Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g94 2/8 maq. 11-13
  • Nka Khaotsa ho Phela Bophelo bo Habeli Joang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Nka Khaotsa ho Phela Bophelo bo Habeli Joang?
  • Tsoha!—1994
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Pako—Mohato oa Pele
  • Ho Bolella Batsoali ba Hao
  • Ho Fetola Metsoalle ea Hao
  • Bacha—Itebeleng Khahlanong le Ho Phela Bophelo bo Habeli
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Ho Phela Bophelo bo Habeli—Hobane’ng ho sa Lokela?
    Tsoha!—1994
  • Bophelo bo Habeli—Ke Mang ea Lokelang ho Tseba?
    Tsoha!—1994
  • Ke Mang ea Lokelang ho Tseba Hore ke Phela Bophelo bo Habeli?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2
Bala Tse Ling
Tsoha!—1994
g94 2/8 maq. 11-13

BAcha Baa Botsa . . .

Nka Khaotsa ho Phela Bophelo bo Habeli Joang?

Anna o re: “Ke ne ke hlokomoloha ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo batsoali ba ka ba neng ba e bolela. Ke ne ke le lerabele ’me ka qala ho ba thetsa. Ke ne ke ba bolella hore ke ea mabenkeleng, empa ha e le hantle ke il’o bona moshanyana.”

ANN o ne a phela bophelo bo habeli, ’me hang-hang o ile a hlokomoloha eseng batsoali ba hae feela empa hape le letsoalo la hae le koetlisitsoeng ka Bibele. Ann o ne a kopanela likamano tsa botona le botšehali ka lekunutu le mohlankana oa hae. Oa hopola: “Ke ile ka leka ho suthisa Jehova kelellong ea ka ka ho feletseng.” Leha ho le joalo, kapele-pele khoeli e ile ea apoheloa ke maru ha a tobana le ’nete ena e tebileng ea sebele ea hore ‘seo batho ba se jalang, ba tla se kotula le hona.’ (Ba-Galata 6:7) Ann o ile a ima. O re: “Ke rata ngoana oa ka ka pelo ea ka eohle, empa ha ho na motho ea lokelang ho feta phihlelong ena. Eseng a sa nyaloa. Eseng a le mong.”

Na ka tsela e itseng u tšoasitsoe ke ho phela bophelo bo habeli—u patela batsoali ba hao le Bakreste-’moho seo u leng sona? Mohlomong u mpa feela u khanna nako le metsoalle e meng ea hao ea sekolo eo u tsebang hore batsoali ba hao ba ke ke ba e amohela. Kapa mohlomong u oetse boitšoarong bo bobe bo tebileng, joaloka ho tsuba, tšebeliso e mpe ea tahi, kapa likamano tsa botona le botšehali pele ho lenyalo. Ho sa tsotellehe hore na boemo ke bofe, joaloka Ann, ka mor’a nakoana ho tla ba le liphello tse tebileng.b

Leha ho le joalo, ho hang bacha ba bang ha ba lumelle sena ho ba thibela tseleng ea bona ea bofetoheli. Ba tšoana le motho ea ichebang ka seiponeng ebe ‘o lebala hang hore ke motho ea joang.’ (Jakobo 1:23, 24) Re tšepa hore uena ha u mocha ea joalo. Mohlomong u se u qalile ho itlhahlobisisa—’me ha u rate seo u se bonang. U batla ho fetoha. U bona tlhoko ea ho fetoha. Potso ke hore na u tla fetoha joang?

Pako—Mohato oa Pele

Tabeng ea pele, u tlameha ho etsa qeto e tiileng ea ho fetoha. Liketso 3:19, 20 ea phehella: “Bakang ke hona, ’me le sokolohe, libe tsa lōna li tle li hlakoloe, hore ho tle ho be ho fihle mehla ea khatholoho ka ponahalo ea Morena.” Leha ho le joalo, pako e feta ketso ea ho ba le tsebo feela. Ho baka ho bolela “ho ikoahlaea, ho soaba, kapa ho tšoenyeha ka lebaka la ho hlokomela molato, kapa ka seo motho a se entseng.” Mongoli oa Bibele Jakobo o khothalitse: “Hlomohang lipelo, le lle, le bokolle; litšeho tsa lōna li fetohe lillo, thabo ea lōna e fetohe masoabi. Ikokobetseng pel’a Morena, ’me o tla le phahamisa.” (Jakobo 4:9, 10) Ke joang u ka ikutloang u soabile ka ntho eo u ’nileng ua e thabela ho fihlela hona joale? Nahana hore na e fosahetse hakae. Nahana kamoo e utloisitseng Molimo bohloko kateng. Nahana ka mathata ao tsela ea hao e patiloeng e u baketseng ’ona le mashano ao u ileng ua tlameha ho a bua e le ho e pata. Ikhopotse hore Molimo o nyonya ketso ea leshano! (Pesaleme ea 5:6) Ho thuisa ka linnete tsena ho ka u thusa ho hanela boitšoaro bo fosahetseng kelellong hammoho le maikutlong.

Leha ho le joalo ho soabela seo u ntseng u se etsa feela ha hoa lekana. Mohlankana ea bitsoang Robert, ea ileng a ameha tšebelisong e mpe ea lithethefatsi ka lekunutu, oa lumela: “Ke ne ke hlomola pelo. Ke ne ke tseba se nepahetseng ho se fosahetseng. Ho ntse ho le joalo, ke ile ka tsoela pele ho phela bophelo bo habeli.” Ka hona ho hlokahala ho nka bohato ka sebete! Ho 2 Likronike 7:14, Molimo o ile a re haeba baetsalibe ba ne ba ka ‘ikokobetsa, ba rapela, ba batla sefahleho [sa hae], ba fapoha tsela tsa bona tse khopo, [eena ka boeena o ne a] tla utloa a le maholimong, a lebale sebe sa bona.’

‘Ho batla sefahleho sa Molimo’ ho bolela ho mo atamela ka thapelo, u ipolela phoso ea hao, ’me u kōpa tšoarelo. Sena se ka ’na sa ba thata, empa ha ho pelaelo hore u tla ikutloa u lokolohile haholo ka hore ebe u entse joalo. Mopesaleme o itse: “Enere ha ke khutsitse, masapo a ka a na a felisoa ke ho bobola ha ka ka letsatsi lohle. Hobane letsoho la hao le ne le le boima ho ’na nyene le bosiu; . . . Ka ba ka u bolella sebe sa ka, ’me ha kea ka ka pata bokhopo ba ka.”—Pesaleme ea 32:3-5.

Ho Bolella Batsoali ba Hao

Ho hlokahala hore motho e mong osele a tsebe ka mathata a hao. Empa ke mang? Mocha ea lilemong tse ka tlaase ho 20 ea bitsoang Brian oa ipolela: “E ’ngoe ea liphoso tsa ka tse khōlōhali e ne le ho ea ho ba bitsoang metsoalle ea ka ka mathata a ka ho e-na le ho ea ho ’mè oa ka oa Mokreste. Empa ke ne ke tšaba ho buisana le eena ka lebaka la ho nahana kamoo a neng a tla arabela kateng, kahoo ke ile ka retelehela ho metsoalle ea ka, e ileng ea nkhulela thōko haholoanyane le ’nete.” U se ke ua etsa phoso e tšoanang le uena. Neha batsoali ba hao ba tšabang Molimo pelo ea hao. (Bapisa le Liproverbia 23:26.) Ba na le tokelo ea ho tseba seo u ’nileng ua se etsa. Khaolo ea 2 ea buka Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang e na le litlhahiso tse ngata tsa kamoo u ka atamelang batsoali ba hao kateng tabeng ena.c

Ka tlhaho, u ke ke ua lebella hore ba thabe ka hore ebe u ba thetsitse. Empa batsoali ka ho tšoanang ba na le kameho e matla ka bana ba bona. Mongoli Clayton Barbeau oa hlokomela: “Ba ke ke ba u lahla kahobane u entse phoso kapa u kene khathatsong ea mofuta o itseng. Bana ba ’nile ba ima, ba tšoaroa ke mafu a tšoaetsanoang ka likamano tsa botona le botšehali, ba ba le bothata ba tahi kapa lithethefatsi kapa ba kena bothateng bo bong ’me ba nahana hore batsoali ba bona ba tla ba tukela ka bohale le ho ba fetohela, ba thumakanye ntlo ke khalefo, ’me ba e tlohele e le boemong bo joalo. Empa ha ba boleletse batsoali ba bona mathata a bona, batsoali ba bona ba ile ba ba kopa ka matsoho kapa ba ba tšoara lehetleng, ’me ba ba bolella, ‘U hlile u khathatsong, ’me re tla tlameha ho bona hore na ke eng seo re ka se etsang ho u thusa ho tsoa ho eona.’” E, ha ho tšoha le ho halefa ho bonahetseng qalong ho kokobela, batsoali ba bangata ba leka ho tšehetsa. Ho tla ba joalo haholoanyane hakaakang haeba batsoali e le ba tšabang Molimo! Kameho ea bona e ka sehloohong e lokela ho ba ho lokisa litaba, eseng ho u tlotlolla kapa ho u utloisa bohloko. (Bapisa le Esaia 1:18.) Tabeng ena ba ka boela ba u lokisetsa hore u buisane le baholo ba phutheho.—Jakobo 5:14, 15.

