Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 10/09 maq. 18-21
  • Lelapa le Arohaneng—Kamoo Tlhalo e Amang Bacha Kateng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lelapa le Arohaneng—Kamoo Tlhalo e Amang Bacha Kateng
  • Tsoha!—2009
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Maikutlo a Fosahetseng a Hore Tlhalo ke Tharollo e Bonolo
  • Tlhalo le Bacha
  • Ntho e ’Ngoe eo U ka e Etsang
  • Tokisetso ea Molimo
  • Tlhalo E Hlile e na le Bao e ba Hlaselang
    Tsoha!—1991
  • Lintlha Tse ’Nè Tseo le Lokelang ho li Tseba ka Tlhalo
    Tsoha!—2010
  • Tlhalo—Litholoana tsa Eona tse Babang
    Tsoha!—1992
  • Khetho ea ho Hlala
    Tsoha!—1999
Bala Tse Ling
Tsoha!—2009
g 10/09 maq. 18-21

Lelapa le Arohaneng​—Kamoo Tlhalo e Amang Bacha Kateng

LITSEBI li ne li nahana hore li nepile. Li ne li eletsa banyalani ba nang le mathata ka ho re: ‘U lokela ho ameha ka thabo ea hao,’ li bile li phaella ka potlako, li re: ‘U se ke ua tšoenyeha ka bana. Ba amohela lintho habonolo. Ho batla ho le bonolo hore ba amohele tlhalo ho e-na le hore ba lule le batsoali ba babeli ba sa phelisaneng hantle!’

Empa baeletsi ba bang ba kileng ba buella tlhalo, hona joale ba se ba bua se fapaneng. Ba re: ‘Tlhalo ke ntoa. Bohle ba utloa bohloko; ho akarelletsa le bana.’

Maikutlo a Fosahetseng a Hore Tlhalo ke Tharollo e Bonolo

E ka ba tšoantšiso e qabolang thelevisheneng. Ho etsahala’ng ho eona? ’Mè le Ntate baa hlalana. Lekhotla le abela ’Mè hore a lule le bana ’me ka mor’a moo o nyaloa ke ntate e mong ea nang le bana, ea hlokahaletsoeng ke mosali. Beke le beke, lelapa lena le kopa-kopaneng le tobana le mathata a sa tšoaneng—’me ho nka metsotso e 30 feela ho rarolla bothata ka bong ka tsela e tšehisang.

Boemo bona bo hlalositsoeng ka holimo bo ka ’na ba etsa tšoantšiso e qabolang thelevisheneng. Empa ha banyalani ba hlalana, boemo ha bo tšoane le ba tšoantšisong. Ho e-na le hoo, e ba bo utloisang bohloko. Bukeng ea hae e reng Emotional Infidelity, M. Gary Neuman o re: “Ha banyalani ba hlalana, ba isana makhotleng. E mong o qosa e mong. Hang ha u etsa qeto ea ho hlala, u felloa ke matla a ho laola se etsahalang ka ngoana oa hao. U boetse u felloa ke matla a ho laola seo u se etsang ka chelete, mohlomong le a ho ikhethela moo u tla lula teng. Le ka ’na la rarolla mathata a lōna ka khotla, empa a ka ’na a se ke a rarolleha. Qetellong, motho e mong eo u sa mo tsebeng ea bitsoang moahloli a ka ’na a u bolella hore na u tla bona ngoana oa hao ka makhetlo a makae le hore na u tla ipolokela chelete e kae. Ka bomalimabe, moahloli ha a nahane lintho ka tsela e tšoanang le eo uena u li nahanang ka eona.”

Tlhalo e atisa ho rarolla mathata a mang empa e boetse e tlisa a mang. Ha e le hantle, lintho li ka ’na tsa mpefala, ho akarelletsa litokisetso tsa moo u tla lula teng le maemo a hao a lichelete. Tlhalo e boetse e ama bana.

Tlhalo le Bacha

Tlhalo e ka sithabetsa bana, ho sa tsotellehe hore na ba lilemo li kae. Ba bang ba re bacha ba nolofalloa ho amohela tlhalo. Ba bolela hore bacha ba batla ba hōlile tsebong ebile ba se ba ntse ba itokiselletsa ho arohana le batsoali ba bona. Empa bafuputsi ba hlokometse hore seo se boetse se baka bothata. Ba hlokometse hore mabaka ao ke ’ona a etsang hore tlhalo e utloise bacha bohloko le ho feta.a Nahana ka lintlha tse latelang:

◼ Ha bacha ba ntse ba itokisetsa ho ba batho ba baholo, ba ikutloa ba sa sireletseha, mohlomong le ho feta ha e sa le bana. U se ke ua ea le khongoana holimo ha u bona eka ba rata ho itaola—bacha ba hloka motheo o tiileng oa lelapa ho feta leha e le neng pele.

◼ Nakong eo bacha ba hlileng ba ithutang ho theha setsoalle e se e le batho ba baholo, tlhalo e ba ruta hore ba belaelle litšobotsi tsa bohlokoa tse kang ho tšepa batho ba bang, ho tšepahala le ho rata ba bang. Hamorao ha ba se ba hōlile ba ka ’na ba qoba ho ba le likamano tse haufi le ba bang.

◼ Le hoja bana ba lilemo tsohle ba atisa ho etsa lintho tse itseng ha ba utloile bohloko, bacha bona ba ka ’na ba etsa lintho tse kotsi, tse kang ho kopanela liketsong tsa tlōlo ea molao, ho noa ho feta tekano le ho sebelisa lithethefatsi.

Sena ha se bolele hore bacha bao batsoali ba bona ba hlalaneng ba ke ke ba atleha ho theha maqhama a matla a botsoalle. Ba ka atleha, haholo-holo haeba ba e-na le kamano le batsoali ka bobeli.b Empa ke booatla ho nahana joaloka ba bang ba ka ’nang ba re, tlhalo ‘e tla tsoela bana molemo’ kamehla kapa e tla rarolla liqabang tsohle tsa banyalani. Ha e le hantle, ba bang ba fumane hore ka mor’a hore ba hlalane, ba bile ba tlameha ho sebetsana le eena molekane eloa “ea tenang” ho feta pele le hona lintlheng tse bileng li bakang tsitsipano, joaloka ho fana ka chelete ea sapoto kapa hore na ke mang ea tla lula le ngoana. Maemong a joalo, tlhalo ha e rarolle mathata a lelapa; empa e a fetisetsa boemong bo bong.

Ntho e ’Ngoe eo U ka e Etsang

U ka etsa’ng haeba u e-na le mathata lenyalong ’me u nahana ho hlala molekane oa hao? Sehloohong sena ho fanoe ka mabaka a matla a etsang hore motho a boele a nahane ka seo. Tlhalo ha e rarolle mathata ’ohle a lenyalo.

Empa hlokomela: Tharollo hase feela hore u tiisetse lenyalong le bosula. Ho na le ntho e ’ngoe eo u ka e etsang—Haeba u e-na le mathata lenyalong, u ka etsa ho hong ho ntlafatsa lintho. U se ke ua potlakela ho qhelela taba eo ka thōko ka ho re mathata ao le nang le ’ona lenyalong a ke ke a rarolloa. Ipotse lipotso tse latelang:

◼ ‘Ke litšobotsi life tseo qalong li ileng tsa nkhahla ka molekane oa ka? Na o ntse a e-na le tsona ho isa bohōleng bo itseng?’—Liproverbia 31:10, 29.

◼ ‘Na nka tsosolosa lerato leo ke neng ke mo rata ka lona pele re nyalana?’—Sefela sa Lifela 2:2; 4:7.

◼ ‘Ho sa tsotellehe lintho tseo molekane oa ka a li etsang, nka etsa’ng e le hore ke sebelise litlhahiso tse fanoeng leqepheng la 3 ho isa ho la 9 makasineng ee?’—Baroma 12:18.

◼ ‘Na nka hlalosetsa molekane oa ka (re shebane kapa ka lengolo) seo ke lakatsang eka re ka se etsa ho ntlafatsa lenyalo la rōna?’—Jobo 10:1.

◼ ‘Na re ka buisana le motsoalle ea hōlileng tsebong ea ka re thusang hore re ipehele lipakane tseo re ka li finyellang e le hore re ntlafatse lenyalo la rōna?’—Liproverbia 27:17.

