“Motse o Tletse Khatello”
HA MOPROFETA oa Bibele Ezekiele a ne a bua ka motse ‘o tletseng khatello,’ o ne a sa tsebe letho ka mathata a hlaselang metse e meholo ea kajeno. (Ezekiele 9:9, An American Translation) Leha e le hore mantsoe a hae e ne e le tsela e poteletseng ea ho bolela mathata ana esale pele. Leha ho le joalo, seo a se ngotseng e ne e tla ba tlhaloso e nepahetseng ea metse e meholo ea lekholong la bo20 la lilemo.
Buka 5000 Days to Save the Planet e boletse: “Joaloka lesupi la lithako, metse ea rōna e fetohile e tšabehang ho phela ho eona le ho e talima. . . . Mehaho e ntseng e eketseha ho laola metse ea rōna e ’nile ea hahuoa ho nahanetsoe hanyenyane kapa ho sa nahaneloa ho hang batho ba tlamehang ho phela le ho sebetsa ka ho eona.”
Linnete tse sa Thabiseng ka Metse e Meholo
Metse e meholo e robong, e leng likarolong tse sa tšoaneng tsa lefatše, e ’nile ea hlalosoa ke likoranta le limakasine ka tsela e latelang. Na u ka khona ho khetholla motse ka mong o moholo ka lebitso la oona le nepahetseng?
Motse oa A, o leng Latin America, o tsebahala ka bacha ba teng ba hireloang ho bolaea le tekanyo e phahameng ea lipolao. O boetse o tsejoa e le lehae la mokhatlo oo eseng oa molao o mōkōlang lithethefatsi.
Motse oa B ke “motse-moholo o mobe ka ho fetisisa [United States] ka bosholu ba seterateng.” Nakong ea likhoeli tse peli tsa pele ka 1990, lipolao li “ne li eketsehile ka karolo ea 20 lekholong ho tloha ka nako e tšoanang” selemong se ka pele.
“Ka selemo batho ba limilione tse ’maloa ba fallela litsing tsa metse ea litoropo ea Amerika Boroa, Afrika, le Asia . . . , ba fallela moo ba nahanang hore ke naheng e tšepisitsoeng.” Ba sa e fumane, ba bangata ba qobelleha ho phela ka bofutsana, ba susumeletseha ho ba mekōpa-kōpa kapa ho utsoa e le hore ba phele. Halofo ea baahi ba Motse oa C oa Afrika le Motse oa D oa Asia—hammoho le karolo ea 70 lekholong ea Motse oa E oa Asia—ho tlalehoa hore e na le matlo a lirutha a boemo bo tlaase.
“Le hoja [Motse oa F] o le har’a litsi tsa litoropo tse khōlō tse sireletsehileng ka ho fetisisa Amerika Leboea, ho hloka mosebetsi ho ntseng ho eketseha, tekanyo e ntseng e phahama ea tlōlo ea molao le lehloeo la morabe li entse hore baahi ba teng ba be le boikutlo ba pelaelo ka tšobotsi e mpe ea katleho. Tlōlo ea molao . . . e nyahamisitse baahi ba motse. Litlhaselo tsa likamano tsa botona le botšehali li eketsehile ka 19% . . . Lipolao li phahame hoo e ka bang ka 50%.”
“Letsatsi ka leng batho ba 1 600 ba fallela [Motseng oa G oa Latin America] . . . Haeba [o] tsoela pele ho hōla ka lebelo lena batho ba limilione tse 30 ba tla be ba lula teng bofelong ba lekholo lena la lilemo. Ba tla tsamaea butle haholo ka har’a motse ka makoloi a limilione tse 11, ba thibetsoe ke sephethe-phethe sa makoloi ka lihora tse ngata nakong eo . . . Tšilafalo ea moea . . . e phahame ka makhetlo a lekholo ho feta tekanyo e amohelehang. . . . Karolo ea 40 lekholong ea baahi bohle e tšoaroa ke lefu le sa khaotseng la matšoafo. . . . Nakong eo sephethe-phethe se leng sengata haholo lerata setsing sa motse le phahama ho fihlela lipakeng tsa li-decibel tse 90 le tse 120; ho nahanoa hore li-decibel tse 70 ke tse ke keng tsa mamelloa.”
“Letsatsi ka leng ho thonakoa mantle a lintja a etsang litone tse 20 literateng le litselaneng tsa [Motse oa H oa Europe]. . . . Ho phaella litšenyehelong le tšenyong, ho senotsoe sesosa se seng se tebileng haholoanyane. Mantle a lintja ke mohloli oa boloetse bo bakoang ke kokoana-hloko e bitsoang Toxocara canis. Halofo ea libaka tseo bana ba bapallang ho tsona le mabokose [a motse] a tšelang lehlabathe ao bana ba bapalang ka ’ona li ile tsa fumanoa li na le tšoaetso ea mahe a sa bonahaleng le a sa shoeng habonolo a kokoana-hloko eo, a kenang malapeng a hatiloe ka lieta le ka maoto a liphoofotsoana tsa lapeng. . . . Matšoao a bonahalang esale pele a boloetse bona ke mokhathala, mahlaba ka mpeng, ho hlōloa ke menkho, mathata a pelo le methapo.”
“Le hoja [Motse oa I oa Asia] o hlasetsoe ke mathata ’ohle a metse e meholohali e tsoetseng pele haholo moruong naheng e futsanehileng—bofutsana, tlōlo ea molao, tšilafalo—o qalile ho ipaka e le o mong oa metse e meholo ea lekholong la bo21 la lilemo.”
Na ke Mekhelo Kapa ke Tloaelo?
Na u ile ua khona ho khetholla metse ee ka mabitso a eona? Mohlomong ha ho joalo, hobane mathata a boletsoeng hase a motse
o le mong o itseng. Ho e-na le hoo, ke matšoao a bontšang bothata ba hoo e ka bang motse o mong le o mong oa boholo leha e le bofe lefatšeng lohle.
Motse oa A, ho ea ka koranta ea letsatsi ka leng ea Jeremane Süddeutsche Zeitung ke Medellín, Colombia. Lenane la lipolao le ile la fokotseha ho tloha ho 7 081 ka 1991 ho ea ho 6 622 “feela” ka 1992. Ho ntse ho le joalo, koranta ea letsatsi ka leng ea Colombia El Tiempo e tlaleha hore, nakong ea lilemo tse leshome tse fetileng, batho ba ka bang 45 000 ba ile ba shoa liketsong tsa pefo. Ka hona hona joale lihlopha tse fapaneng tsa sechaba li leka ka thata ho fokotsa tlōlo ea molao le liketso tse ling tse sa amoheleheng motseng le ho ntlafatsa botumo ba oona.
Ho tsebahatsoa ha Motse oa B ke The New York Times e le Motse oa New York mohlomong ha ho makatse ho batho ba kileng ba etela moo lilemong tsa morao tjena ’me haholo-holo ha ho makatse ho baahi ba teng.
Lipalo tse fanoeng ke makasine oa Jeremane Der Spiegel mabapi le palo ea batho ba phelang boemong ba bofutsana Nairobi, Kenya (C), Manila, Philippines (D), le Calcutta, India (E) li bontša hore batho ba bangata ho feta ba phelang linaheng tsohle tsa Europe tse ruileng joaloka Denmark kapa Switzerland ba qobelleha ho phela matlong a lirutha metseng ena e meraro feela.
Motse oa F—Toronto, Canada—o ile oa hlalosoa ka 1991 ke makasine oa Time sehloohong se neng se batla se sa khothatse joaloka se neng se hatisitsoe lilemo tse tharo pejana. Tlaleho ea pele e neng e e-na le sehlooho “Qetellong, Motse o Sebetsang,” e ile ea rorisa motse o “khahlang hoo e ka bang motho e mong le e mong.” Se ile sa qotsa moeti e mong a re: “Sebaka sena se batlile se nketsa hore ke boele ke khahloe ke metse e meholo hape.” Ka masoabi, kamoo ho bonahalang ka teng hona joale “motse o sebetsang” o hlaseloa ke mathata a tšoanang le a hlaselang metse e meng e meholo e ntseng e senyeha.
Le hoja o bua ka Motse oa G e le “o mong oa metse e metlehali haholo le ea feshene linaheng tsa Amerika, le o mong oa metse e tsoetseng pele haholo,” leha ho le joalo makasine oa Time o lumela hore ona “ka sebele ke Motse oa Mexico o ruileng, le oa bahahlauli.” Ho sa le joalo, ho ea ka World Press Review, mafutsana a subuhlellana hammoho “ho e meng ea mek’huk’hu e 500 ea motse” lirutheng tsa matlo “a hahiloeng ka lintho tsa liindasteri tse lahliloeng, lik’hateboto, likarapa tsa makoloi, le thepa ea ho haha e utsoitsoeng.”
Motse oa H o tsebahalitsoe ke makasine oa beke le beke oa Fora L’Express e le Paris, oo, ho ea ka The New Encyclopædia Britannica, “ka lilemo tse makholo-kholo, ka tsela eo le ka mohla e sa kang ea hlalosoa ka katleho, . . . o ileng oa fana ka monyaka o hohetseng batho ba limilione ho potoloha le lefatše.” Leha ho le joalo, ka baka la mathata a tebileng, thabo e ’ngoe ea “Gay Paree” e felile.
Ka Motse oa I, Time e re: “Le hoja pele o ne o talingoa ka lerato ke batho ba Bophirimela e le motse-moholo oa Siam ea khale o neng o bonahala e le oa boiketlo,
‘Venice ea Bochabela,’ motse oa kajeno oa mangeloi le litempele tsa khauta o feto-fetohang ke motse oa morao-rao Asia o nang le sepenya sa baahi.” Esita le mangeloi a teng le litempele tsa teng li hlōlehile ho thibela hore Bangkok, Thailand, bonyane ka nako e itseng, e fetohe “motse-moholo oa lefatše o tletseng botekatsi.”
Ho Hlahlobisisa Metse e Meholo
Lilemong tse leshome tse fetileng moqolotsi e mong oa litaba o ile a hlokomela hore le hoja metse e meholo e bonahala “e na le mathata a tšoanang, o mong le o mong o na le litšobotsi tse ikhethang, ka hona o na le tsela e khethehileng ea ho loanela ho sebetsana le mathata a oona.” Ka 1994, metse e meholo e ntse e loana, o mong le o mong ka tsela ea oona.
Hase e mong le e mong ea nahanang hore ntoa ea ho sebetsana le mathata e hlōlehile. Ka mohlala, eo pele e neng e le ramotse oa Toronto, o ile a bontša ho ba le tšepo, a re: “Ha ke nahane hore motse ona oa senyeha. O tobane le mathata, empa ke nahana hore re ka rarolla bothata bona.” Ke ’nete hore metse e meng e tobane ka katleho le mathata a itseng a eona, kapa bonyane e a fokolitse ka tekanyo e itseng. Empa sena se ile sa hloka ho fetang ho ba le tšepo feela.
Ka January selemong se fetileng moqolotsi oa litaba Eugene Linden o ile a ngola: “Qetello ea lefatše e tsamaisana haufi-ufi le qetello ea metse ea lona e meholo.” Ho sa tsotellehe liphello, metse e meholo e fetotse lefatše la rōna, ’me e ntse e tsoela pele ho etsa joalo. Hape, ho sa tsotellehe hore na ke ea boholo-holo kapa ea kajeno, e re amme ka seqo—mohlomong ho feta kamoo re ka nahanang ka teng. Ke ka lebaka leo ho pholoha ha eona ho tsamaisanang haufi-ufi le ha rōna.
Joale, morero oa ho hlahlobisisa metse e meholo hase feela ho eketsa tsebo e akaretsang. Habohlokoa haholoanyane, ho tla re hlokomelisa boemo bo sa tsitsang boo lefatše le iphumanang le le ho bona hona joale. Ho sa tsotellehe mathata a tebileng a lefatše—a bonahalang ka ho hlaka ntoeng ea metse ea rōna ea ho sebetsana le mathata—tšepo e ntse e le teng!
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 6]
“Qetello ea lefatše e tsamaisana haufi-ufi le qetello ea metse ea lona e meholo.”—Mongoli Eugene Linden
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Ho tloha motseng o mong o moholo ho ea ho o mong ho ka ’na ha e-ba bonolo, empa ho rarolla mathata a eona ha ho bonolo