Batsoali ba Hlekefetsang—Bahatelli ba ka Sehloohong
“Ka lebaka la hobane [bana] ba e-na le tsebo e seng kae ka se etsahalang ka ntle ho lelapa, lintho tseo ba ithutang tsona ka bona ka bobona le batho ba bang lapeng li fetoha linnete tse etsahalang hohle tse ke keng tsa hlakoha likelellong tsa bona.”—Dr. Susan Forward.
’MŌPI oa lipitsa a ka nka letsopa le lengata le se nang sebōpeho, a tšela metsi a lekaneng, ’me a bōpa sejana se setle. Ka ho tšoanang, batsoali ba bōpa tsela eo ngoana a italimang ka eona esita le eo a talimang lefatše ka eona. Ka lerato, tataiso le taeo, ngoana e-ba motho e moholo ea nang le botsitso.
Leha ho le joalo, hangata likhopolo tse leng kelellong ea ngoana le pelong ea hae li hōlisitsoe ke batsoali ba bahatelli. Ho hlekefetsoa maikutlong, ’meleng le ka likamano tsa botona le botšehali ho bōpa monahano o fosahetseng o tiileng oo ho leng thata ho o felisa.
Ho Hlekefetsoa Maikutlong
Mantsoe a ka otla habohloko ho feta lifeisi. Jason o re: “Ha ke hopole letsatsi leo [’mè oa ka] a sa kang mpolella hore o lakatsa eka nka be ke sa ka ka tsoaloa.” Karen oa hopola: “Ka mehla ke ne ke bolelloa hore ke mobe le hore ha kea loka.”
Hangata bana ba lumela se boleloang khahlanong le bona. Haeba nako le nako moshemane a bolelloa hore ke sethoto, qetellong a ka ’na a ikutloa e hlile e le sethoto. Bolella ngoanana hore ha a na thuso, ’me mohlomong a ka ’na a hla a lumela seo. Bana ba na le pono e lekanyelitsoeng ’me hangata ha ba tsebe ho khetholla ntho e nepahetseng ho e fetelelitsoeng kapa ea bohata.
Ho Hlekefetsoa ’Meleng
Joe o hopola ntat’ae ea neng a mo hlekefetsa ’meleng: “O ne a qala ka ho nkotla ka litebele ho fihlela ke itšetleha ka lebota. O ne a tsoela pele ho nkotla ka matla ho fihlela ke tsekela . . . Ntho e neng e tšosa ka ho fetisisa ke ho se tsebe hore na ke eng se qholotsang khalefo ea hae!”
Nako le nako ntat’a Jake o ne a mo otla. Ka nako e ’ngoe ha a ntse a mo otla, ha Jake a le lilemo li tšeletseng, o ile a robeha letsoho. Jake oa hopola: “Ke ne ke sa batle hore eena kapa likhaitseli tsa ka kapa ’Mè ba mpone ke lla. Ke sona feela seriti seo ke neng ke na le sona.”
Buka Strong at the Broken Places e hlokomela hore ho hlekefetsoa ha bana ’meleng bonyenyaneng ho tšoana le “ho ameha kotsing ea koloi letsatsi le leng le le leng, beke e ’ngoe le e ’ngoe kapa khoeli e ’ngoe le e ’ngoe.” Ho hlekefetsoa ho joalo ho ruta ngoana hore lefatše ke sebaka se sa sireletsehang le hore ha ho motho ea ka tšeptjoang. Ho phaella moo, hangata pefo e tsoala pefo. Makasine oa Time oa hlokomelisa: “Haeba bana ba sa sireletsoe ho batho ba ba hlekefetsang, joale, ka letsatsi le leng sechaba se tla lokela ho sireletsoa baneng.”
Ho Hlekefetsoa ka Likamano tsa Botona le Botšehali
Ho latela khakanyo e ’ngoe, ngoanana a le mong ho ba bararo le moshemane a le mong ho ba supileng ba ile ba qobelloa ho ba le likamano tsa botona le botšehali ha ba le lilemo li 18. Bongata ba bana bana bo ile ba shoa le mantsoe. Buka The Child in Crisis ea hlokomela: “Joaloka masole ao ho sa tsejoeng moo a leng teng kamor’a ntoa ’me ho ke ke ha tiisoa hore a shoele, bana ba hlekefelitsoeng le bona ba sala ba lahlehile ka lilemo tse ngata moferong oa tšabo le ho ikutloa ba le molato.”
Louise o re: “Ke ne ke hloile ntate oa ka haholo ka lebaka la ho ntlhekefetsa ’me ke ne ke ikutloa ke le molato haholo ka lebaka la ho mo hloea. Ke ne ke hlajoa ke lihlong hobane ngoana o tlameha ho rata batsoali ba hae ’me ka linako tsohle ke ne ke sa ba rate.” Maikutlo a makatsang joalo a hlile aa utloahala ha mosireletsi ea ka sehloohong oa ngoana a fetoha mohlohleletsi. Bukeng The Right to Innocence Beverly Engel oa botsa: “Ke joang re ka lumelang hore motsoali oa rōna, motho ea neng a tlameha ho re rata le ho re hlokomela, a ka re tsotella ka ho fokolang hakaale?”
Ho hlekefetsoa ka likamano tsa botona le botšehali ho ka fetola pono eohle ea ngoana ka bophelo. Dr. Susan Forward oa ngola: “Motho e mong le mong e moholo ea ileng a hlekefetsoa ha e sa le ngoana ho tloha bonyenyaneng o hōlisa maikutlo a ho ba motho ea sa fellang ka ho hlokang tšepo, ea se nang thuso, le e mobe haholo.”
Sena ha se Tlohe
Mofuputsi Linda T. Sanford oa ngola: “Hase ’mele oa ngoana feela o hlekefetsoang kapa o hlokomolohuoang. Malapa a tšoenyehileng a hlekefetsa kelello ea ngoana.” Ha ngoana a hlekefetsoa, ebang ke maikutlong, ’meleng, kapa ka likamano tsa botona le botšehali, a ka hōla a na le boikutlo ba ho se ratoe le ho se be le thuso.
Jason ea boletsoeng pejana le eena o bile le maikutlo a joalo a ho ikhalala ha e se e le motho e moholo hoo a ileng a leka ho ipolaea. Le hoja ka ho sa hlokahaleng a ile a ipeha maemong a kotsi, o ile a nka bophelo ba hae joalokaha ’mè oa hae a ne a mo rutile: ‘Hoja ebe ha ua ka ua tsoaloa.’
Joe ha a ntse a nahana ka liphello tsa ho hlekefetsoa ’meleng ha e sa le ngoana o re: “Liphello tsa ho hlekefetsoa ha li felisoe ke ho tloha lapeng kapa ho kena lenyalong. Ka linako tsohle ho na le ntho eo ke lulang ke e tšohile, ’me ke itlhoile hobane ke tšohile.” Khatello ea lelapa le hlekefetsang ’meleng e etsa hore bana ba bangata ba hōle ba e-na le litebello tse fosahetseng tsa ho tšoaroa hampe le khopolo ea ho itšireletsa ka matla e kenyang litlamong ho e-na le ho ba e sireletsang.
Ho Connie, ho kopanela likobo le mong ka eena ea haufi ho ile ha mo neha setšoantšo sa botho ba hae se khopameng se ileng sa lula se le teng leha a se a le moholo: “Ka linako tsohle ke ntse ke nahana hore batho ba bona ka hare ho ’na le kamoo ke nyonyehang ka teng.”
Mefuta eohle ea ho hlekefetsa e ka ruta thuto e kotsi e ka lulang ka ho tebileng lilemong tsa bocha. Ke ’nete, seo motho a ithutang sona se ka tlosoa kelellong. Ba bangata ba ileng ba pholoha tlhekefetso e joalo ea bonyenyaneng ba ka paka ’nete eo. Empa e ka ba ho molemo hakaakang haeba batsoali ba hlokomela hore ho tloha ha ngoana oa bona a hlaha, ba bōpa tsela eo a tla italima ka eona le eo a tla talima lefatše ka eona. Boiketlo ba ngoana ba ’mele le ba maikutlo bo hlile bo matsohong a batsoali ba hae.
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Mantsoe a ka otla habohloko ho feta lifeisi