Bibele e re: “Ea masene o nahana ka mehato ea hae.” (Liproverbia 14:15) Molao-motheo ona ha o sebetse feela ha motho a khetha molekane empa o boetse oa sebetsa le ha a nahana ka seo a tlang ho se etsa ka mathata a teng lenyalong. Ha e le hantle, joalokaha ho bontšitsoe leqepheng la 9 la makasine ena, malapa a atlehang le ’ona a na le mathata—se etsang phapang ke tsela eo a a rarollang ka eona.

Ka mohlala: A re nke hore u qala leeto le lelelele ka koloi. Ha ho pelaelo hore ha u le tseleng u tla tobana le mathata, a akarelletsang boemo bo bobe ba leholimo, tšubuhlellano ea likoloi le ho emisoa tseleng. Ha u le kae-kae, u ka ’na ua lahleha. U tla etsa’ng? Na u tla khutlela morao kapa u tla batla tsela ea ho rarolla mathata ao ’me u tsoele pele? Letsatsing la lōna la lenyalo, le ile la qalisa leeto leo ho seng pelaelo hore le tla tobana le mathata a itseng ho lona, kaha Bibele e re “ba kenang lenyalong ba tla ba le matšoenyeho le mesarelo.” (1 Bakorinthe 7:28, The New English Bible) Taba hase hore na mathata a tla ba teng kapa che empa ke hore na le tla sebetsana le ’ona joang. Na le ka fumana tsela ea ho a rarolla ’me la tsoela pele? Esita le haeba le nahana hore mathata ao le nang le ’ona lenyalong a ke ke a rarolloa, na le tla leka ho kōpa thuso?—Jakobo 5:14.

Tokisetso ea Molimo

Lenyalo ke tokisetso e entsoeng ke Molimo ’me ha le ea lokela ho nkoa habobebe. (Genese 2:24) Ha ho bonahala eka le na le mathata a ke keng a rarolloa, hopolang lintlha tse tšohliloeng sehloohong sena.

1. Lekang ho tsosolosa lerato leo le neng le e-na le lona pele.—Sefela sa Lifela 8:6.

2. Etsang qeto ea seo le ka se etsang ho ntlafatsa lenyalo la lōna, ’me le se etse.—Jakobo 1:22.

3. Bolella molekane oa hao ka ho hlaka empa e le ka tsela e nang le tlhompho—ebang u bua le eena le shebane kapa ua mo ngolla—lintho tseo u nahanang hore le lokela ho li ntlafatsa lenyalong la lōna.—Jobo 7:11.

4. Kōpang thuso. Ha ho hlokahale hore le rarolle mathata a lōna a lenyalo le le bang!

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Sehlooho sena se bua ka bacha ka ho khetheha, empa tlhalo e boetse e ama le bana ba banyenyane. Ho fumana boitsebiso bo eketsehileng, sheba Tsoha! ea December 8, 1997, leqepheng la 21-30, le ea May 8, 1991, leqepheng la 19-27.

b Ke ’nete hore maemong a mang seo ha se khonehe, haholo-holo haeba motsoali e mong a lahlile lelapa kapa a bontša ka ho hlaka hore ha a na boikarabelo kapa a bile a le kotsi.—1 Timothea 5:8.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 19]

‘KE TLA ATLEHA LEKHETLONG LENA!’

Liphuputso li bontša hore batho ba kenang lenyalong la bobeli ba atisa ho hlōleha ho feta ba lenyalong la pele, ’me ba kenang lenyalong la boraro ba hlōleha le ho feta. Bukeng ea hae e reng Emotional Infidelity, M. Gary Neuman o hlalosa lebaka la sena. O re: “Haeba u e-na le mathata lenyalong la pele, hase hobane u khethile molekane ea fosahetseng. Bothata bo ho uena. U ratile motho enoa. Ke lōna le le babeli ba entseng hore le be boemong bona.” Neuman o etsa qeto efe? O re: “Ho molemo hore u rarolle bothata ’me u boloke molekane oa hao, ho e-na le hore u lahle molekane oa hao ebe u sala le bothata.”

