Bacha Baa Botsa . . .
Ho Phela Bophelo bo Habeli—Hobane’ng ho sa Lokela?
“Ke ne ke phela bophelo bo habeli—bo bong le metsoalle ea ka ea Bakreste bo bong le metsoalle ea ka ea sekolo.”
BOEMO ba moroetsana ea qotsitsoeng ka holimo ho hang hase mokhelo. Empa ho boleloa eng ka “ho phela bophelo bo habeli”? Ruth Bell, mongoli oa buka Changing Bodies, Changing Lives, o hlalositse mokhoa ona e le “ntho leha e le efe eo u e etsang u sa e bolelle batsoali ba hao.”
Mongoli enoa o ile a buisana le bacha ba bangata ’me a tlaleha: “Bacha ba bangata ba leng lilemong tse ka tlaase ho 20 ba ile ba bolela hore ba na le lintho tseo ba li etsang bophelong ba bona tseo ba neng ba ke ke ba bua ka tsona ho batsoali ba bona. Boholo ba lintho tseo ka tloaelo e bang lekunutu e ne e le likamano tsa botona le botšehali le lithethefatsi le ho noa, empa ba ile ba boela ba bua ka lintho tse kang ho fihla lapeng bosiu, ho laetsana le batho basele, ho ba sieo sekolong ntle le tumello, ho loana le ho tsamaea le metsoalle eo batsoali ba bona ba sa e rateng.”
Ka masoabi, esita le bacha ba bang ba hōlisitsoeng ke batsoali ba Bakreste ba patela batsoali ba bona le batho ba bang seo ba leng sona.a (Bapisa le Pesaleme ea 26:4.) Ha ba na le batsoali le balumeli-’moho, bacha bana ba bonahala ba lokile ’me ba tšaba Molimo. Empa ha ba siretse, ba itšoara joalokaha eka ke batho basele ka ho feletseng.
Ha e le hantle ke eng e susumetsang mocha hore a phele bophelo bo habeli?
Khoheli ea ho Itaola
Bibele e bolela hore qetellong ‘monna o tla tlohela ntat’ae le ’m’ae.’ (Genese 2:24) Joale, ke ha tlhaho ho uena ho batla ho hōla, ho inahanela, ho iketsetsa liqeto. Bothata ke hore e ka ’na eaba ha u e-s’o lokele ho ba motho e moholo. Kaha ha u na phihlelo, u ntse u hloka tšehetso ea batsoali ba tšabang Molimo.—Liproverbia 1:8.
Bacha ba bangata ba hana ho amohela ’nete ena. Ho ea ka buka How to Survive Your Child’s Rebellious Teens, bacha ba bangata ba batla ho “bonahatsa matla a bona a macha le ho bonahatsa ho itaola ha bona pepenene.” Ha batsoali ba hana ho ba lumella ho etsa lintho tseo ba nahanang hore li booatla—kapa li fosahetse—bacha ba bang e-ba bafetoheli. ’Me ba ka ’na ba se ke ba soabela bofetoheli boo le hanyenyane. Ngoanana e mong ea lilemong tse ka tlaase ho 20 o re: “Ke utloa ho le monate ha ke etsa lintho tseo [batsoali ba ka] ba sa tsebeng hore kea li etsa hobane ho nketsa hore ke ikutloe ke le bohlokoa. Ke na le bophelo bo arohileng ho bona ’me ha ke kholoe hore ba hlokomela sena le hanyenyane feela. . . . Ho hang ba ke ke ba lumela seo ke se etsang.”
‘Batsoali ba ka ba Thata Haholo’
Leha ho le joalo, ke hobane’ng haesita le bacha ba bang ba ntseng ba amohela khōliso ea Bokreste ba kopanela liketsong tse fosahetseng tsa lekunutu? Ha Tsoha! e botsa sehlopha se seng sa bacha potso ena, ngoanana e mong ea lilemong tse ka tlaase ho 20 o ile a arabela: “Ba halefetse batsoali ba bona. Ba batla ho iphetetsa ho bona ka lebaka la ho ba etsetsa lithibelo.” Ha ho pelaelo, Bokreste ke tsela ea bophelo e nang le lithibelo. Jesu o itse: “Monyako oa bophelo o patisane, le tsela e eang teng e tšesane.” (Mattheu 7:14) Haeba u batla ho amohela mpho ea Molimo ea bophelo bo sa feleng, ho hang u ke ke ua etsa tse ling tsa lintho tse bitsoang hore ke boithabiso tseo bacha ba bang ba li etsang. Ka mohlala, meketjana e hlaha ea boithabiso, ho noa le lithaka tsa hao, ho kopanela likamano tsa botona le botšehali pele ho lenyalo, boitšoaro bo hlephileng, kaofela ke lintho tse nyatsuoang ka Bibeleng.—Ba-Galata 5:19-21.
Joale ke ’nete hore batsoali ba bang ba ka bonahala ba le thata ka ho sa tloaelehang. Ngoananyana ea bitsoang Kim o ile a belaela: “Ke ka seoelo re lumelloang ho shebella libaesekopo leha e le life. Hape ke fokolitse nako e ngata eo ke neng ke e qeta ke mametse ’mino, ’me ke lekile ho ba ea hloaeang. Empa ntate o re thibetse ho mamela hoo e ka bang ’mino leha e le ofe! Re lumeletsoe ho mamela lirekoto tsa classic le jazz feela.” Ba tobane le seo ba se hlokomelang e le lithibelo tse sa utloahaleng, bacha ba bang ba qala ho ikutloa ba honohela tokoloho eo lithaka tsa bona li e thabelang.
Takatso ea ho Amoheloa ke ba Bang
Moroetsana ea bitsoang Tammy oa hopola: “Ke ile ka qala ka ho sebelisa puo e litšila sekolong. Ho ne ho nketsa hore ke ikutloe ke tšoana le bana ba bang haholoanyane. Hamorao ke ile ka leka ho tsuba. Hape ke ne ke atisa ho noa lino tse tahang ho fihlela ke tahiloe. Eaba ka qala ho ba le bahlankana—ka lekunutu hobane batsoali ba ka ba ne ba le thata ’me ba sa ntumelle ho laetsana.”
Moshemane ea lilemong tse ka tlaase ho 20 ea bitsoang Pete o bile le phihlelo e tšoanang: “Ke ile ka hōlisoa joaloka e mong oa Lipaki tsa Jehova. Empa ke ne ke tšaba haholo ho tlokoa-tlokoa, kahoo ka mehla ke ne ke leka ho imatahanya le letšoele le tummeng. Ke ile ka leka ho ba ea tummeng. Ke ne ke bua leshano le ho etsa boikemelo mabapi le hore na ke hobane’ng ha ke sa amohele limpho leha e le life nakong ea matsatsi a phomolo a bolumeli.”b Hang hoba Pete a qale ho sekisetsa linthong tse nyenyane, ka mor’a nakoana o ile a kenella boitšoarong bo bobe bo tebileng.
“Litloaelano tse Mpe”—Hokae?
Liphihlelo tse joalo li totobatsa bonnete ba mantsoe a moapostola oa Mokreste Pauluse: “Litloaelano tse mpe li bolisa mekhoa e metle.” (1 Ba-Korinthe 15:33) Kahoo haeba u tloaelana le bacha ba sa hlompheng litekanyetso le mekhoa ea hao ea boitšoaro e thehiloeng Bibeleng, u ka huleloa habonolo mokhoeng oa bona oa bophelo. Leha ho le joalo, ho thahasellisang ke hore moapostola o ne a sa bue ka ho khetheha ka ho tloaelana le ba sa lumelang ha a ne a fana ka temoso eo. O ne a lemosa khahlanong le ho tloaelana le ba ka hare ho phutheho ea Bokreste ba hlōlehang ho tšoarella thutong ea Bokreste. (1 Ba-Korinthe 15:12) Ka ho tšoanang kajeno, ho ka ’na ha e-ba le bacha ba kopanelang le phutheho ba sa khomareleng kapa ba sa buelleng bophelo bo loketseng ba Bokreste. Ba ka beha khatello e bolotsana holim’a hao ea hore u phele bophelo bo habeli.
Hape, nahana ka Tammy, ea lumelang hore batsoali ba hae ba “lerato haholo.” O hlalosa ntat’ae e le motho “ea nang le cheseho e khaphatsehang, eo ka mehla a bolelang kamoo Jehova a re hlokomelang ka teng.” O bile o sebeletsa e le moholo ka phuthehong. Joale, o ile a khelosoa joang? O re: “Litloaelano tse mpe ka hare ho phutheho. Ba bang ba ne ba mpolella ka thabo eo ba bileng le eona meketjaneng ea boithabiso le kamoo ba neng ba e-noa ka teng. Kapa ba ne ba bua ka bahlankana ba bona le kamoo ba neng ba intša ka teng ho ea tantša ka mor’a liboka tsa phutheho.”
Ho Qoba Tlokotsi
U se ke ua emela boitšoaro bo bobe joalo ba bacha ka ho re, ‘E mpa feela e le karolo ea ho hōla’ kapa, ‘Bana bohle ba patela batsoali ba bona lintho.’ Hlokomela temoso eo Molimo a e nehang bacha ho Moeklesia 11:9, 10 (NW): “Nyakalla, mohlankana, bocheng ba hao, ’me u lumelle pelo ea hao ho u etsetsa molemo matsatsing a bohlankana ba hao, ’me u tsamaee litseleng tsa pelo ea hao le linthong tse bonoang ke mahlo a hao. Empa tseba hore ka lebaka la lintho tsena tsohle Molimo oa ’nete o tla u tlisa kahlolong. Kahoo tlosa ho tšoenyeha pelong ea hao, ’me u qobe
tlokotsi nameng ea hao.”
Ho phela bophelo bo habeli ho ka ’na ha bonahala e le ho thabisang. Empa qetellong ke leraba le bolaeang. (Bapisa le Pesaleme ea 9:16, NW.) Liketso tsa ho hloka kutlo joang kapa joang li lebisa liketsong tse fosahetseng tse tebileng haholoanyane. Ka mohlala, Pete e monyenyane o ne a se a ntse a kopanela boitšoarong bo bobe ba botona le botšehali nakong eo a balehang lapeng a le lilemo li 17. Ha a le lilemo li 18, Pete o ne a ile a koalloa teronkong ka lebaka la bosholu ba boqhobane.
Hangata ho bonahala bacha ba bangata ba phonyoha kotlo bakeng sa boitšoaro ba bona bo bobe. Habonolo feela u ka qala ho ikutloa joaloka mongoli oa Bibele, Asafe, ea ileng a lumela: “Ke ne ke le mōna . . . Ke ile ka bona hore lintho li tsamaea hantle bakeng sa ba khopo. Ha ba utloe bohloko; ba matla hape ba phela hantle. Ha ba utloe bohloko ka tsela e tšoanang le eo batho ba bang ba utloang bohloko ka eona.” Empa se neng se bonahala e le tšireletseho ho ba khopo se ile sa ipaka e le ho ea le khongoana holimo ho sehlōhō. Asafe o ile a qetella ka ho re: “[Molimo] o tla ba beha libakeng tse thellang ’me a etse hore ba oele timetsong!” (Pesaleme ea 73:3-5, 18, Today’s English Version) Joale, ka lebaka le utloahalang, Bibele ea lemosa: “Pelo ea hao e se ke ea honohela ba babe, u mpe u hlole u tšaba Jehova ka mehla.”—Liproverbia 23:17.
Ho thoe’ng ka maikutlo a hore ho se utloe batsoali ho thusa mocha ho hōla le hore e be ea ikemetseng ka boeena? Sena se hanana le keletso ea Bibele ea hore u mamele batsoali ba hao. (Liproverbia 23:22) Ruri, booatla kapa boitšoaro bo se nang boikarabelo bo tla sitisa ka ho feletseng khōlo ea motho maikutlong le moeeng. Ho e-na le hoo, ke ka ho sebelisa melao-motheo ea Bibele u ka bang “monna ea phethahetseng” ea nang le “tekanyo ea khōlo ea phetheho ea Kreste.”—Ba-Efese 4:13, NW.
Ke ’nete hore batsoali ba bang ba ka bonahala ba le thata haholo ka ho sa utloahaleng. Empa na hase ka lebaka la lerato la bona le tebileng ho uena le takatso ea bona ea ho u sireletsa? Kahoo haeba u utloa hore ho hlokahala hore batsoali ba hao ba ke ba nyehlise hanyenyane, ke hobane’ng u sa buisane litaba le bona—ho e-na le ho ba mofetoheli ka lekunutu?c Ho ba mofetoheli ka lekunutu ho tla tlisa masoabi ho bona, ho uena, ’me ka holim’a tsohle, ho Jehova Molimo ka boeena.—Liproverbia 10:1; 27:11.
Leha ho le joalo, ho thoe’ng, haeba u se u qaleletse ho phela bophelo bo habeli? Na ho na le tsela leha e le efe ea ho khaotsa? Lihlooho tse tlang li tla tšohla lipotso tsena.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona sehlooho “Bacha—Itebeleng Khahlanong le ho Phela Bophelo bo Habeli,” tokollong ea Molula-Qhooa oa August 1, 1988.
b Bakeng sa puisano ka boemo ba Lipaki tsa Jehova mabapi le matsatsi a phomolo a bolumeli, bona bukana e lekanang le makasine Sekolo le Lipaki tsa Jehova, e hatisitsoeng ke Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania.
c Bona khaolo 3 ea buka Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
[Litšoantšo tse leqepheng la 16]
Na u phela bophelo bo habeli?