Seoa sa Bana ba Leng Tlas’a Khatello
“RANDY!” Rita o ile a hoeletsa a tšositsoe ke seo a se bonang a sa le hōjana ha a atamela hae. Mor’a hae Randy, o ne a leketlile fensetereng ea kamore ea ho robala e leng mokatong o ka holimo-limo oo bophahamo ba oona e ka bang limithara tse robeli ka olim’a lebala la konkreiti. Ka tlung, Larry o ile a utloa seboko sa mosali oa hae se bontšang tšabo ’me o ile a nka bohato hang-hang. Ha a nyolosa methating, o ile a itšohlometsa ka kamoreng ea ho robala a tšoara Randy ’me a mo hulela ka hare ka mokhoa o sireletsehileng. Batsoali ba Randy ba ne ba batla likarabo hang-hang. Ka ho se lumele ba ile ba botsa: “Ke hobane’ng ha u entse joalo? Hobane’ng? Mohlomong u ka be u tsoile kotsi; kapa u shoele!” Ka ho iphapanya Randy o ile a araba: “Ke ne ke batla ho shoa.” Randy o ne a le lilemo li hlano feela.
PONAHALONG ea ka ntle feela, Randy e ne e le moshemane ea feletseng, ea phetseng hantle. Ha ho motho ea neng a belaela hore o ne a batla ho shoa. Leha ho le joalo, tlhahlobo e ileng ea latela e ile ea senola hore Randy e ne e le ngoana ea leng tlas’a khatello e matla ka ho fetisisa.
Joaloka Randy, kajeno bana ba bangata ke bahlaseluoa ba pherekano e khōlō. Ka lebaka la ho hlōleha ho fumana litsela tse molemo tsa ho sebetsana le khatello eo ba leng tlas’a eona, ba bang ka ho se nang molemo ba leka ho hatella matšoenyeho a bona. Empa maikutlo a hateletsoeng qetellong aa hlahella. Ho ba bang, matšoenyeho ao ho ke keng ha buisanoa ka oona a fella ka ho kula ’meleng kapa boitšoaro ba botlokotsebe. Ho ba bang, khatello e ntšoa ka liketso tse kotsi tse akareletsang ho intša kotsi, bothata ba ho ja, tšebeliso e mpe ea tahi le lithethefatsi esita le ho ipolaea. The Child in Crisis ea hlokomela: “Bongata ba mathata ana—haholo-holo ho ipolaea—ka nako e ’ngoe a ne a utloisisoa e le mathata a tšoenyang batho ba baholo le bacha ba hōlileng feela. Hona joale a bonahala butle-butle a akareletsa le bana.”
Batho ba baholo ka ho makala baa botsa: ‘Sena se ka etsahala joang? Na nako ea bongoana hase ea lintho tse bapalisang bana le ea ho bapala, nako ea monate le monyaka?’ Ho bana ba bangata karabo ke che. Dr. Julius Segal o re: “Ho bolela hore bongoana ke nako ea menyaka ke tšōmo e iqapeloang ke batho ba baholo.” ’Nete ena e bohloko e tiisitsoe ke ngaka ea bana Joseph Lupo: “Ke bile ngaka ka lilemo tse 25. Kajeno palo ea bana ba leng tlas’a khatello e mena ea bakuli bao e leng bacha ka makhetlo a mane.”
Ke eng se bakang khatello e kaale baneng? Matšoao a lemosang ke afe? Bana ba leng tlas’a khatello ba ka thusoa joang? Lipotso tsena li tla arabeloa lihloohong tse latelang.