Shark Bay—Lebōpo le Hlollang ka Botle la Leoatle
KA MONGOLI OA TSOHA! AUSTRALIA
SHARK BAY ke kou e khōlō, e nang le metsi a sa tebang e karolong e thōko ka ho fetisisa ka bophirimela ho Australia, e leng lik’hilomithara tse ka bang 650 ka leboea ho motse oa Perth. Ka 1629, mofuputsi oa Modache ea bitsoang Francois Pelsaert o ile a bitsa sebaka sena sa lehoatata hore ke “naha ea lefeella e rohakiloeng, e se nang botala kapa joang.” Hamorao batho ba ileng ba etela moo ba ile ba reha libaka tsa teng mabitso a kang, Sebaka se se Nang Tšepo, Kou e se Nang Thuso le Selikalikoe sa Masoabi.
Leha ho le joalo, kajeno batho ba fetang 120 000 ba tšolohela Shark Bay selemo le selemo. Libaka tsa mona ke tse hlollang ka botle hoo ka 1991, tikoloho ena e sebakeng se thōko, e ileng ea kenngoa lethathamong la tse nkoang e le Libaka Tsa Bohlokoahali Lefatšeng.a
Makhulo a Tletseng Bophelo
Pelsaert a ka be a ile a fumana makhulo a joang haeba a ne a shebile ka tlas’a metsi, kaha Shark Bay ho na le makhulo a joang a maholo ka ho fetisisa le a sa tšoaneng lefatšeng lohle, ao ka kakaretso a nkang sebaka sa lisekoere-k’hilomithara tse 4 000. Lebōpo la Joang ba Leoatle la Wooramel ka bolona feela, le bolelele ba lik’hilomithara tse 130 mochophorong o ka bochabela oa Shark Bay.
Joang ba leoatleng, boo ha e le hantle e leng limela tse thunyang lipalesa, ke lijo tsa lintho tse ngata tse phelang leoatleng. Li-prawn tse nyenyane, litlhapi tse nyenyane le libōpuoa tse ling tse ngata-ngata tsa leoatle li lula sebakeng sena se sireletsehileng se tletseng makhasi. Makhulo ana a tletseng joang a boetse a fana ka lijo tse lekaneng bakeng sa li-dugong, kapa likhomo tsa leoatleng tse lulang sebakeng sena. Lianyisi tsena tse bonolo le tse bohelehele, tseo boima ba tsona e ka bang lik’hilograma tse 400, li iphulela ka khutso makhulong ana a ka tlas’a metsi, ka linako tse ling e le mohlape oa tse fetang 100. Karolong e ka leboea ho Australia, ho tloha Shark Bay ka bophirimela ho ea Moreton Bay ka bochabela, e ka ’na eaba hajoale ke hona teng moo ho nang le li-dugong tse ngata ka ho fetisisa lefatšeng.b
Joalokaha lebitso la eona le bontša, Shark Bay ho na le lishaka tse ngata tsa mefuta e fetang 12. Mefuta eo e kopanyelletsa shaka e tšosang e bitsoang tiger shark le ea tonanahali e seng kotsi e bitsoang whale shark, e leng eona tlhapi e khōlō ka ho fetisisa lefatšeng. Mona lishaka li phela metsing ana le li-dolphin, e leng se shanofatsang maikutlo a hore moo ho nang le li-dolphin, u ke ke ua fumana lishaka. Ha e le hantle, bafuputsi ba hlokometse hore li-dolphin tse 70 ho tse lekholo sebakeng seo, li na le maqeba a khale a ho hlaseloa ke lishaka. Liphoofolo tse sa tšoaneng tse phelang mona li akarelletsa maruarua a likete a bitsoang li-humpback whale a emisang mona hore a phomole ha a le leetong la ho fallela ka boroa ’me le likolopata tse ngata-ngata li tla mona selemo le selemo ho tla behela mabōpong a leoatle.
Na e Hlile ke Majoe?
Ho fapana le likarolo tse ling tsa Shark Bay, Hamelin Pool, e thōko-thōko ka boroa, e bonahala e le sebaka se sa ipiletseng le seo e kang ha ho letho le phelang ho sona. Ka lebaka la sekhahla se phahameng seo metsi a ntšang mouoane ka sona, metsi ana a sa tebang a na le letsoai le lengata ho feta metsi a tloaelehileng a leoatle. Ka mathōko ho metsi ao ho na le se bonahalang eka ke majoe a lerootho. Leha ho le joalo, ha a shebeloa haufi, ha e le hantle “majoe” ana ke lintho tse hlahisitsoeng ke ho bokellana ha libaktheria tse nyenyane haholo tse koahetsoeng ke bolele, tse bitsoang li-cyanobacteria kapa bolele bo botala bo isang boputsoeng. Sebakeng se ka etsang sekoere-mithara se le seng, ho na le li-cyanobacteria tse ka bang limilione tse likete tse tharo!
Libaktheria tsena tse mamellang maemo a thata li kopanya mamina a tsona le matsoai a tsoang metsing a leoatle hore li etse samente, ebe li li bokella ’moho lehaeng lena la tsona le kang lejoe. Tšebetso ena e etsahala butle haholo. Ha e le hantle, nakong eo lejoe leo le ka bang bophahamo ba lisenthimithara tse 30, le se le e-na le lilemo tse ka bang 1 000!
Lefatšeng lohle, ke Hamelin Pool moo ho nang le majoe ana a mangata ka ho fetisisa le a sa tšoaneng. Ho feta moo, ke se seng sa libaka tseo majoe ana a ntseng a sireletsehile ho sona.
Lintho Tse Ntlehali Tsa Shark Bay
Lintho tse ntle ka ho fetisisa tsa Shark Bay ke li-dolphin tsa teng tse linko li telele tse lebōpong la Monkey Mia, e leng lebōpo le mathōkong a Hloahloa ea Denham. Monkey Mia ke se seng sa libaka tse ’maloa lefatšeng moo li-dolphin li tlang teng kamehla pel’a lebōpo hore li tl’o kopana le batho. Ha ho motho ea tsebang hantle hore na tloaelo ena ea ho kopana le batho e qalile neng.
Ba bang ba bolela hore lilemong tsa bo-1950, li-dolphin tsena li ne li khannela litlhapi karolong e sa tebang ea metsi—’me mokhoa ona o ntse o ka bonoa le kajeno. E ka ’na eaba batho ba sebelisitse boemo bona hore ba fepe li-dolphin ’me ba itloaetse tsona. Lebōpong la Monkey Mia, ka 1964 mosali e mong oa sebakeng seo ea tšoasang litlhapi o ile a akhela tlhapi ho dolphin e tsamaeang e le ’ngoe e neng e ntse e betsa leqhamu pel’a seketsoana sa hae. Dolphin eo, eo batho ba neng ba e bitsa Charlie, e ile ea khutla bosiung bo latelang ’me ea nka tlhapi ka ho toba letsohong la mosali eo. Ka mor’a nakoana, metsoalle e meng ea Charlie ea li-dolphin le eona e ile ea kena mokhoeng ona.
Ho tloha nakong eo, meloko e meraro ea li-dolphin e ’nile ea thabisa baeti ba limilione. Hape li thabisitse litsebi tsa baeloji, tseo tse fetang 100 tsa tsona li tsoang linaheng tse sa tšoaneng, tse entseng lipatlisiso ka liphoofolo tseo, e leng ho etsang hore li-dolphin tsena e be tsona tseo ho entsoeng lipatlisiso ka tsona haholo lefatšeng lohle.
Mehleng ena, hangata li-dolphin le malinyane a tsona, li tla lebōpong la Monkey Mia hoseng. Matšoele a baeti ba thabileng a emela hore li fihle, empa ke ba fokolang ba fumanang monyetla oa ho li fepa. Hobane’ng? Hobane bahlokomeli ba serapa seo ba batla ho tiisa hore liphoofolo tsena ha li phele ka seo batho ba li akhellang sona. Leha ho le joalo, bohle ba teng ba bona hantle se etsahalang. Mosali e mong o ile a khotsa a re: “Ekare batho ba ne ba ka thabela botsoalle bo tjena le libōpuoa tsohle tsa lefatše!”
Bibele e bolela hore takatso e joalo e bonahatsa morero oa Molimo oa pele bakeng sa batho, e leng oa hore liphoofolo tsohle li ikokobelletse batho ka khotso. (Genese 1:28) Haeba u rata liphoofolo, u tla thabela ho tseba hore le hoja sebe se sitisitse morero oa Molimo ka nakoana, empa o tla phethahala ka botlalo ha ’Muso oa Molimo, e leng puso ea leholimo e laoloang ke Jesu Kreste, o busa lefatše.—Matheu 6:9, 10; Tšenolo 11:15.
’Musong oo oa Molimo, lefatše lohle e tla ba sebaka se sireletsehileng se setle ka tlhaho, se nang le lintho tse ngata tse phelang. Haufinyane, mohlomong batho ba etelang libaka tse kang Shark Bay ba tla bona lintho tse hlollang ho feta tseo ba li bonang hona joale.—Pesaleme ea 145:16; Esaia 11:6-9.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mokhatlo oa Machaba a Kopaneng oa Thuto, Saense le Setso o kenya libaka tse ikhethang tsa setso kapa tse ntle ka tlhaho lethathamong la oona la tse nkoang e le Libaka Tsa Bohlokoahali Lefatšeng.
b Le hoja li-dugong li amana le li-manatee, empa mefuta ea tsona ha e tšoane. Li-manatee li na le mohatla o batlang o le chitja, athe li-dugong tsona li na le o chorileng, joaloka oa dolphin.
[Limmapa tse leqepheng la 15]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
AUSTRALIA
SHARK BAY
[Setšoantšo se leqepheng la 16, 17]
Setšoantšo sa lebōpo la Monkey Mia se nkiloeng ho tsoa sefofaneng
[Setšoantšo se leqepheng la 16, 17]
“Dugong” e bonolo, kapa khomo ea leoatle
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
© GBRMPA
[Setšoantšo se leqepheng la 16, 17]
Libaktheria tse libilione li haha lintho tse kang majoe
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
Li-“dolphin” tse hlaha li etela lebōpong la Monkey Mia kamehla
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 15]
© GBRMPA; satellite map: Jeff Schmaltz, MODIS Rapid Response Team, NASA/GSFC
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 17]
All images, except dugong, supplied courtesy Tourism Western Australia