Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g93 10/8 leq. 22
  • Na Re Hlile Re Hloka Baprista?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Re Hlile Re Hloka Baprista?
  • Tsoha!—1993
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Baprista ba Pele e ne e le Bo-mang?
  • Lebaka Leo Molimo a Khethileng Baprista
  • Ke Boprista Bofe Boo Bakreste ba bo Hlokang?
  • Baprista ba Marena ba Tla Tsoela Batho Bohle Molemo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Ananela Monyetla oa ho Rapela Jehova Tempeleng ea Hae ea Tšoantšetso
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2023
  • Mahlabelo a Neng a Khahlisa Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Mahlabelo a Thoriso a Khahlisang Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
Bala Tse Ling
Tsoha!—1993
g93 10/8 leq. 22

Pono ea Bibele

Na Re Hlile Re Hloka Baprista?

JOHN PAUL II lengolong la hae la selemo le selemo le eang ho baprista ka “Labone le Halalelang” ka 1992 o ile a re: “Re leboha mpho ea Boprista.” Hase Mak’hatholike feela a hlokometseng liphoso tsa ’ona empa le ba bang ka ho tšoanang ba li hlokometse. Ba utloile ho hlokahala hore e mong ea amohelehang ho Molimo a ba bolelle thato ea Molimo, a Mo hlahisetse sehlabelo, ’me a ba buelle ho Molimo. Motho ea joalo o bitsoa moprista. Na re hlile re hloka moprista hore a re thuse ho fumana tšoarelo ho Molimo?

Khopolo ea baprista le mahlabelo ha ea qaptjoa ke batho empa e tsoa ho Molimo. Haeba ho ne ho se na libe khahlanong le Molimo, baprista ba ne ba ke ke ba hlokahala. Edene, motho ea phethahetseng Adama o ne a sa hloke moprista. O bōpiloe a se na sebe.—Genese 2:7, 8; Moeklesia 7:29.

Baprista ba Pele e ne e le Bo-mang?

Kajeno kaofela ha rōna re futsitse boetsalibe hobane ka boomo Adama o ile a etsa sebe ’me re litloholo tsa hae. (Ba-Roma 3:23) Abele, mor’a motho oa pele, Adama, o ile a hlokomela sena. Bibele e re ka eena: “Ka tumelo, Abele o hlahisitse pel’a Molimo sehlabelo.” (Ba-Heberu 11:4) Le hoja Abele le banna ba bang ba tumelo ba boholo-holo—ba kang Noe, Abrahama, le Jobo—ba ne ba sa bitsoe baprista, ba ne ba hlahisa mahlabelo ho Molimo lebitsong la bona kapa malapa a bona. Ka mohlala, Bibele e re ka Jobo le bara ba hae: ‘[Jobo] a hlaba mahlabelo a licheso a lekanang lihlooho tsa bona; hobane Jobo o na a re: Ekaba mohlomong bara ba ka ba sitiloe.’ (Jobo 1:5) Leha ho le joalo, ho tlile joang hore baprista le mahlabelo li tloaelehe meetlong e mengata hakaale?

Nahana ka liketsahalo tse neng li likolohile mopatriareka oa boholo-holo Noe. Noe le lelapa la hae ke bona feela batho ba ileng ba pholoha Moroallo oa lefatše lohle. Eitse ha ba hata lefatšeng le hloekisitsoeng, Noe o ile a haha aletare a hlahisa mahlabelo ho leboha mohau le tšireletso ea Jehova. Erekaha lichaba tsohle e le litloholo tsa Noe, ha ho pelaelo hore li ile tsa latela mohlala oa hae ’me ha nako e ntse e tsamaea li ile tsa ntšetsa pele meetlo e fapa-fapaneng e amanang le babuelli le mahlabelo bakeng sa libe.—Genese 10:32.

Nako e fetang lilemo tse lekholo hamorao, ho ile ha qhoma bofetoheli khahlanong le Molimo motseng oa Babele. Molimo o ile a ferekanya puo ea batho ’me ba ile ba qhalakana. (Genese 11:1-9) Joale baprista ba bang, ba tšehetsang litumelo tse fosahetseng le tse silafetseng, ba ile ba ntšetsa pele lineano tse tšosang linaheng tseo ba neng ba qhalakanyelitsoe ho tsona. Leha ho le joalo, Molimo o ile a bona ho hlokahala ho ruta barapeli ba hae ka bohlokoa ba boprista ba ’nete bo nang le moprista ea phahameng, baprista ba tlaasana, le mahlabelo a amohelehang ho eena.

Lebaka Leo Molimo a Khethileng Baprista

Ha nako e ntse tsamaea Jehova o ile a neha sechaba sa Iseraele baprista ba neng ba phetha mesebetsi e ’meli e ka sehloohong. Oa pele, ba ne ba emela Molimo ka pel’a batho joaloka baahloli le barupeli ba Molao oa Molimo. (Deuteronoma 17:8, 9; Malakia 2:7) Oa bobeli, ba ne ba emela batho ka pel’a Molimo ka ho mo hlahisetsa mahlabelo lebitsong la batho. Lengolo la Pauluse ho Bakreste ba Baheberu le ea hlalosa: “Moprista e moholo, leha e le ofe le ofe, ea nkoang har’a batho, o ee a beeloe batho linthong tsa tšebeletso ea Molimo, a tle a hlahise linyehelo le mahlabelo ka baka la libe. . . . Ha ho motho ea ka inkelang kabelo eo e hlomphehang, ha e se ea e bilelitsoeng ke Molimo.”—Ba-Heberu 5:1, 4.

Pauluse o tsoela pele ho hlalosa hore boprista ba Iseraele e ne e se tsela ea ho qetela ea hore Molimo a boelanye batho le Eena. Mesebetsi ea baprista e ne e le litšoantšetso tse supang linthong tse molemonyana, “lintho tsa leholimo.” (Ba-Heberu 8:5) Hang ha lintho tseo tsa leholimo li fihlile, litšoantšetso li ne li se li sa hlokahale. Ka mohlala: U ka ’na ua lula u ntse u e-na le setšoantšo sa phatlalatso sa sehlahisoa se u se hlokang haholo, empa na u ne u ke ke ua lahla setšoantšo seo hang feela ha u fumane sehlahisoa seo?

Nako e telele pele sechaba sa Iseraele se e-ba teng, Molimo o ile a rera boprista bo neng bo tla sebeletsa tlhohonolofatso, eseng feela ea sechaba sa Iseraele, empa ea moloko oohle oa batho. Qalong, Iseraele e ile ea nehoa tokelo ka ho ba le monyetla oa ho fana ka litho tsa boprista boo. Ha sechaba se ne se thehoa, Jehova o ile a bolella Iseraele: “Ekare ha le ka fela la utloa lentsoe la ka . . . , le tla ba ho ’na ’muso oa baprista, le sechaba se khethehileng.” (Exoda 19:5, 6; bapisa le Genese 22:18.) Ka bomalimabe, sechaba seo ha sea ka sa utloa lentsoe la Molimo. Ka hona, Jesu o ile a bolella baprista le Bafarisi: “’Muso oa Molimo le tla o amohuoa, ’me o tla neoa sechaba se seng se tla beha litholoana tsa oona.” Ke bo-mang bao hona joale ba lokelang ho sebeletsa e le baprista bakeng sa tlhohonolofatso ea moloko oa batho?—Mattheu 21:43.

Ke Boprista Bofe Boo Bakreste ba bo Hlokang?

Ka lebaka la hobane re futsitse sebe ho Adama, poloko bakeng sa bophelo bo sa feleng e ka ba teng feela ka sehlabelo se phethahetseng se fanoeng ke Jesu. (1 Johanne 2:2) Jesu ka boeena o re buella joaloka Moprista ea Phahameng, feela joalokaha a ile a tšoantšetsoa esale pele bopristeng ba Iseraele. Ba-Heberu 9:24 e re: “Kreste ha a ka a kena sehalalelong se entsoeng ka matsoho, e leng setšoantšo feela sa sa sebele; empa o kene leholimong la sebele, a tle a hlahe joale pel’a sefahleho sa Molimo, sebakeng sa rōna.” Ka hona, bokhabane bo fetisisang ba boprista bo phahameng ba Kreste bo etsa hore baprista ba batho joaloka babuelli bo se hlole bo sebetsa. Leha ho le joalo, litšebeletso tsa baprista ba tlaasana li ntse li hlokahala. Ka tsela efe?

Baprista ba tlameha “ho hlahisa mahlabelo a moea a amohelehang ho Molimo ka Jesu Kreste.” (1 Petrose 2:5, NW) Mabapi le hore na mahlabelo ana ke a mofuta ofe, Pauluse o ngotse: “A re hlahiseng kamehla ho Molimo ka eena sehlabelo sa poko, e leng tholoana ea melomo.” (Ba-Heberu 13:15) Ka hona, ba tla etsa boprista ba borena, ha ba sa ntse ba le lefatšeng, ba emela Molimo pel’a batho e le Lipaki tsa hae, eseng joaloka babuelli. Hamorao, ha ba le leholimong le Jesu Kreste, ba emela batho ka pel’a Molimo, ba aba melemo ea sehlabelo sa Kreste ’me ba phekola mefokolo eohle.—Bapisa le Mareka 2:9-12.

Le hoja balumeli bohle ba lokela ho fana ka bopaki, ke ba lekanyelitsoeng feela ba ’maloa ba tla sebeletsa ‘’musong oa baprista’ oa leholimo. Jesu o itse: “Mohlatsoana, se tšabe, hobane ho khahlile Ntat’a lōna ho le fa ’muso.” (Luka 12:32; Tšenolo 14:1) Bana ba tla tsosetsoa leholimong ’me “e tla ba baprista ba Molimo le ba Kreste, ’me ba tla busa le eena lilemo tse sekete.”—Tšenolo 20:6.

Molimo o lokiselitse hore baprista bana ba leholimo ba etse lintho ka kutloisiso ea moea le ea sebele tseo ho seng boprista bo seng bo kile ba khona ho li etsa. Haufinyane, ha ba sebelisa melemo ea sehlabelo sa Jesu sa topollo, ba tla khona ho kopanela ho khutlisetseng moloko oohle oa batho o lumelang phethehong. Joale, Esaisa 33:24 e tla phethahala ka ho hlollang. E re: “’Me ha ho motho ea ahileng Jerusalema ea tla re: Ke bohloko [“kea kula,” NW]! Sechaba se ahileng teng se tšoaretsoe libe.”

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 22]

“Benediction of the Wheat at Artois” 1857, by Jules Breton: France / Giraudon/Art Resource, N.Y.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela