Kaheho ea Khang
MOSALI o hloka ho ntša maikutlo a hae. Monna o batla ho fana ka tharollo. Ho ka etsahala hore ebe limilione tsa likhang lenyalong ho pholletsa le nako li ’nile tsa e-ba le lisosa tse fapaneng, empa hangata e ne e le ho fapana ha lintlha tse itseng tsa motheo. Ho utloisisa pono ea lintho ea molekane oa hao kapa mokhoa oa hae oa puisano ho ka thusa ho fokotsa mello ena ea moru hore e be mashala a hlenneng leifong la lelapa le thabileng.
“Se ke Ua Laola Bophelo ba Ka!”
Ho ba le maikutlo a mosali ea ratang ho busa, ea tenang e ka ba ’nete ho banna ba bangata ba iphumanang ba thibeletsoe haholo ke keletso, likōpo, le ho tšoauoa liphoso. Bibele e lumela maikutlo a joalo, ha e re: “Likomang tsa mosali li tšoana le marulelo a nelang a lelekang motho.” (Liproverbia 19:13, NW) Mosali a ka etsa kōpo eo monna oa hae a ka e hanang a ntse a khutsitse ka mabaka ao mosali a sa a tsebeng. Ka ho nahana hore ha aa mo utloa, lekhetlong lena mosali o ’molella hore na a etse joang. Ho hana ha hae hoa tiea. Na ke mosali ea tenang le monna ea huloang ka nko? Kapa na ke batho ba babeli ba mpang ba sa buisana hantle?
Ho ea ka pono ea lintho ea mosali, o bonahatsa lerato la hae ho monna oa hae hamolemohali ha a fana ka keletso e sebetsang. Ho ea ka pono ea lintho ea monna oa hae, o tontontša monna ’me o fana ka maikutlo a hore monna ha a tšoanelehe. “U se ke ua lebala mokotla oa hao” ho eena ke polelo ea ho tsotella, a etsa hore a kholisehe hore monna oa hae o na le seo a se hlokang. Seo se hopotsa monna ha ’mè oa hae a ne a mo hoeletsa a eme monyako, “Na u nkile jesi ea hao?”
Mosali ea khathetseng a ka ’na a re ka bonolo, “Na re tla ea jela ntlong ea lijo kajeno?” ha e le hantle a bolela hore, “Na u ke ke ua nthentha ka lijo tsa mantsiboea? Ke khathetse haholo hore nka pheha.” Empa monna oa hae ea inehetseng a ka nka monyetla oo ho babatsa mopheho oa hae a tiise hore o o rata ho feta ofe kapa ofe. Kapa a ka ba le boikutlo bona, ‘Mosali enoa o leka ho nqhekella!’ Ka nako e tšoanang, mosali a ka ipotsa ka tsela e nyefolang, ‘Ke hobane’ng ha ke lokela ho kōpa?’
“Ha U Nthate!”
Monna ea ferekaneng, ea selebaletsoeng oa hooa: “Ke hobane’ng ha a ka ba le maikutlo a joalo? Kea sebetsa, ke lefella likoloto, ebile ke mo tlela le lipalesa ka linako tse ling!”
Le hoja batho bohle ba hloka ho ikutloa ba ratoa, mosali o na le tlhoko e khethehileng ea ho kholisoa ka sena khafetsa. Mohlomong a ke ke a bua joalo ka lentsoe le phahameng, empa ka hare a ka ikutloa joaloka mojaro o sa batloeng, haholo-holo ha nako ea hae ea ho ilela khoeli e etsa hore ka nakoana a ikutloe a tepeletse maikutlong. Mabakeng a joalo, monna oa hae a ka ’na a ikhula, ka ho nahana hore mosali o batla nako ea ho ba mong. Mosali a ka ’na a nka ho hloka katamelo ha monna e le tiiso ea tšabo ea hae e khōlō—ha a sa mo rata. A ka ’na a halefela monna, a batla ho mo qobella ho mo rata le ho mo tšehetsa.
“Moratuoa, Molato Ke’ng?”
Tsela ea monna ea ho sebetsana le bothata bo boima e ka ba ho batla sebaka se khutsitseng ho nahanisisa ka bona. Ka boikutlo ba ho lemoha lintho kapele mosali a ka hlokomela khatello e itseng ’me kapele a arabela ka ho leka ho mo nyolla lemeneng leo a ikentseng ho lona. Ho sa tsotellehe hore na boiteko bona bo botle hakae, monna a ka ’na a bo nka e le ho iketsa ntšunye-khare ’me ho tlotlolla. Ha a ikhula ho ea nahana ka bothata ba hae, oa hetla ’me o bona mosali oa hae ea tšepahalang a mo latela ka phehello. O utloa lentsoe lane le phehellang le nang le lerato: “Moratuoa, ke eng? Molato ke eng? Ha re buisane ka hona.”
Haeba ho se na karabo, mosali a ka ’na a utloa bohloko. Ha a na le bothata, o batla ho bua le monna oa hae ka bona. Empa monna eo a mo ratang ha a batle ho arolelana maikutlo a hae le eena. Qeto ea hae e ka ’na ea e-ba, “E tlameha ebe ha a sa nthata.” Kahoo ha monna ea sa belaeleng letho a nyoloha lefatšeng la hae le ka hare, a khotsofetse ke tharollo eo a e fumaneng, ha a sa fumana mosali ea amehileng eo a mo siileng, empa mosali ea utloileng bohloko ea ikemiselitseng ho mo qosa ka hore o mo qheletse ka thōko.
“Le ka Mohla ha U ’Mamele!”
Qoso eo e utloahala e qabola. Ho bonahala ntho feela eo a e etsang e le ho mamela. Empa kamoo mosali oa hae a buang kateng, o na le boikutlo bo khethehileng ba hore mantsoe a hae a ntse a sefuoa le ho qanolloa ke computer e sebetsang lipalo tse thata. Lipelaelo tsa hae lia tiisoa ha e re, a sa ntse a bua, monna oa hae a re: “Ke’ng feela u sa . . . ?”
Ha mosali a tla ho monna oa hae ka bothata, hangata hase hobane a mo jarisa molato kapa a batla tharollo ho eena. Seo a se batlang ke tsebe e nang le kutloelo-bohloko, e ke keng ea mamela feela linnete tsa taba, empa le maikutlo a hae mabapi le eona. Joale, ha a batle keletso, empa tiiso ea hore maikutlo a hae aa utloahala. Ke ka hona banna ba bangata ba neng ba e-na le sepheo se setle ba ileng ba baka kotsi feela ka ho re: “Moratuoa, ha ua lokela ho ikutloa joalo. Ha ho hobe hakaalo.”
Hangata, batho ba lebella hore balekane ba bona ba tsebe seo ba se nahanneng. Monna e mong o ile a re: “Re na le lilemo tse 25 re nyalane. Haeba le joale ha a e-s’o tsebe hore na ke batla’ng, e tlameha ebe ha a tsotelle kapa ha a na thahasello.” Mongoli e mong o re bukeng ea hae e buang ka kamano ea lenyalo: “Ha banyalani ba sa bolellane seo ba se batlang ’me ba tšoaeana liphoso khafetsa ka ho fetoa ke monyetla o nepahetseng, ha ho makatse hore ebe moea oa lerato le tšebelisano-’moho oa nyamela. Sebakeng sa oona ho kena . . . moea oa tlhōlisano, oo ho oona molekane e mong a lekang ho qobella e mong ho finyella litlhoko tsa hae.”
“Ha U na Boikarabelo!”
Mosali a ka ’na a se ke a rialo ka ho toba ho monna oa hae, empa a ka ’na a ho etsa ka ho hlaka ka molumo oa hae oa lentsoe. “Ke hobane’ng ha u fihlile hae bosiu hakaale?” ho ka nkoa e le ho batla boitsebiso. Leha ho le joalo, mohlomong mahlo a hae a qosang le ho itšoara thekeng ho re ho monna oa hae: “Moshanyana tooe ea se nang boikarabelo, u entse hore ke tšoenyehe. Ke hobane’ng ha u ne u sa letse? Ha u nahanele! Hona joale lijo li folile!”
Ka ho hlakileng, o nepile tabeng ea lijo. Empa ha khang e ka ea qhoma, na kamano ea bona e kotsing ka ho tšoanang? Dr. John Gray oa hlokomela: “Likhang tse ngata ha li hlahisoe ke hobane batho ba babeli ba sa lumellane, empa mohlomong hobane monna a utloa eka mosali ha a ananele pono ea hae ea lintho kapa hobane mosali a sa ananele tsela eo monna a ’muisang ka eona.”
Ba bang ba na le maikutlo a hore lapeng ke moo motho a lokelang ho lumelloa ho bua seo a se ratang. Empa motho ea ntšetsang puisano e molemo pele o laba-labela hore ho be le kutloano ’me a finyelle khotso, a nahanela maikutlo a momameli. Re ka bapisa seo le ho fa molekane oa hao khalase ea metsi a nang le leqhoa ho e-na le ho mo hasa ka oona mahlong. Re ka re phapang ke kamoo mantsoe a behoang kateng.
Ho sebelisa mantsoe a Ba-Kolosse 3:12-14 (NW) ho tla felisa likhang ’me ho etse lehae le thabileng: “Aparang maikutlo a bonolo a kutloelo-bohloko‚ mosa‚ kelello e ikokobelitseng‚ bonolo‚ le tiisetso. Tsoelang pele ho mamellana le ho tšoarelana ka bolokolohi haeba e mong a e-na le lebaka la ho tletleba ka e mong. Feela joalokaha Jehova a le tšoaretse ka bolokolohi, le lōna le etse joalo. Empa, ho fapana le lintho tsena tsohle, aparang lerato‚ hobane ke tlamo e phethahetseng ea bonngoe.”
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Monna o emela linnete, mosali o emela maikutlo