Banna le Basali—Na ba Hlile ba Bua ka Tsela e Fapaneng?
NKA hore Thabo o kene ofising ea Mohale a hulanya maoto, mahetla a hae a bonahala a oele ke ho imeloa ke mathata. Mohale o ile a sheba motsoalle oa hae ka bonolo ’me a emela hore a bue. Thabo o ile a sisimoha: “Ha ke tsebe hore na ke tla khona ho qeta tumellano ena kapa che. Ho na le mathata a mangata haholo a neng a sa lebelloa, ’me ba ntlo-khōlō ba hlile ba mpehile merebele.” Mohale o ile a botsa ka tšepo: “Ke eng e u tšoentseng, Thabo? Ua tseba hore u tšoanelehela mosebetsi oo, ’me le bona baa tseba. Iketle. U nahana hore hoo ke bothata? Khoeli ena e fetileng feela . . .” Mohale o ile a pheta makolopetso a qabolang a koluoa ea hae ’me le pele ho feta nako e itseng motsoalle oa hae o ile a tsoa ofising ea hae a tšeha ’me a imolohile. Mohale o ne a thabetse ho thusa.
Hape nka hore motšehare oa mantsiboea ha a fihla hae, Mohale o ile a hlokomela kapele-pele hore mosali oa hae, Puleng, le eena o ne a felile pelo. O ile a mo lumelisa ka tsela e thabileng ho feta ea mehla ’me a emela hore a ’molelle se mo felisitseng pelo. Ka mor’a khutso ea tsitsipano, le e bosula, o ile a phasoloha: “Nke ke ka hlola ke mamella! Mookameli enoa e mocha ke mohatelli!” Mohale o ile a mo lulisa fatše, a mo kopa, ’me a re: “Moratuoa, se ke ua fela pelo hakana. E mpa e le mosebetsi feela. Baokameli ba joalo. Hoja ua utloa ha oa ka a omana kajeno. Leha ho le joalo, haeba u utloa ho le boima, itokolle mosebetsing.”
Puleng o ile a araba kapele: “Ha u tsotelle hore na ke ikutloa joang! Ha ho mohla u ’mamelang! Nke ke ka itokolla! Ha u amohele chelete e lekaneng!” O mathela ka kamoreng ho ea lla haholo. Mohale o ile a ema ka ntle ho monyako o koetsoeng oa kamore a maketse, a ipotsa hore na ho etsahetse’ng. Ke hobane’ng ha mantsoe a Mohale a matšeliso a ile a nkoa ka tsela e fapaneng hakaale?
Na ke ka Lebaka la ho Fapana ha Banna le Basali?
Ba bang ba ne ba ka re phapang lipapisong tsena e bakiloe ke hore: Thabo ke monna; Puleng ke mosali. Bafuputsi ba puo ba lumela hore mathata a puisano lenyalong hangata a bakoa ke ho fapana ha bong. Libuka tse kang You Just Don’t Understand le Men Are From Mars, Women Are From Venus li phahamisa khopolo ea hore banna le basali, le hoja ba bua puo e tšoanang, ba na le mekhoa e fapaneng ka ho feletseng ea puisano.
Ntle le pelaelo, ha Jehova a bōpa mosali ho tsoa ho monna, e ne e se feela moetso o ntlafalitsoeng hanyenyane. Monna le mosali ba ile ba etsoa ka bohlale le ka kelello hore ba tlatsane—’meleng, maikutlong, kelellong, moeeng. Liphapanong tseo re tsoetsoeng re e-na le tsona, ekeletsa ho rarahana ha khōliso le phihlelo ea bophelo tse fapaneng, le ho susumetsoa ha batho ke moetlo, tikoloho, le pono ea sechaba ea lintho tse bonna le tse bosali. Ka lebaka la litšusumetso tsena, ho ka etsahala hore re khone ho arola mekhoa e itseng tseleng eo ba batona le ba batšehali ba buisanang ka eona. Empa “monna oa sebele” kapa “mosali oa sebele” bao ho leng thata ho ba utloisisa e ka ’na eaba ba libukeng tsa thuto ea kelello feela.
Ka tloaelo ho tsebahala basali e le batho ba amehang maikutlo kapele, empa banna ba bangata ba bonolo ka tsela e babatsehang litšebelisanong tsa bona le batho. Ho nahana ka ho beha mabaka ho ka amahanngoa haholo le banna, empa hangata basali ba na le temohisiso e batsi, le ea ho tseba ho hlahlolla lintho. Kahoo le hoja ho se bonolo ho re tšoaneleho e itseng ke ea banna ka ho khetheha kapa ke ea basali feela, re ka kholiseha ka ntho e le ’ngoe: Temohisiso tseleng eo e mong a shebang lintho ka eona e ka etsa phapang pakeng tsa ho lulisana ka khotso le ho loana ka ho feletseng, haholo-holo lenyalong.
Phephetso ea letsatsi le letsatsi ea puisano lipakeng tsa banna le basali lenyalong ke e tšosang. Banna ba bangata ba ka paka hore potso e bonahalang eka e bonolo “Na u rata setaele sa ka sa moriri?” e ka ba e tletseng likotsi. Basali ba bangata ba masene ba ithuta hore ba balehele ho ’na ba botsa, “Ke hobane’ng ha u sa kōpe ho bontšoa tsela?” ha banna ba bona ba lahleha ha ba le leetong. Ho e-na le ho nyenyefatsa ho bonahalang eka ke mekhoa e fapaneng ea molekane le hore ka manganga motho a khomarele ea hae hobane a re “ke kamoo ke leng kateng,” balekane ba nang le lerato ba sheba lintho botebong. Sena hase tlhahlobisiso e hlokang botsoalle ea mekhoa ea e mong ea puisano empa ke ho sheba ka mofuthu ka pelong le kelellong ea e mong.
Kaha motho e mong le e mong o ikhethile, ho joalo le ka kopano ea batho bafe kapa bafe lenyalong. Ho ba le likelello kapa lipelo tse utloanang ha ho etsahale ka kotsi empa ho hloka mosebetsi o boima ka lebaka la ho se phethahale ha rōna. Ka mohlala, ho bonolo ho nahana hore ba bang ba sheba lintho joaloka rōna. Hangata re arabela litlhokong tsa ba bang ka tsela eo re ka ratang ha ba arabela ho tsa rōna ka eona, mohlomong re leka ho latela Molao oa Khauta, “’Me joale, ntho tsohle tseo le ratang hore batho ba le etse tsona, ba etseng tsona le lōna.” (Mattheu 7:12) Leha ho le joalo, Jesu o ne a sa bolele hore seo uena u se batlang e tlameha ebe se loketse ba bang. Ho e-na le hoo, u lakatsa hore ba bang ba ka u fa seo u se batlang kapa u se hlokang. Kahoo u lokela ho ba fa seo ba se hlokang. Seo ke sa bohlokoa haholo-holo lenyalong, hobane e mong le e mong o entse kano ea hore o tla finyella litlhoko tsa molekane oa hae kahohle kamoo ho khonehang.
Puleng le Mohale ba entse kano e joalo. ’Me kopano ea bona ea lenyalo ea lilemo tse peli e bile e thabisang. Leha ho le joalo, le hoja ba na le boikutlo ba hore ba tsebana hantle, ka linako tse ling ho hlaha maemo a senolang lekhalo le ntseng le eketseha la puisano leo boikemisetso bo molemo feela bo ke keng ba le koala. Liproverbia 16:23 (NW) e re: “Pelo ea ea bohlale e etsa hore molomo oa hae o bontše temohisiso.” E, bohlale ba ho shebisisa lintho ke sona senotlolo se hlokahalang puisanong. A re boneng hore na se notlolla menyako efe bakeng sa Mohale le Puleng.