Ke ’nete hore, ho tla ba le kotlo e itseng e loketseng eo u tlamehang ho e mamella hape mohlomong le lithibelo tse itseng tse thatanyana. Empa ha e le hantle sena se ka u thusa hore u qobe ho khutlela litseleng tsa hao tsa khale. Ntle ho moo, ho lokisa litaba le batsoali le ho bona kameho ea bona e lerato ehlile ho ka ’na ha fetola pono ea hao ka bona. Ho fihlela hona joale, mohlomong u ne u nyatsa melao le lithibelo tsa bona. Ngoanana e mong ea bitsoang Paulette oa lumela: “Ho thata ho amohela keletso le litataiso tseo re li fuoang ke batsoali ba rōna. Empa ke hlokometse hore li molemong oa rōna le bakeng sa thabo ea rōna ea ka mehla.”

Ho Fetola Metsoalle ea Hao

Hase hangata mocha a phehellang bophelo bo habeli ka boeena. Mohlomong e bile metsoalle ea hao e mengata e ’nile ea ikopanya le uena ho u susumelletsa hore u tsoele pele ka bofetoheli ba hao! E le hore u ka qoba ho khutlela bophelong ba lekunutu, ho tla hlokahala hore u fetole metsoalle ea hao. Mopesaleme o itse: “Ha ke lule le batho ba ratang leshano, ha ke etelane le baikaketsi.” (Pesaleme ea 26:4) Ho khaohana le metsoalle ea khale ha ho bonolo. Ho ka ’na ha hlokahala hore u rapele joaloka mopesaleme: “U mpoloke ho motho ea leshano, ea khopo.” (Pesaleme ea 43:1) Sebetsa tumellanong le thapelo ena ka ho bolella metsoalle ea hao ea khale hore u fetohile ’me u ikemiselitse ho etsa se nepahetseng. Ho e-na le ho ba morutuoa oa Jesu ka lekunutu, bolella ba bang ka tumelo ea hao. (Bapisa le Johanne 19:38, NW.) Hangata, metsoalle e mebe e tla phakisa e batle bo-mphato ba bang basele.

Ho latelang, ho hlokahala hore metsoalle e mebe e nkeloe sebaka ke metsoalle e molemo. Na bacha ba tšabang Molimo baa haella? Joale nahana ka moprofeta Jeremia, ea itseng: “Ha kea ka ka itulela mokhatlong oa basomi ho ea ithabela teng; ka mpa ka lula ke ’notši ka baka la letsoho la hao.” (Jeremia 15:17) Ho tla ba molemo haholoanyane ho uena hore u itulele u ’notši ho feta ho itsoakanya le bacha ba tla u fokolisa moeeng. Leha ho le joalo, ka tloaelo, metsoalle ea sebele e ka fumaneha haeba u etsa boiteko. Ka mohlala, Tammy o ile a qala ho tloaelana le motsoal’ae, eo e neng e le moevangeli oa nako e tletseng. Tammy oa hopola: “Re ile ra fetoha metsoalle e ntšanang se inong. Matsatsing ao ke neng ke sa ee sekolong, ke ne ke ea le eena mosebetsing oa ho bolela. Sena se ile sa nthusa ho etsa liphetoho bophelong ba ka.”

Empa mocha e mong oa Jeremane o bolela hore “tšireletso e molemo ka ho fetisisa ke letsoalo le letle, le tsoaloang ke kamano e haufi-ufi le Jehova Molimo.” Ngoanana e mong ea ileng a iphumana a phela bophelo bo habeli oa lumela: “Le ka mohla ke ne ke e-s’o hōlise kamano e haufi-ufi le Jehova, Ntate oa ka.” Ka thapelo le thuto ea botho, o ile a qala ho fetola lintho. Ka thabo e khōlō o re: “Hona joale ke na le kamano le Jehova eo ho seng motho ea tla ke a e felise.” Le uena u ka thabela kamano e haufi joalo le Molimo. O tla u tataisa le ho u tšehetsa, esita le haeba u thatafalloa ke ho fetola litsela tsa hao tsa khale. Pesaleme ea 37:24 e re ka mohlanka ea tšepahalang oa Molimo: “Leha a ka oa, ha a oelle ruri, hobane Jehova o mo nenesa ka letsoho.” E, ka thuso ea Jehova, u ka khona ho khaotsa ho phela bophelo bo habeli.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Mabitso a mang a fetotsoe.

b Bona lihlooho tsa “Bacha Baa Botsa . . .” tse hlahang tokollong ea rōna ea January 8, 1994.

c E hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 12]

“Ke ile ka leka ho suthisa Jehova kelellong ea ka ka ho feletseng”

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 12]

U tlameha ho etsa qeto e utloahalang ea ho fetoha

[Setšoantšo se leqepheng la 13]

Hlalosetsa metsoalle ea hao ea khale hore u fetohile ’me u ke ke ua hlola u kopanela le bona ho etseng bobe

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela