ahlamisa molomo oa eona limithara 1,4, e leng se etsang hore ho be bonolo hore e koenye motho. Empa phoofolo ena ea tonanahali e bonolo ha e je liphoofolo tse ling tse khōlō tsa leoatleng, e ja bolele le litlhapi tse nyenyane.
Makasine ea National Geographic e re: “Tsela e sa tloaelehang eo whale shark e silang lijo ka eona e lumellana le pale ea Jonase,” e le ha e bua ka ketsahalo e tlalehiloeng ka Bibeleng, ha moprofeta Jonase a ne a koenngoa ke tlhapi e khōlō. Li-whale shark “li na le tsela e imametseng ea ho ntša lintho tse khōlō tseo li ke keng tsa khona ho li sila, tseo li li koentseng ka phoso.”—Jonase 1:17; 2:10.
Liphoofolo Tsa Litonanahali Tse Boi
Phoofolo e ’ngoe e khōlō ea leoatleng ke octopus ea tonanahali, e ka bang boima ba lik’hilograma tse 250. E ne e bitsoa tlhapi e nang le bodiabolose ’me ho nahanoa hore e ka tebisa likepe. Empa ha e le hantle octopus e boi ’me e ipata maphaong le mapetsong a majoe a ka leoatleng. Matsoho a eona a ka ba bolelele ba limithara tse 10 ’me e na le boko bo boholo ho feta ba phoofolo leha e le efe e se nang lesapo la mokokotlo. Ka sebele, li-octopus li bohlale haholo ’me li ka ithuta ho etsa lintho tse rarahaneng, tse kang ho tsamaea har’a matsoelintsoeke le ho bula sekoahelo sa nkho!
Joaloka li-squid tse khōlō, li-octopus tsa litonanahali li khona ho ikhakanya ka hore li fetole ’mala, li fehle moea o li thusang ho sesa li ea pele ka metsing, ’me li ipatele kotsi ka hore li tsaratse enke e etsang leru le ririellaneng. Li-octopus li ka boela tsa tsoa ka metsing ka nakoana ha li il’o sela lijo!
Liphoofolo tsena tsa bolibeng ba leoatle ka sebele li tlotlisa lebitso la ’Mōpi oa tsona, e leng Jehova. Ka ho loketseng, mopesaleme oa Bibele o ile a bina, a re: “Rorisang Jehova ho tsoa lefatšeng, lōna liphoofolo tsa litonanahali tsa leoatle le lōna maliba.”—Pesaleme ea 148:7.
[Setšoantšo leqepheng la 17]
LI KA BA KHŌLŌ HAKAE?
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Shaka e tšoeu e khōlō
Octopus ea tonanahali
Whale shark
Squid se seholo*
Squid sa setonanahali*
*se ka ba se kana ka boholo
Sperm whale
Leruarua le leputsoa
mehato 100 90 80 70 60 50 40 30 20 10 0
limithara 30 25 20 15 10 5 0
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Shaka e tšoeu e khōlō
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Octopus ea tonanahali
[Setšoantšo se leqepheng la 16, 17]
Sperm whale
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
Whale shark
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
Leruarua le leputsoa le lelinyane la lona
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 15]
Shark: © Steve Drogin/SeaPics.com; drawing: Getty Images; octopus: © Brandon Cole
Shaka e tšoeu e khōlō
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 17]
Sperm whale: © Brandon Cole; blue whales: © Phillip Colla/SeaPics.com; whale shark: © Steve Drogin/SeaPics.com