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 21]

HAEBA LENYALO LE QHALANA

Bibele ea lumela hore ho na le maemo a itseng a ka ’nang a etsa hore banyalani ba hlalane.c Haeba seo se etsahala lenyalong la lōna, le ka etsa’ng ho thusa bana ba lōna ba lilemong tsa bocha hore ba sebetsane le boemo boo?

Bolellang ngoana oa lōna ea lilemong tsa bocha hore na ho etsahala’ng. Haeba ho khoneha, batsoali ka bobeli ba lokela ho mo bolella. Ka bobeli, mo bolelleng hore le se le entse qeto ea ho hlalana. Mo tiisetseng hore hase molato oa hae ha le hlalana le hore le tla tsoela pele le mo rata ka bobeli ba lōna.

Khaotsang ho loana. Batsoali ba bang ba tsoela pele ho loana le ha e se e le khale ba hlalane. E ba bao setsebi se seng se ba hlalosang ka hore, “ba hlalane ka molao empa ba ntse ba tsoela pele ho loana ’me ha ba khone ho etsa tumellano ea khotso.” Sena se arola bana le batsoali—kaha ’Mè le Ntate ba lula ba loana—’me se boetse se ba khothalletsa hore ba qabanye batsoali e le hore ba fumane lintho tseo ba li batlang. Ka mohlala, mora a ka ’na a re ho ’mè: “Ntate eena o ntumella hore ke khutle bosiu ka nako eo ke e ratang. Ke hobane’ng ha uena u nkhanela?” Moo ’Mè a sa batleng ha mora a oela ka “lehlakoreng la sera,” oa mo lumella.

Fang ngoana oa lōna ea lilemong tsa bocha monyetla oa hore a bue. Bacha ba ka ’na ba nahana hore, ‘Haeba batsoali ba ka ba khaolitse ho ratana, ba ka ’na ba khaotsa ho nthata’ kapa ‘Haeba batsoali ba ka ba sa latele melao, ke hobane’ng ha ’na ke lokela ho e latela?’ E le hore le kokobetse seo a se tšabang ’me le lokise monahano oa hae o fosahetseng, mo feng nako e ngata ea hore a bue. Empa temoso ke ena: Le se ke la mo jarisa boikarabelo boo e seng ba hae ’me la batla hore e be eena ea le khothatsang. E ntse e le ngoana, hase motho eo le ka mo tšepelang makunutu a lōna.

Khothalletsa ngoana oa hao hore a be le kamano e haufi le molekane eo u hlalaneng le eena. U hlalane le molekane oa hao empa e ntse e le motsoali oa ngoana oa lōna. Ho mo bua hampe ho kotsi. Buka ea Teens in Turmoil—A Path to Change for Parents, Adolescents, and Their Families e re: “Haeba batsoali ba khetha ho sebelisa bana e le libetsa ntoeng ea ha ba hlalana, ba lebelle ho kotula litholoana tsa seo ba se jetseng.”

Itlhokomele. Ka linako tse ling, u tla ikutloa u sithabetse. Empa u se ke ua tela. Itlhokomele ’meleng. Haeba u Mokreste, lula u tšoarehile ka lintho tsa moea. Ho etsa seo ho tla u thusa hore u lule u tiile moeeng hammoho le ngoana oa hao.—Pesaleme ea 18:2; Matheu 28:19, 20; Baheberu 10:24, 25.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

c Ho ea ka Bibele, lebaka feela le amohelehang leo motho a ka hlalang ka lona a ba a ba le monyetla o mong oa hore a kene lenyalong, ke haeba molekane e mong a kopanetse liphate le motho eo a sa nyalanang le eena. (Matheu 19:9) Haeba molekane e mong a sa tšepahale, molekane ea se nang molato—eseng ba lelapa kapa batho ba bang—ke eena ea tla etsa qeto ea hore na ho molemo hore a mo hlale kapa che.—Bagalata 6:5.

[Setšoantšo se leqepheng la 20]

Sebeletsang ho phetha likano tsa lōna tsa lenyalo tseo le li entseng ka letsatsi la lechato

[Setšoantšo se leqepheng la 21]

Haeba ka bobeli le abetsoe hore le lule le ngoana, khothalletsa mocha hore a be le kamano e ntle le molekane eo u hlalaneng le eena

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela