Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g93 8/8 maq. 21-22
  • Batho ba Banyenyane, Khatello e Khōlō

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Batho ba Banyenyane, Khatello e Khōlō
  • Tsoha!—1993
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Koetlisa Ngoana oa Hao ho Tloha Boseeng
    Lekunutu la Thabo ea Lelapa
  • Mathata a Mangata a Tobaneng le Batsoali ba se Nang Balekane
    Tsoha!—2002
  • Linotlolo Tse Lebisang Thutong E Ntle
    Tsoha!—1996
  • Thusang Bana Ba Lōna ho Sebetsana le Khatello ka Katleho
    Tsoha!—1993
Bala Tse Ling
Tsoha!—1993
g93 8/8 maq. 21-22

Batho ba Banyenyane, Khatello e Khōlō

“Ka sebele, mesarelo ea bana e fokola haholo, empa ha e le hantle, ea fokolang ke ngoana.”—Percy Bysshe Shelley.

TALIMA setšoantšo sa katiba se leng mona ka tlaase. Ha u habanya ka mahlo feela ho bonahala bophahamo ba katiba bo feta bophara ba bokaholimo ba eona. Leha ho le joalo, bophahamo le bophara lia lekana. Litekanyo li ka lekanyetsoa ka ho fosahetseng.

Ho bonolo hore batho ba baholo ba lekanyetse khatello ea ngoana ka ho fosahetseng. Ba bang ba beha lebaka lena: ‘Mathata a bana a fokola haholo.’ Empa monahano o tjena hase ’nete. Buka Childstress! ea hlokomelisa: “Batho ba baholo ha baa lokela ho lekanyetsa mathata ka boholo ba oona, empa ba lokela ho a lekanyetsa ka boholo ba bohloko boo a bo hlahisang.”

Maemong a mangata tekanyo ea bohloko ba ngoana e khōloanyane ho feta kamoo batho ba baholo ba hlokomelang ka teng. Sena se ile sa tiisoa ke phuputso eo ho eona batsoali ba ileng ba kōptjoa ho lekanyetsa boemo ba boikutlo ba bana ba bona. Hoo e ka bang kaofela ba ile ba arabela ka hore bana ba bona ba “thabile haholo.” Leha ho le joalo, ha bana ba botsoa moo batsoali ba bona ba leng sieo, bana ba bangata ba itlhalositse e le ba “sa thabang” esita le ba “hlomohileng.” Bana ba talimane le tšabo eo batsoali ba hlileng ba e khellang fatše haholo.

Phuputsong e ’ngoe, e entsoeng ke Dr. Kaoru Yamamoto, sehlopha sa bana se ile sa kōptjoa ho lekanyetsa liketsahalo tsa bophelo tse 20 sekaleng sa khatello se nang le mehato e supileng. Joale sehlopha sa batho ba baholo se ile sa lekanyetsa liketsahalo tsona tseo ho latela kamoo ba ikutloang hore ngoana o tla li lekanyetsa ka teng. Batho ba baholo ba ile ba lekanyetsa liketsahalo tse 16 ho tse 20 ka ho fosahetseng! Dr. Yamamoto oa phetha: “Kaofela ha rōna re nahana hore re tseba bana ba rōna, empa hangata ha e le hantle, ha re bone kapa hona ho utloa, kapa ho utloisisa se hlileng se ba tšoenyang.”

Batsoali ba lokela ho ithuta ho talima liphihlelo tsa bophelo ka pono e ncha: ka tsela eo ngoana a li bonang ka eona. (Bona lebokose.) Sena ke sa bohlokoa ka ho khethehileng kajeno. Bibele e boletse esale pele hore “mehleng ea qetello ho tla ba le linako tse kotsi tsa khatello e khōlō . . . tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona le ho li mamella.” (2 Timothea 3:1, The Amplified Bible) Bana hase mekhelo khatellong e joalo; hangata ke bona bahlaseluoa ba ka sehloohong ba eona. Le hoja likhatello tsa bana ba bang e mpa e le se ba etsahallang ka lebaka la “litakatso tsa bocha” tse ling ke tse sa tloaelehang ’me li hloka tlhokomelo e khethehileng.—2 Timothea 2:22.

[Lebokose le leqepheng la 22]

Ho Bona Lintho ka Tsela eo Ngoana a li Bonang ka Eona Lefu la Motsoali = Ho Ikutloa Molato. Ha ngoana a hopola lintho tse halefisang ka nakoana ka motsoali, a ka koetla maikutlo a patiloeng a hore oa ikarabella bakeng sa lefu la motsoali oa hae.

Tlhalo = Ho Lahloa. Tsela eo ngoana a nahanang ka eona e mo bolella hore haeba batsoali ba khaotsa ho ratana, le eena ba ka ’na ba khaotsa ho mo rata.

Bokhoba ba Tahi = Khatello. Claudia Black oa ngola: “Tikoloho ea letsatsi le letsatsi ea tšabo, ho lahloa, ho latoloa, ho hloka botsitso le pefo ea sebele kapa e ka etsahalang tse khothaletsoang lelapeng la lekhoba la tahi hase tikoloho e loketseng, e molemo.”

Ntoa ea Batsoali = Tšabo. Phuputso ea liithuti tse 24 e senotse hore lintoa tsa batsoali li tšoenya haholo hoo li ka bakang ho hlatsa, ho honyela ha mesifa ea sefahleho, ho hlotheha ha moriri, ho theoha ha boima ba ’mele kapa ho nona esita le ulcer ke lintho tseo bana ba bang le tsona.

Ho Finyella Lintho tse Ngata = Ho Ferekana. Mary Susan Miller oa ngola: “Hohle moo bana ba retelehelang teng, ho bonahala ba ameha tlhōlisanong e sa feleng eo ba e hlophiselitsoeng ke batho ba baholo.” Ka baka la ho qobelloa hore ba sebetse ka bokhabane sekolong, lapeng esita le lipapaling, ha ho mohla ngoana a hlōlang, ha ho mohla tlhōlisano ena e khaotsang.

Ngoana ea sa Tsoa Hlaha = Tahlehelo. Joale ka lebaka la ho arolelana tlhokomelo le lerato la motsoali, ngoana a ka ikutloa hore o lahlehetsoe ke motsoali ho e-na le ho ba le ngoan’abo.

Sekolo = Matšoenyeho a Karohano. Ho Amy, ho siea ’mè oa hae le ho ea sekolong ho ne ho le bohloko ka ho feteletseng ebile ho nyahamisa.

Liphoso = Ho Tlontloloha. Dr. Ann Epstein o re ka baka la boikutlo bo fokolang, bana ba “na le tšekamelo ea ho talima lintho tse ling e le mathata a tebileng haholo ho feta kamoo li hlileng li leng ka teng.” O fumane hore ho tlontloloha e ne e le sona sesosa se seholo se susumetsang ngoana hore a ipolaee.

Mefokolo = Ho Ferekana. Ntle le ho songoa ke lithaka tse hlokang kutloelo-bohloko, ngoana ea holofetseng ’meleng kapa kelellong mohlomong a ka lokela ho mamella matichere a hlokang mamello hammoho le litho tsa lelapa tse bolelang hore li soabetse seo a ke keng a se fetola.

[Setšoantšo se leqepheng la 21]

Katiba ea boholo-holo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela