Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g93 10/8 leq. 9
  • Haeba Ngoana oa Hao a Betoa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Haeba Ngoana oa Hao a Betoa
  • Tsoha!—1993
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Kamoo U ka Sireletsang Bana ba Hao
    Tsoha!—2007
  • Jehova o Bontša Hore ke Molimo ea Lerato le ea Nang le Toka Lefatšeng le Tletseng Bokhopo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2019
  • Bohloko bo Ipatileng ba ho Hleka-hlekoa ha Bana
    Tsoha!—1991
  • Thibelo Ka Lapeng
    Tsoha!—1993
Bala Tse Ling
Tsoha!—1993
g93 10/8 leq. 9

Haeba Ngoana oa Hao a Betoa

HO KHAOTSA ho betoa, u tlameha ho ho tseba ha u ho bona. Libukeng tse ngata tse buang ka taba ena, litsebi li thathamisitse matšoao a mangata a ka senolang ho betoa ao batsoali ba ka a shebang. Ana a akareletsa: lipelaelo tsa ho utloa bohloko ha a ntša metsi kapa a ithoma, mafu a litho tsa botho, ho tsoa maqeba kapa ho eboha letlalo libakeng tsa litho tsa botho, ho ntšetsa metsi likobong, ho felloa ke takatso ea lijo kapa mathata a mang a ho ja, boitšoaro ba likamano tsa botona le botšehali pele ho nako, ho qalella ho tšaba libaka tse kang sekolo kapa likarolo tsa ntlo, linako tsa tsitsipano, ho tšaba ho hlobola, ho tšaba ho ba mong le motho ea tloaelehileng, le ho ikutloisa bohloko.

Leha ho le joalo, hlokomela hore u se ke ua potlakela ho etsa liqeto. Boholo ba matšoao ana ka booona ha a hlile ha a bolele hore ngoana o hlile o betiloe. Le leng le le leng le ka supa bothata bo bong bo itseng. Empa haeba u bona matšoao a belaetsang ngoaneng, u ka qala puisano e bonolo tabeng eo, mohlomong ka polelo e kang: “Haeba motho e mong a ka u tšoara ka tsela e etsang hore u ikutloe u sa phutholoha, ke batla hore u tsebe hore u ka mpolella ka linako tsohle, ’me ke tla etsa sohle seo nka se khonang ho u sireletsa. Na u se u kile ua hlaheloa ke ntho e joalo?”—Liproverbia 20:5.

Haeba ngoana oa hao a senola ho betoa, ntle le pelaelo u tla utloa bohloko. Empa hopola: Tsela eo u tla itšoara ka eona e tla phetha karolo e khōlō ho hlaphoheloeng ha ngoana oa hao. Esale ngoana oa hao a jere mojaro ona o boima ’me o hloka hore uena, ka matla a hao a motho e moholo, u o theole mahetleng a hae. Babatsa ngoana ka ho ba sebete ho u bolella se etsahetseng. Nako le nako tiisetsa ngoana hore u tla etsa sohle se matleng a hao ho mo sireletsa; ’me ’molelle hore peto ke molato oa ea mo betileng, eseng oa hae; hore ngoana ha a “mobe”; hore ua mo rata.

Litsebi tse ling tsa molao li khothaletsa hore peto e tlalehoe ho ba boholong hang-hang. Linaheng tse ling tsamaiso ea molao e ka ’na ea hloka hore u etse joalo. Empa libakeng tse ling tsamaiso ea molao e ka u fa tšepo e fokolang ea qoso e atlehileng.

Leha ho le joalo, ho thoe’ng ha ’meti e le moratuoa oa hao? Ho bohloko ho bolela hore basali ba bangata ba hlōleha ho nka khato e tiileng. Ke ’nete hore ho hang ha ho bonolo ho talimana le ’nete e tšabehang ea hore molekane oa hao o beta bana. Litlamo tsa maikutlo, esita le ho itšetleha ka eena bakeng sa lichelete, li ka ba matla haholo. Mosali ea foselitsoeng a ka boela a hlokomela hore ho nka bohato ho ka qosa monna oa hae lelapa la hae, mosebetsi oa hae, le botumo ba hae.a Leha ho le joalo, ’nete ke hore e ka ’na eaba o tla be a kotula seo a se jetseng. (Ba-Galata 6:7) Ka lehlakoreng le leng, bana ba se nang molato, ba ka ’na ba lahleheloa ke ho hongata haeba ba sa kholoe ’me ba sa sireletsoe. Bokamoso ba bona bohle bo kotsing. Ha ba na matla ao batsoali ba bona ba nang le ’ona. Tlokotsi eo e ka ba hlahisetsa kotsi ’me ea ba bōpa ka tsela e fosahetseng bophelo bohle. Ke bona ba hlokang le ho tšoaneloa ke ho tšoaroa ka bonolo.—Bapisa le Genese 33:13, 14.

Ka hona batsoali ba tlameha ho etsa boiteko bohle ho sireletsa bana ba bona! Batsoali ba bangata ba nang le boikarabelo ba khetha ho batla thuso ea ba ithutetseng ho sebetsana le maemo ao bakeng sa ngoana ea betiloeng. Joalokaha u ne u ka etsa ka ngaka ea meriana, kholiseha hore motho ea joalo ea ithutileng o tla hlonepha litumelo tsa hao tsa bolumeli.b Thusa ngoana oa hao ho tsosolosa boitlhompho ba hae ka ho mo fa lerato le lengata la botsoali.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ha e le hantle ’meti o se a ntse a kene khathatsong ’me o hloka thuso kapele-pele. Esita le haeba ’meti a ka bolela hore o soabile, molekane ea foselitsoeng a ka ipotsa: Ke hobane’ng ha ’meti a sa ka a ipolela pele a pepesoa ke mohlaseluoa oa hae?

b Ka mohlala, ha Lipaki tsa Jehova li thulana le litseko tse amanang le litšelo tsa mali, li tiisa hore ngaka e hlonepha litumelo tsa tsona tsa bolumeli.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela