Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g01 4/8 maq. 4-7
  • Metse e Meholo—Ke Hobane’ng ha e le Maqakabetsing?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Metse e Meholo—Ke Hobane’ng ha e le Maqakabetsing?
  • Tsoha!—2001
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Litebello Tse sa Phethahalang
  • Linnete Tse Ling Tse Bohloko
  • Mathata a Metse e Meholo Linaheng Tsa Bophirimela
  • “A re Ikaheleng Motse”
    Tsoha!—1994
  • “Motse o Tletse Khatello”
    Tsoha!—1994
  • Bothata ba ho Fepa Baahi ba Litoropong
    Tsoha!—2005
  • Metse e Meholo e na le Bokamoso Bofe?
    Tsoha!—2001
Bala Tse Ling
Tsoha!—2001
g01 4/8 maq. 4-7

Metse e Meholo—Ke Hobane’ng ha e le Maqakabetsing?

“Tloong! A re ikaheleng motse le tora eo tlhōrō ea eona e leng maholimong, . . . esere ra hasanngoa lefatšeng lohle.”—Genese 11:4.

MANTSOE ana a builoeng lilemong tse 4 000 tse fetileng, a ne a thoholetsa ho ahoa ha motse o moholo oa Babele.

Babele, eo hamorao e ileng ea bitsoa Babylona, e ne e le thoteng ea Shinare e Mesopotamia, e neng e kile ea beha haholo. Leha ho le joalo, ho fapana le maikutlo a atileng, e ne e se oona motse oa pele o moholo o tlalehiloeng ka Bibeleng. Ha e le hantle, metse e meholo e qalile pele ho Moroallo oa mehleng ea Noe. ’Molai Kaine o ile a theha oa pele ho e tlalehiloeng. (Genese 4:17) Motse ona o neng o bitsoa Enoke, mohlomong o ne o le ka holimonyana ho sebaka sa bolulo se sirelelitsoeng kapa motsana. Ka lehlakoreng le leng, Babele eona e ne e le motse o moholohali—setsi se hlahelletseng sa borapeli ba bohata se neng se e-na le tora e hapang tlhokomelo ea bolumeli. Leha ho le joalo, Babele hammoho le tora ea eona e neng e tumme hampe li ile tsa ema khahlanong le Molimo. (Genese 9:7) Kahoo, ho latela Bibele, Molimo o ile a kenella ’me a ferekanya puo ea lihahi, a felisa morero oa tsona oa bolumeli oa ho hahamalla botumo. Genese 11:5-9 e re Molimo o ile “a ba hasanya lefatšeng lohle ho tloha moo.”

Ha ho makatse hore ebe sena se ile sa etsa hore ho be le metse e meholo e mengata. Etsoe metse ena e ne e fana ka tšireletseho ha lira li hlasela. Metse e meholo e ne e le libaka tseo lihoai li ka bokellang le ho aba lihlahisoa ho tsona. Ho fihla ha ’maraka le hona ho ile ha lumella baahi ba bangata ba metseng e meholo hore ba etse lintho tse ling tse ka ba phelisang ntle le ho ba lihoai. The Rise of Cities e re: “Hang ha baahi ba metse e meholo ba lokoloha bophelong ba ho kolla ntsi hanong, ba ne ba ka qala ho etsa mesebetsi e mengata e khethehileng: ho etsa libaskete, ho bōpa lipitsa, ho ohla, ho loha, ho etsa mesebetsi ea letlalo, ho betla mapolanka le ho haha ka majoe—ntho leha e le efe eo ’maraka o neng o ka e lumella.”

Metse e meholo e ile ea e-ba litsi tse atlehang tsa ho rekisa thepa e joalo. Nahana ka tlaleho ea Bibele ea tlala ea sekoboto e ileng ea e-ba teng Egepeta. Tona-khōlō ea teng, Josefa, o ile a fumana ho le molemo ho beha baahi metseng e meholo. Hobane’ng? Ka ho totobetseng, sena se ile sa etsa hore ho aba lijo tse setseng ho atlehe haholoanyane.—Genese 47:21.

Metse e meholo e ne e boetse e ntlafatsa puisano le tšebelisano lipakeng tsa batho nakong eo ka eona lipalangoang li neng li tsamaea butle li bile li le ’maloa. Sena le sona se ile sa eketsa lebelo la ho fetoha ha maemo a bophelo le a litloaelo. Metse e meholo e ile ea fetoha litsi tsa lintho tse ncha ’me ea khothalletsa tsoelo-pele ea theknoloji. Ha likhopolo tse ncha li phalla ka bolokolohi, ho ile ha hlaha lintho tse ncha khopolong ea saense, bolumeli le filosofi.

Litebello Tse sa Phethahalang

Mehleng ea kajeno, metse e meholo e tsoela pele ho fana ka menyetla e mengata e joalo. Ke ka hona ho sa makatseng hore ebe e khahla batho ba limilione—haholo-holo libakeng tseo ho tsona bophelo ba mahaeng bo fetohileng bo thata ka mokhoa o sa mamelleheng. Leha ho le joalo, ho batho ba bangata ba fallelang metseng e meholo, litebello tseo ba nang le tsona tsa ho phela hamolemo ha li phethahale. Buka ea Vital Signs 1998 e re: “Ho latela phuputso ea morao tjena e entsoeng ke Lekhotla la Baahi, bophelo ba metseng e mengata e meholo linaheng tse tsoelang pele kajeno bo futsanehile ho feta ba mahaeng.” Ke hobane’ng ha ho le joalo?

Henry G. Cisneros o ngola tjena ho The Human Face of the Urban Environment: “Ha batho ba futsanehileng ba subuhlellana libakeng tse itseng tse khethehileng, mathata a bona a eketseha ka potlako. . . . Ho subuhlellana ho eketsehang ha mafutsana, ao boholo ba ’ona e leng batho ba khelloang tlaase sechabeng, ho ’nile ha tsamaisana le ho hloka mesebetsi ho ntseng ho ja setsi, ho eketseha le ho tsoela pele ha ba itšetlehileng ka liphallelo, mathata a bokuli bo sa feleng sechabeng ’me ho tšosang ka ho fetisisa, tlōlo ea molao e eketsehang.” Ka ho tšoanang, buka ea Mega-city Growth and the Future ea hlokomela: “Hangata ho fihla ha batho ka bongata ho etsa hore ho be le palo e phahameng ea batho ba hlokang mesebetsi le ba sa sebetseng nako eohle, lebaka e le hobane ’maraka oa ho fana ka mesebetsi o sitoa ho khotsofatsa batho ba eketsehang ba batlang mosebetsi.”

Palo e eketsehang ea bana ba lulang literateng ke bopaki bo utloisang bohloko ba bofutsana bo tebileng bo teng metseng e meholo linaheng tse tsoelang pele. Ho latela likhakanyo tse ling, ho na le bana ba bangata hoo ba ka bang limilione tse 30 ba se nang mahae lefatšeng ka bophara! Buka ea Mega-city Growth and the Future e re: “Bofutsana le mathata a mang li sentse tlamahano ea lelapa hoo bana ba se nang mahae ba ileng ba tlangoa ke maemo hore ba ikhoantlelle.” Bana ba joalo ba ikhoantlella ka thata ka ho ja meqomong ea lithōle, ka ho ba mekōpa-kōpa kapa ho etsa mesebetsi e khelloang fatše limmarakeng.

Linnete Tse Ling Tse Bohloko

Bofutsana bo ka lebisa tlōlong ea molao. Motseng o mong o moholo oa Amerika Boroa o tsebahalang ka tsebo ea meralo ea kaho ea morao-rao, tlōlo ea molao e atile hoo motse oo ka potlako o tantelloang hohle ka litšepe. Ho tloha ho baahi ba ruileng haholo ho ea ho ba futsanehileng haholo, kaofela ba sireletsa thepa ea bona le boinotši ba bona ka makhoakhoa a litšepe. Ha e le hantle, ba phela ka har’a makhoakhoa. Ba bang ba bile ba sireletsa matlo a bona ka litšepe le pele a qeta ho hahoa.

Baahi ba bangata ba boetse ba thefula matla a motse a ho fana ka litšebeletso tse hlokahalang tse kang metsi le tsamaiso ea likhoerekhoere. Ho hakanngoa hore motseng o mong o moholo oa Asia, ho hlokahala matloana a sechaba a 500 000. Leha ho le joalo, patlisiso ea morao tjena e bontšitse hore ho fumanoe matloana a sebetsang a 200 feela!

Se seng se sa lokelang ho tlōlisoa mahlo ke tšenyo eo sepenya sa baahi hangata se e bakang tikolohong. Lipolasi tse haufi lia fela ha metse e meholo e atoloha. Eo e kileng ea e-ba mookameli oa United Nations Educational, Scientific, and Cultural Organization (Mokhatlo oa Machaba a Kopaneng oa Thuto, Saense le Mekhoa ea Bophelo), Federico Mayor, o re: “Metse e meholo e sebelisa matla a mangata haholo, e thefula phepelo ea metsi le ho qeta lijo le lisebelisoa. . . . Tikoloho e feletsoe ke matla kaha e se e sitoa ho hlahisa lintho kapa ho monya tse ntšetsoang ho eona.”

Mathata a Metse e Meholo Linaheng Tsa Bophirimela

Boemo linaheng tse ka Bophirimela bo ka ’na ba se ke ba e-ba bobe hakaalo, empa maqakabetsi a teng metseng e meholo. Ka mohlala, buka ea The Crisis of America’s Cities e re: “Kajeno metse e meholo ea Amerika e tsebahala ka pefo e feteletseng. . . . Ho ata ha pefo metseng e meholo ea Amerika ho hobe hoo likoranta tsa bongaka li qalileng ho siea sebaka se itseng bakeng sa ho ngola ka eona e le taba e ka sehloohong e amang bophelo mehleng ena ea rōna.” Ka sebele, pefo ke seoa metseng e mengata e meholo ho pota lefatše.

Ho mpefala ha bophelo ba metseng e meholo ke lebaka le leng le entseng hore bo-rakhoebo ba se khahloe ke metse e mengata. Buka ea The Human Face of the Urban Environment e re: “Likhoebo li falletse metseng e haufi le litoropo kapa linaheng tse ling, tsa koala lifeme, tsa siea ‘lefatše le senyehile’—ho setse mehaho e lephaka e litšeng tse silafetseng, tse epetseng lithōle tse chefo, moo ho seng letho la tsoelo-pele le ka etsoang.” Ka lebaka leo, metse e mengata e meholo e ba le batho ba futsanehileng ba subuhlellaneng libakeng “tseo mathata a tikoloho a sa natsoeng ho tsona—moo ho nang le ho phatloha ha tsamaiso ea likhoerekhoere; moo ho se nang metsi a lekaneng a hloekileng; moo likokoanyana tse lomang li tletseng lithotobolong ’me li hlasela libaka tsa bolulo; moo bana ba banyenyane ba jang pente ea loto maboteng a khakhaphehang a mehaho . . . moo ho bonahalang ho se ea tsotellang.” Tikolohong e joalo, ho rena tlōlo ea molao, pefo le tsieleho.

Ho phaella moo, metse e meholo ea Bophirimela e na le bothata ba ho fana ka litšebeletso tse hlokahalang. Khale koana ka 1981, mongoli Pat Choate le mongoli Susan Walter ba ile ba ngola buka e nang le sehlooho se hapang tlhokomelo se reng, America in Ruins—The Decaying Infrastructure. Bukeng eo ba itse: “Lintho tse sebelisoang ke sechaba tsa Amerika li senyeha ka potlako ho feta kamoo li lokisoang kateng.” Bangoli bao ba ile ba fana ka temoso e matla ka marokho a jeoang ke mafome, litsela tse senyehang le litsamaiso tsa likhoerekhoere tse phatlohang metseng e meholo.

Lilemo tse 20 hamorao, metse e meholo e kang New York e ntse e e-na le litlhoko tsa motheo tse sa thabiseng. Sehlooho se neng se le ho New York Magazine se ne se hlalosa morero oa Thanele ea Boraro ea Metsi e khōlōhali. O se o qetile lilemo tse 30 joale ’me o bitsoa morero o moholo ka ho fetisisa oa tlhoko ea motheo Karolong ea Lefatše e ka Bophirimela. O akarelletsa chelete e kaalo ka liranta tse limilione tse likete li 40. Ha e felile, thanele eo e tla fepela New York City ka lilithara tsa metsi tse limilione tse likete li hlano ka letsatsi. Mongoli o re: “Empa ho cheka hona hohle ho hlollang ho etsetsoa feela hore thanele ena e be e thusang liphaephe tse teng e le hore li ka lokisoa ka lekhetlo la pele esale li etsoa qalong ea lekholo [la bo20] la lilemo.” Ho latela sehlooho se ho The New York Times, ho lokisa lintho tse ling tsa litlhoko tsa motheo tse senyehang tsa motse—litsela tsa oona tse tsamaeang ka tlas’a lefatše, liphaephe tsa metsi, mebila, marokho—ho tla ja chelete e hakanyetsoang ho liranta tse limilione tse likete li 695.

New York hase oona feela motse o nang le mathata a ho fana ka litšebeletso tse hlokahalang. Ha e le hantle, metse e mengata e meholo e ipakile e pepesehetse ho se hlophisehe ka lebaka la lisosa tse ngata tse fapaneng. Ka February 1998, Auckland, New Zealand, e ile ea tsukutloa ke ho hloka motlakase ka sehlōhō ka libeke tse fetang tse peli. Baahi ba Melbourne, Australia, ba ile ba hloka metsi a chesang matsatsi a 13 ha likhase tse fepelang li ne li koaloa ka lebaka la kotsi ea indasteri e ileng ea etsahala setšeng sa phepelo.

Joale ho na le bothata boo metse eohle e meholo e batlang e e-na le bona—tšubuhlellano ea sephethephethe. Setsebi sa meralo ea ho haha, Moshe Safdie, o re: “Ho na le khohlano e feletseng—ho se lumellane lipakeng tsa boholo ba metse e meholo le mekhoa ea eona ea lipalangoang. . . . Metse e meholo ea khale e ’nile ea tlameha ho lumellanya litsi tsa eona tsa khoebo le sepenya sa sephethephethe seo ha motse oo o ne o hahoa ho neng ho sa nahanoa hore se tla ba teng.” Ho latela The New York Times, litoropong tse kang Cairo, Bangkok le São Paulo, tšubuhlellano ea sephethephethe ke “ketsahalo ea letsatsi le letsatsi.”

Ho sa tsotellehe mathata ana ’ohle, ho bonahala ho se letho le thibelang ho fallela litoropong ho sa khaotseng. Joalokaha sehlooho se ho The UNESCO Courier se beha taba, “ebang ke ka nepo kapa ka phoso, ho bonahala toropo e fana ka tsoelo-pele le tokoloho, mohopolo oa ho ba le menyetla e itseng, khoheli e ke keng ea iphapanyetsoa.” Ha e le hantle, bokamoso bo tšoaretse litoropo tsa lefatše eng? Na ho na le tharollo ea sebele mathateng a tsona?

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 5]

“Hangata ho fihla ha batho ka bongata ho etsa hore ho be le palo e phahameng ea batho ba hlokang mesebetsi le ba sa sebetseng nako eohle”

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Tšubuhlellano ea sephethephethe e tletse litoropong tse ngata

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Bana ba limilione ba lulang literateng baa ikhoantlella

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Litebello tsa bophelo bo molemo tsa baahi ba bangata ba litoropong ha li phethahale

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela