Boitšoaro bo Lebile Kae?
KA MAKHOLO a lilemo ho ne ho se pelaelo ea hore Bibele ke tekanyetso ea boitšoaro linaheng tse ngata. Le hoja e se batho bohle ba neng ba phela tumellanong le melao-motheo ea eona e phahameng, Bibele e ile ea neha sechaba se neng se e hlokomela puo e tšoanang ea boitšoaro, tekanyo ea ho lekanyetsa boitšoaro. Empa Joseph O’Hare, mopresidente oa univesithi ea Majesutu o ile a re: “Re bile le sehlopha sa litekanyetso tsa moetlo tse ileng tsa belaelloa ’me tsa fumanoa li sa khotsofatse kapa li se li siiloe ke nako. Hona joale ho hang ha ho bonahale ho na le matšoao leha e le afe a boitšoaro.”
Ke’ng se ileng sa etsa hore melao-motheo ea Bibele mabapi le boitšoaro e se hlole e ratoa? Lebaka le leng le matla ke ho amoheloa ho akaretsang ha khopolo ea ho iphetola ha lintho. Buka American Values: Opposing Viewpoints e re: “Tsoelo-peleng eohle e tsejoang, batho ba ne ba lumela mantsoeng a mabeli: se bonahalang, le se sa bonahaleng. . . . Lefatše le sa bonahaleng le ile la fana ka motheo bakeng sa morero le tekanyetso . . . E ne e le mohloli oa ho atamelana ha sechaba sa bona. Leha ho le joalo, hoo e ka bang bohareng ba lekholo le fetileng la lilemo, batho ba ile ba qala ho bolelloa hore ha ho lefatše le sa bonahaleng. Ha le eo ebile ha lea ka la ba teng le ka mohla.” Haholo-holo ho tloha ka nako eo ho ea pele, Bibele le boitšoaro ba eona li ile tsa hlaseloa ka tsela eo li neng li e-s’o hlaseloe ka eona pele. Seo ho thoeng ke bahlahlobisisi ba Bibele ka sepheo sa ho fumana liphoso le ho hatisoa ha Origin of Species ea Darwin li ne li le har’a litlhaselo tsena tsa filosofi.a
Kahoo ho iphetola ha lintho ho ile ha theola matla a Bibele ka likelellong tsa ba bangata. Joalokaha sehlooho se leng ho Harvard Magazine se ile sa bolela, Bibele e ne e bonoa e le feela “pale e ratoang.” Phello boitšoarong e bile e senyang. Khopolo ea ho iphetola ha lintho e ile ea fetoha seo rasaense ea tsebahalang Fred Hoyle a ileng a se bitsa “lengolo la tumello bakeng sa mofuta leha e le ofe oa boitšoaro ba ho nka menyetla.”
Ho hlakile hore khopolo ea ho iphetola ha lintho ke feela karolo ea boemo. Lintoa tse peli tsa lefatše li ile tsa susumetsa pherekano haholoanyane bolumeling. Phetoho e khōlo ea moruo e ile ea tlisa liphetoho tse khōlō sechabeng—le boitšoarong. Ho feta moo, keketseho e potlakileng ea mecha ea puisano e fihlang ho batho ba bangata e entse hore ho be bonolo ho pepesetsa batho boitšoaro bo bolileng ho isa tekanyong e khōlō.
Na Lintho Tsohle Lia Amana?
Joale ha ho makatse hore ebe batho ha ba na tsamaiso e itseng ea boitšoaro. Ba lahlehile joaloka sekepe se se nang sesebelisoa se se laolang. Ka mohlala, ba bangata ba ea le maikutlo a leng teng a relativism ea boitšoaro, e leng pono ea hore “linnete tsa se amohelehang boitšoarong li itšetlehile ka batho ka bomong le lihlopha tse li lumelang.” Ho latela filosofi ena, ha ho na batho ba itšoereng ka tsela e phethahetseng—lintho tsohle lia amana. Batho ba lumelang ho relativism ea boitšoaro baa tiisa: ‘Se fosahetseng ho uena se ka ’na sa nepahala ho motho e mong osele.’ Ka baka la k’hamphase ea boitšoaro ba bona e supang ’nģeng efe le efe, ba potlakela ho lokafatsa hoo e ka bang mofuta o mong le o mong oa boitšoaro joaloka o nepahetseng.
Kahoo, ketso eo pele e neng e ka hlalosoa e le ea “sebe” kapa e “fosahetse” hona joale e mpa e le “bothoto.” Ho ka ’na ha boleloa hore ketso eo e “manyala” empa e sa nyatsoe joaloka ea “boitšoaro bo bobe.” Re hopola nakong ea moprofeta oa boholo-holo Esaia ha ho ne ho na le ba “bitsang bobe botle, le botle ba bo bitsa bobe; ba etsang lefifi leseli, le leseli ba le etsa lefifi.”—Esaia 5:20.
Molato oa Fetisoa
Tšekamelo e ’ngoe ea boitšoaro ke ho jarisa motho e mong molato. Adama o ile a jarisa Eva molato, ’me Eva le eena a jarisa noha molato. Batlōli ba molao ba kajeno ka ho tšoanang ba bapala papali ea ho qoba boikarabelo, ’me hangata ba thusoa ho etsa sena ke mafapha a molao le a phekolo ea lefu la kelello. Sehlooho se leng ho U.S.News & World Report se khalemela sehlopha sa baphekoli ba lefu la kelello bakeng sa ho “qapa mafu a macha a bontšang hore batlōli ba molao ke bahlaseluoa ba se nang thuso.” Ka mohlala, ho boleloa hore Mokhatlo oa Lingaka tsa Amerika tsa Lefu la Kelello o ile oa hlokomela ka ho tebileng taba ea ho bitsa batho ba betang bahlaseluoa ba lefu leo ka bohata ho thoeng ke “paraphilic rapism.” Ba bang ba ile ba ikutloa hore sena se tšoana le lengolo la tumello ea ho beta ntle ho kotlo. “Basali ba ile ba hanyetsa sena ka matla hoo kapele ho ileng ha fumaneha hore peto ho hang hase lefu.”