Pono ea Monna e Mong
Mohale o tšoere taolo lefatšeng le tletseng tlhōlisano leo ho lona motho e mong le e mong a tlamehang ho nka sebaka sa hae tlhophisong ea sechaba, ho sa tsotellehe hore na ke motho ea okametsoeng kapa ea okametseng boemong bo itseng. Puisano e sebeletsa ho tiisa boemo ba hae, matla, botsebi, kapa bohlokoa. Boipuso ba hae ke ba bohlokoa ho eena. Kahoo ha a fuoa litaelo ka tsela e hatellang, Mohale o iphumana a hanyetsa. Molaetsa o poteletseng oa hore “Ha u etse mosebetsi oa hao” o etsa hore a rabele, esita le haeba kōpo e le e utloahalang.
Ha e le hantle Mohale o qoqa feela hore ho fetisetsanoe boitsebiso. O rata ho bua ka mabaka, likhopolo, le lintho tse ncha tseo a ithutileng tsona.
Ha a mametse, Mohale o kena sebui hanong ka seoelo, esita le ka likarabelo tse nyenyane, tse kang “e, ao,” hobane o monya boitsebiso. Empa haeba a sa lumellane le seo, ha a qea-qee ho rialo, haholo-holo ha a bua le motsoalle. Ho bontša hore o thahasella seo motsoalle oa hae a se buang, a hloela lintho tsohle tse ka etsahalang.
Haeba Mohale a e-na le bothata, o khetha ho iphumanela tharollo. Kahoo a ka ikhula ho motho e mong le e mong le linthong tsohle. Kapa a ka khetha ho roba monakeli ka ntho e tla etsa hore a nahane ka ntho e ’ngoe esele hore a lebale ka bothata ba hae ka nakoana. A ka buisana le ba bang ka bothata bona feela ha a batla keletso.
Haeba motho a tla ho Mohale a e-na le bothata joalokaha Thabo a ile a etsa, Mohale o nka hore ke mosebetsi oa hae ho thusa, a ela hloko hore a se etse hore motsoalle oa hae a ikutloe a sa tšoanelehe. Ka tloaelo ha a fana ka keletso o arolelana le eo a mang a mathata a hae e le hore motsoalle oa hae a se ke a ikutloa a siiloe lepala-paleng.
Mohale o rata ho arolelana mesebetsi le metsoalle. Ho eena botsoalle bo bolela ho etsa lintho hammoho.
Ho Mohale hae ke setšabelo, sebaka seo a seng a sa hloke ho bua ho ipaka, moo a amoheloang, a tšeptjoang, a ratoang, a bileng a ananeloang. Ho ntse ho le joalo, ka linako tse ling Mohale o iphumana a hloka ho ba mong. Ho ka ’na ha se ke ha amana le Puleng kapa le seo a se entseng. O mpa feela a hloka ho ba mong. Mohale o fumana ho le thata ho senolela mosali oa hae lintho tseo a li tšohileng, ho se sireletsehe ha hae, le bohloko ba hae. Ha a batle hore a tšoenyehe. Mosebetsi oa hae ke ho mo hlokomela le ho mo sireletsa, ’me o hloka hore Puleng a mo tšepele ho etsa joalo. Le hoja Mohale a batla tšehetso, ha a batle qenehelo. E etsa hore a ikutloe a sa tšoanelehe kapa a se na thuso.
Pono ea Mosali a le Mong
Puleng o ipona e le motho ea khethehileng lefatšeng la litšebelisano tsa botsoalle le ba bang. Ho eena ke habohlokoa ho theha le ho matlafatsa maqhama a likamano tsena. Ho bua ke tsela ea bohlokoa ea ho bōpa le ho tiisa katamelano.
Ho itšetleha ka e mong ho itlela ka tlhaho ho Puleng. O ikutloa a ratoa ha Mohale a batla pono ea hae pele a etsa qeto, le hoja a batla hore Mohale a etelle pele. Ha a lokela ho etsa qeto, o rata ho buisana le monna oa hae, eseng hore a tle a ’molelle hore na a etse’ng, empa ho bontša katamelo ea hae le ho itšetleha ha hae ka monna oa hae.
Ho thata haholo ho Puleng ho bua ka ho toba le ho bolela hore o hloka ntho e itseng. Ha a batle ho tena Mohale kapa ho etsa hore a nahane hore ha aa thaba. Ho e-na le hoo, o emela hore a hlokomeloe kapa o etsa litlhahiso tse poteletseng.
Ha Puleng a qoqa, lintho tse fokolang li mo etsa hore a be bohele-hele ’me o botsa lipotso tse ngata. Sena ke sa tlhaho ka lebaka la maikutlo a hae a amehang habonolo le thahasello e khōlō bathong le likamanong.
Ha Puleng a mametse, o kena sebui hanong ka mantsoe a makalo, ho oma hlooho, kapa lipotso ho bontša hore o mametse sebui ebile o tsotella seo se se buang.
O sebetsa ka thata ho tseba ka ho toba seo batho ba se hlokang. Ho fana ka thuso a sa kōptjoa ke tsela e ntle ea ho bontša lerato. Haholo-holo o batla ho thusa monna oa hae ho hōla le ho ntlafatsa.
Ha Puleng a e-na le bothata, o ikutloa a sithabetsoe. O tlameha ho bua, eseng hore a batle tharollo, empa hore a hlahise maikutlo a hae. O hloka ho tseba hore ho na le motho e mong ea utloisisang le hore oa tsotella. Ha maikutlo a hae a phahame, Puleng o bua lintho tse akaretsang, tse sisimosang maikutlo. Ha a hlile ha a bolele seo a se buang ha a re: “Le ka mohla ha u ’mamele!”
Motsoalle oa Puleng e moholo oa bongoaneng e ne e se eo a neng a etsa lintho le eena empa eo a neng a bua ntho e ’ngoe le e ’ngoe le eena. Kahoo lenyalong ha a thahaselle hakaalo mesebetsi e ka thōko joalokaha a thahasella momameli ea nang le kutloelo-bohloko eo a ka arolelanang maikutlo a hae le eena.
Lapeng ke sebaka seo Puleng a ka buang a sa ahloloe. Ha a qea-qee ho senolela Mohale lintho tseo a li tšohileng le matšoenyeho a hae. Haeba a hloka thuso, ha a hlajoe ke lihlong ho lumela seo, hobane o tšepa hore monna oa hae o ikemiselitse ho mo thusa le hore o mo tsotella hoo a ka mo mamelang.
Hangata Puleng o ikutloa a ratoa a bile a sireletsehile lenyalong la hae. Empa ka linako tse ling, ntle le lebaka le utloahalang, o qala ho ikutloa a sa sireletseha a bile a sa ratoe ’me kapele a hloka kholiso le botsoalle.
E, Mohale le Puleng, batlatsani, ba fapane haholo. Liphapang tse lipakeng tsa bona li etsa hore ho be le ho se utloisisane ho hoholo, le hoja ka bobeli ba ka ba le boikemisetso ba ho bontša lerato le ho tšehetsa. Haeba re ne re ka utloa maikutlo a bona boemong bo ka holimo, ba ne ba tla re’ng?
Seo ba se Boneng ka Mahlo a Bona
Mohale o ne a tla re: “Eitse ha ke qala ke kena monyako, ka bona hore Puleng o felile pelo. Ke ile ka nahana hore ha a se a ikemiselitse, o tla mpolella lebaka. Bothata boo bo ne bo sa bonahale bo le boholo hakaalo ho ’na. Ke ile ka nahana hore hafeela nka mo thusa ho bona hore o ne a sa lokela ho fela pelo hakaalo le hore tharollo e bonolo, o ne a tla ikutloa hamolemo. Ha ke qeta ho mo mamela, ho ile ha nkutloisa bohloko haholo ha a re, ‘Le ka mohla ha u ’mamele!’ Ke ile ka utloa eka o ntjarisa molato oa litsietsi tsohle tsa hae!”
Puleng o ne a tla hlalosa: “Letsatsi lohle le ne le bile boima haholo. Ke ne ke tseba hore e ne e se molato oa Mohale. Empa ha a kena a thabile, ke ile ka utloa eka o iphapanyetsa taba ea hore ke felile pelo. Ke hobane’ng ha a sa mpotse hore na molato ke’ng? Ha ke ’molella bothata, moelelo oa sebele oa seo a ileng a se bua ke hore ke booatla, le hore ntho eo e ne e fokola. Ho e-na le hore a re o utloisisa kamoo ke ikutloang kateng, Mohale, ea rarollang mathata, o ile a mpolella hore ke rarolle bothata boo joang. Ke ne ke sa batle tharollo, ke ne ke batla kutloelo-bohloko!”
Ho sa tsotellehe ponahalo ea lekhalo lena la nakoana, Mohale le Puleng ba ratana haholo. Ke temohisiso efe e tla ba thusa ho bontša lerato leo ka ho hlakileng?
Ho Bona Lintho Kamoo e Mong a li Bonang Kateng
Mohale o ne a bona eka e tla ba o iketsa ntšunye-khare ha a ka botsa Puleng hore na molato ke eng, kahoo ka tlhaho o ile a mo etsa seo a ka ratang ba bang ha ba mo etsa sona. O ile a mo emela hore a qale ho bua. Joale Puleng o ne a se a sa felisoa pelo ke bothata boo feela empa le ke taba ea hore Mohale o ne a bonahala a iphapanyetsa kōpo ea hae ea tšehetso. Ha aa ka a bona ho khutsa ha hae e le pontšo ea tlhompho—o ne a ho bona e le ho se tsotelle. Ha Puleng a qetella a bua, Mohale o ile a mamela a sa mo kene hanong. Empa o ne a ikutloa eka Mohale o ne a sa utloe maikutlo a hae. Eaba Mohale o fana ka tharollo, eseng kutloelo-bohloko. Sena se ile sa bolella Puleng: ‘Maikutlo a hao ha a na motheo; o feteletsa lintho. Ua bona hore na ho bonolo hakaakang ho rarolla bothatanyana boo?’
Lintho li ne li tla fapana hakaakang hoja e mong o ile a khona ho bona lintho ka tsela eo e mong a li bonang kateng! Mohlomong ho ka be ho ile ha e-ba tjena:
Mohale o fihla hae o fumana Puleng a felile pelo. O botsa ka bonolo: “Molato ke’ng, moratuoa?” Meokho e qala ho keleketla, ’me o bua ka bothata boo a lokolohile. Puleng ha a re, “Ke molato oa hao!” kapa ho fana ka maikutlo a hore Mohale ha a etse ho lekaneng. Mohale o mo tšoarela haufi ’me o mamela ka tiisetso. Ha Puleng a qetile, Mohale o re: “Ke masoabi hore ebe u tšoenyehile. Kea hlokomela hore na ke hobane’ng ha u felile pelo hakana.” Puleng oa arabela: “Ke lebohile haholo ha u mametse. Ke ikutloa hamolemonyana ka ho tseba hore oa utloisisa.”
Ka masoabi, ho e-na le ho rarolla liphapang tsa bona, banyalani ba bangata ba khetha ho felisa lenyalo la bona ka tlhalo. Ho haella ha puisano ke sona sesosa sa ho qhalana ha malapa a mangata. Ho qhoma likhang tse sisinyang motheo oa lenyalo. Seo se etsahala joang? Sehlooho se latelang se bolela hore na seo se etsahala joang le hore na se ka qojoa joang.