Bophelo bo Habeli—Ke Mang ea Lokelang ho Tseba?
Robert oa lumela: “’Mè le Ntate ba ne ba ntse ba ea le ’na libokeng tsa Bokreste, ’me ke ne ke tseba se lokileng ho se fosahetseng. Empa ke ne ke batla ho ratoa le ho amoheloa ke bana ba bang sekolong. Kahoo e le hore ke be ea hlalefileng le ea tummeng, ke ile ka qala ho tsuba ha ke le sehlopheng sa botšelela. Ha ke le sehlopheng sa bosupa, ke ile ka qala ho sebelisa LSD le ho tsuba matekoane. Sehlopheng sa borobeli, ke ile ka qala ho ikentela sethethefatsi se bitsoang speed. Ke ne ke thetsa e mong le e mong—empa ke ne ke tsielehile.”
BACHA ba bangata kajeno—ho akareletsa le ba bang ba hōlisitsoeng ke batsoali ba Bakreste—ba phela bophelo bo habeli. Hase bohle ba qetellang ba sebelisa lithethefatsi joaloka Robert. Empa batsoali ba bona ba sa tsebe, bacha ba bang ba laetsana ka lekunutu, ba noa lino tse tahang, ’me ba apara liaparo tse makatsang, ba mamela ’mino o hlaha, ba ea meketjaneng ea boithabiso e sa laoleheng, ’me ba kopanela liketsong tse ling tse ngata-ngata tse sa amoheloeng kapa tse thibetsoeng ke batsoali ba bona. Na uena ka bouena u latela mokhoa o joalo oa bophelo?
Haeba ho joalo, mohlomong ua tseba hore seo u se etsang se fosahetse. Joaloka Robert, u ka ba ’na ua longoa ke letsoalo le molato. (Ba-Roma 2:15) Ho ntse ho le joalo, khopolo ea ho senola liphoso tsa hao ho batsoali ba hao hase e thabisang. ’Me ha u nahana ka liphello tse ka ’nang tsa hlaha, lebaka la hore ‘Seo batsoali ba ka ba sa se tsebeng se ke ke sa ba utloisa bohloko’ le ka ’na la bonahala le utloahala. Empa le ka u utloisa bohloko.
Monahano o Fosahetseng
Ka mohlala, u ka ’na ua ikutloa hore u na le mabaka a itseng a utloahalang a ho tletleba ka tsela eo batsoali ba hao ba etsang lintho ka eona. Mohlomong u ikutloa joalo. Empa esita le haeba ka linako tse ling ba ba thata ka ho sa utloahaleng, ba sa bue, kapa ba tlatlapa, na seo se lokafatsa hore u tsoele pele u hloka kutlo? Eseng ho ea ka Lentsoe la Molimo, le eletsang tjena: “Utloang batsoali ba lōna nthong tsohle; hobane ke taba e khahlisang Morena.” (Ba-Kolosse 3:20) ’Me ho thoe’ng haeba u ikutloa hore u na le lebaka le utloahalang la ho halefela batsoali ba hao? Na ke ho utloahalang ho bontša khalefo eo ka hore ka lekunutu u hlokomolohe litekanyetso tse fanoeng ke Molimo? Ha e le hantle, u tla be u itšoara joalokaha eka ‘u hlonametse Jehova ka boeena.’ (Liproverbia 19:3) Ntho e nepahetseng eo u lokelang ho e etsa ke ho atamela batsoali ba hao ’me ka boikokobetso u buisane le bona ka lipelaelo leha e le life tseo u nang le tsona.—Liproverbia 15:22.
Tumelo ea hore ka ho thōla u sireletsa batsoali ba hao ho khopiseha maikutlong le eona ka ho tšoanang e fosahetse. Moshanyana e mong ea lilemo li 16 o itse: “Ke ne ke sa bue ka ntho e itseng e soabisang [batsoali ba ka].” Hape, monahano o joalo oa bolotsana e mpa feela e le ho ea le khongoana holimo. Joalokaha Bibele e bolela, ke taba ea motho eo ‘ka chebo ea mahlo a hae, a iqekang hore ho se ke ha fihleloa phoso ea hae bakeng sa ho e hloea.’ (Pesaleme ea 36:2) Ha u hlile u tsotella maikutlo a batsoali ba hao, u tla qoba ho se utloe ho tloha sethathong. Ntle ho moo, boiteko leha e le bofe ba ho patela batsoali ba hao litaba mohlomong bo tla ipaka e le ba lefeela, hobane ka ntle ho pelaelo ba bang ba se ntse ba tseba ka bophelo ba hao ba lekunutung.