Sena hase ho latola ’nete e totobetseng ea hore kotsi ea bongoaneng e ka ba le phello e mpe ho motho ha a se a le moholo. Empa ke phoso ho bolela hore kotsi ea bongoaneng ke phephi bakeng sa boitšoaro bo mabifi kapa bo hlephileng ha motho a se a le moholo.
Bacha—Ha ba na K’hamphase ea Boitšoaro
Pherekano ea lefatše ea boitšoaro e ile ea siea tšusumetso ea eona haholo-holo ho bacha ba susumetsehang. Mofuputsi Robert Coles oa Univesithi ea Harvard o ile a fumana hore ha ho likhopolo tsa motheo tse tataisang boitšoaro ba bana ba Maamerika. Ba tataisoa ke lik’hamphase tse sa tšoaneng le kahlolo ea se nepahetseng le se fosahetseng. Hoo e ka bang karolo ea 60 lekholong ea sehlopha sa bacha ba leng lilemong tsa sekolo ba ileng ba botsoa e ile ea bolela hore e tataisoa ke se etsang hore ba ’ne ba atlehe kapa se ba etsang hore ba ikutloe hamonate.
Ka linako tse ling likolo li tlatsetsa pherekanong e joalo ea boitšoaro. Nahana ka lenaneo le susumetsang le bitsoang “tlhakiso ea litekanyetso,” le hlophisitsoeng lilemong tse seng kae tse fetileng likolong tsa United States. Lithuto tsa lona tsa motheo ke life? Bana ba lokela ho ba le bolokolohi ba ho ikhethela litekanyetso tsa bona tsa boitšoaro.
Ho hloka boitšoaro ha maikutlo a joalo ho bonahala phihlelong ea seithuti sa sekolo sa Motse oa New York se ileng sa etsa qeto ea ho fana ka sepache seo se ileng sa se fumana se tšetse R3 000. Liithuti-’moho le sona li ile tsa itšoara joang ka tlelaseng ea litekanyetso tsa boitšoaro? O ile a tlokoa le ho khalemeloa bakeng sa ho etsa seo! Ho hobe le ho feta, ha ho tichere leha e le ’ngoe kapa ea leng boholong sekolong ea ileng a rorisa boitšoaro ba hae bo tšepahalang. Tichere e ’ngoe e ile ea lokafatsa ho se rorise seithuti sena ka ho re: “Ha ke nka lehlakore le khethehileng tabeng ea se nepahetseng le se fosahetseng, joale ho bolela hore ha ke ba fe khetho joalokaha moeletsi a lokela ho etsa.”
Na Likereke li ka Felisa ho Hlepha ha Boitšoaro?
Ha ho makatse hore ebe boemo ba lefatše ba boitšoaro bo soabisang bo sitisitse tsoelo-pele. Hona joale ba bangata ba etsa mohoo oa pelaelo bakeng sa ho khutlela litekanyetsong tsa meetlo, oo ho batho ba bang o bolelang ho khutlela bolumeling. Leha ho le joalo, likereke li na le tlaleho e mpe tabeng ea ho fana ka tataiso ea boitšoaro. Seboka se Akaretsang sa Kereke ea Presbitheri (U.S.) se ile sa lumela: “Re tobane le tlokotsi e mpe tekanyong le liphellong tsa eona.” Boleng ba tlokotsi ee ke bofe? “Lipakeng tsa karolo ea 10 le ea 23 lekholong ea baruti sechabeng sohle e kopanetse likamano tsa botona le botšehali kapa e kopanetse likobo le litho tsa kereke, bareki, le basebetsi, joalo-joalo.”
Kahoo ho na le pherekano e akaretsang bolumeling. Mopresidente oa Lekhotla la Khoebo le Liindasteri la United States o ile a akaretsa taba ha a re: “Litsi tsa bolumeli li hlōlehile ho phatlalatsa litekanyetso tsa tsona tsa histori, ’me maemong a mangata, e bile karolo ea bothata ba [boitšoaro], bo khothaletsang thuto ea bolumeli ea tokoloho le likhopolo tseo e seng tsa molao ka boitšoaro ba batho.”
Joale ho hlakile hore letsoalo la motho le sa koetlisoang ha lea lekana bakeng sa ho tataisa moloko oa batho. Boitšoaro ba kajeno bo khutlela ho oeng ha boitšoaro. Re hloka tataiso e tsoang ho e mong ea re phahametseng.—Bapisa le Liproverbia 14:12; Jeremia 10:23.
Tataiso e joalo e teng. Ea fumaneha ho bohle ba e batlang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bopaki bo kholisang tumellanong le pōpo bo fanoe bukeng ea Life—How Did It Get Here? By Evolution or by Creation?, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 5]
Tumelo khopolong ea ho iphetola ha lintho e entse hore boitšoaro bo theiloeng Bibeleng bo se ke ba hlola bo ratoa
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 6]
‘Lipakeng tsa karolo ea 10 le ea 23 lekholong ea baruti e kopanetse likobo le litho tsa kereke, bareki, basebetsi, joalo-joalo’
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Baruti ba ntšelitse tsamaiso e theiloeng bohlaleng ba batho pele ho e-na le ba Bibele