Ha ho Letho le Patehileng
Baiseraele ba boholo-holo ba ile ba hlokomela sena ha ba ne ba leka ho qoba kotlo ka ho pata phoso ea bona. Moprofeta Esaia o ile a lemosa: “Ho malimabe ba ipatang ka ho re, ba patela Jehova merero ea bona, ba etsang mesebetsi ea bona lefifing, ba reng: Ea re bonang ke mang? Ea re lemohileng ke mang?” (Esaia 29:15) Baiseraele ba ile ba lebala hore Molimo o ne a bona liketso tsa bona tsa boitšoaro bo bobe. Ka nako e loketseng, o ile a ba bitsa ho tla ikarabella bakeng sa litšito tsa bona.
Ho ile ha etsahala se tšoanang ho Bakreste ba bang phuthehong ea lekholo la pele la lilemo. Ipalle ho Liketso 5:1-11 tlaleho e buang ka Ananiase le mosali oa hae, Safira. Ha ho ne ho etsoa letlōle le khethehileng bakeng sa ho hlokomela Bakreste ba hlokang, Ananiase o ile a rekisa tšimo ’me ka sebete a bolela hore o nehelane ka chelete eohle eo e rekisitsoeng ka eona. Leha ho le joalo, ka sebele, Ananiase o ne “a ipoloketse karolo e ’ngoe ea thekiso ka lekunutu” (NW) bakeng sa ho ithuisa ka boeena. Na Molimo o ile a thetsoa ke ho fana hoo ha boikaketsi? Le hanyenyane. Moapostola Petrose o ile a re: “Leshano leo ha ua le etsa ho batho, empa u le entse ho Molimo. Eare ha Ananiase a utloa mantsoe ao, a oela fatše, a shoa.” Safira, ea neng a kopanetse le eena ketsong e mpe, o ile a otloa ka lefu nakoana ka mor’a moo. Kamoo ho bonahalang ka teng bobeli ba bona ba ne ba lebetse hore Molimo “o tseba makunutu a lipelo.”—Pesaleme ea 44:21.
Ka ho tšoanang le kajeno, esita le haeba u ntse u atleha ho patela batsoali ba hao boitšoaro bo bobe, u ke ke ua pata boitšoaro bo joalo bo bobe mahlong a talimisisang a Jehova Molimo. Ba-Heberu 4:13 e re: “Ha ho sebopuoa se seng pepeneneng ho oona; empa tsohle li hlobotse, li senohile mahlong a eo re nang le litaba le eena.” Na mohlomong u ka ikutloa u le pepeneneng ho feta moo? ’Me ka ho tšoanang ka mor’a nako libe tsa hao tse patiloeng li tla senoleha ho ba bang. Liproverbia 20:11 e re: “Esita le moshanyana o itsebahatsa ka liketso tsa hae, ha metsamao ea hae e tla ba metle, e loke.” Maele a mang a re: “Ea patang melato ea hae a ke ke a hlohonolofala.”—Liproverbia 28:13.
Mosali e mocha ea bitsoang Tammy o ile a ithuta sena ha a sa le mocha. Le hoja a ne a hōlisitsoe ke batsoali ba Bakreste, o ile a qala ho tsuba, ho noa, le ho laetsana le batho bao eseng balumeli. Tammy o ile a leka ka thata ho pata boitšoaro ba hae bo bobe, empa oa hopola: “Batsoali ba ka ba ile ba hlokomela liphetoho ho ’na. Ke ile ka bontša bofetoheli ’me ka hōlisa boikutlo ba ho itaola. Ha motho a phela bophelo bo habeli, joang kapa joang ho tla senoleha ka mor’a nako. Ho ’na ho bile joalo kapele. Ntate o ile a nkhaoletsa ke eme le mohlankana pel’a sekolo.”
Kamoo Jehova a Ikutloang ka Teng
Ka hona, seo batsoali ba hao ba sa se tsebeng se ka ba utloisa bohloko—’me mohlomong—se tla ba utloisa bohloko ka nako e loketseng. Habohlokoa le ho feta, na u kile ua ipotsa, ‘Jehova o ikutloa joang ka ba phelelang leshano?’ Pesaleme ea 5:5, 6 ea arabela: ‘Jehova o hloile bohle ba etsang bokhopo; o tla felisa ba bolelang leshano. Ha e le batho ba mali le ba thetso, ke manyala ho Jehova.’ U se ke ua ikisa le khongoana holimo ka ho nahana hore u ka thabisa Molimo feela ka ho apara boikaketsi ba borapeli ha u tla libokeng tsa bolumeli. Oa tseba ha batho ‘ba mo hlonepha ka melomo, empa lipelo tsa bona li le hōle le eena.’—Mareka 7:6.
Mocha ea bitsoang Ricardo, ea ileng a kopanela boitšoarong bo litšila ba botona le botšehali o ile a ipolela tjena: “Motho o ba le boikutlo bo bohloko ha a tseba hore o sitetsoe Jehova.” Empa na ehlile ho ka etsahala ho siteloa Jehova—ke hore, ho etsa hore a utloe bohloko? Ehlile ho ka etsahala! Ha sechaba sa Iseraele sa boholo-holo se ne se lahla Molao oa Molimo, se ile sa “halefisa Mohalaleli oa Iseraele.” (Pesaleme ea 78:41) Kajeno e tlameha ebe o utloa bohloko hakaakang ha ka lekunutu bacha ba hōlisitsoeng “ka khalemelo le kelello e laoloang ke Jehova” ba etsa lintho tse fosahetseng!—Ba-Efese 6:4, NW.
Batsoali ba Utloileng Bohloko
Joale, hlokomela hore u ke ke ua lula u ipatile ka ho sa feleng. Ke boikarabelo ba hao ho Molimo, ho batsoali ba hao, le ho uena ka bouena ho lumela phoso le ho bolela se etsahetseng lekunutung. Ke ’nete, sena se ka ’na sa fella ka masoabi le liphello tse ling tse utloisang bohloko. (Ba-Heberu 12:10, 11) Haeba u ’nile ua ntšetsa pele mokhoa oa ho qala leshano le ho thetsa, u fokolisitse tšepo ea batsoali ba hao ho uena. Kahoo u se ke ua makala haeba ba u behela lithibelo tse boimanyana ho feta pele. Tammy oa hopola: “Ka mor’a hore ke khaoletsoe ke e-na le mohlankana oa ka, ntate o ne a tšohile. Joale o ile a hlokomela hore nke ke ka tšeptjoa. Ho ile ha bolela ho lula a mpeile leihlo ka linako tsohle.” Empa Tammy o ile a hlokomela hore o ne a hlile a kotula seo a se jetseng.—Ba-Galata 6:7.
Le uena u ka lebella hore batsoali ba hao ba utloe bohloko le ho halefa. Lebitso la bona le botumo li silafalitsoe. (Bapisa le Genese 34:30.) Haeba ntat’ao ke e mong oa Lipaki tsa Jehova, a ka ’na a tlameha hore a tlohele litokelo tse ling tsa hae tsa phutheho. (Tite 1:5-7) E, joalokaha Liproverbia 17:25 e bolela, mocha ea bontšang bofetoheli e ka ba ea ‘tenang ntat’ae, le ea babisang ea ’melehileng.’
Ka mokhoa o amang maikutlo mongoli Joy P. Gage o hlalosa kamoo batsoali ba bang ba ikutloang ka teng ha ngoana e e-ba mofetoheli. O re: “Ba bang ba lla ba khutsitse. Ba bang ba lla ka tšabo e khōlō. Ba bang ba llela lekunutung. Ba llela lintho tsohle tsa nako e fetileng. Ba llela hobane ka ho panya ha leihlo ha ho sa na bokamoso. Ba llela se ka beng se etsahetse. Ba llela seo ka sebele se lokelang ho ba teng. Ba llisoa ke khalefo. Ba llisoa ke ho ferekana.” Ka ho utloahalang, ho ke ke ha e-ba bonolo ho tobana le hore ebe u utloisitse bohloko bo joalo batho ba babeli ba u ratang ho feta leha e le mang lefatšeng. Tammy o re: “Ke hetla morao ’me ke lakatsa eka nka be ke sa bakela ’mè le ntate ho hlomoha ho hokaalo.”
Leha ho le joalo, u ke ke ua khutlela morao ’me ua etsolla tse fetileng. Hape, le hoja ntle ho pelaelo ho tla ba bohloko le ho ba thata, u tlamehile ho leka ho lokisa litaba. (Bapisa le Esaia 1:18.) Seo se bolela hore u bolelle batsoali ba hao ’nete, u amohele ho utloa bohloko le khalefo ea bona, u amohele khalemelo leha e le efe eo ba fanang ka eona. Ho bolela ha hao ’nete e ka ba bohato ba pele ba ho tlisa thabo lipelong tsa batsoali ba hao, le pelong ea Jehova Molimo, hammoho le ho iphumanela khotsofalo e thabisang ea letsoalo le hloekileng.—Liproverbia 27:11; 2 Ba-Korinthe 4:2.
Empa u lokela ho bolella batsoali ba hao joang? U ka qoba ho phela bophelo bo habeli joang? Lipotso tsena li tla tšohloa tokollong ea rōna e tlang.
Haeba ka mor’a ho bala makasine ona u na le lipotso leha e le life tsa Bibele, ka kōpo ikutloe u lokolohile ho iteanya le Lipaki tsa Jehova Holong ea ’Muso e leng sebakeng sa heno, kapa u ngolle bahatisi ba makasine ona. (Bona leqephe 5.)
[Setšoantšo se leqepheng la 31]
Ho bolela ’nete ho ka tlisa tokoloho ho uena le ho batsoali ba hao