Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g16 no. 3 maq. 10-11
  • Le ka Buisana ka Mathata Joang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Le ka Buisana ka Mathata Joang?
  • Tsoha!—2016
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • BOTHATA
  • SEO U LOKELANG HO SE TSEBA
  • SEO U KA SE ETSANG
  • Tsela ea ho Bontša Kananelo
    Tsoha!—2017
  • Banna​—⁠Tšoarang Basali ba Lōna Hantle
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Kamoo U ka Bontšang Tlhompho
    Tsoha!—2016
  • Ho Sebelisana le Batsoali ba Molekane oa Hao
    Tsoha!—2015
Bala Tse Ling
Tsoha!—2016
g16 no. 3 maq. 10-11
Monna o mametse mosali oa hae

SE KA THUSANG LELAPA | LENYALO

Le ka Buisana ka Mathata Joang?

BOTHATA

Na ha u leka ho lokisa litaba le molekane oa hao lintho li senyeha le ho feta? Haeba ho joalo, u ka khona ho lokisa bothata bona. Empa pele ho seo, u lokela ho tseba mekhoa e fapa-fapaneng eo banna le basali ba e sebelisang ha ba bua.a

SEO U LOKELANG HO SE TSEBA

Ntate o nahana ka mekhoa ea ho lokisa bothata ha ’mè eena a ntse a nahana ka mekhoa ea ho bua ka bona

Hangata basali ba rata ho bua ka bothata pele ba ka utloa tharollo ea bona. Ha e le hantle, ka linako tse ling ho bua ke eona tharollo.

“Ke ee ke utloe ho le betere ha ke ntšitse maikutlo ’me ke tseba hore monna oa ka o utloisisa kamoo ke ikutloang kateng. Ha ke qeta ho bua ka bothata, ke lebala ka bona ka mor’a metsotso e se mekae.”—Sirppa.b

“Ha ke khone ho lebala ka bothata haeba ke sa bua ka bona ho monna oa ka. Ho bua ho nthusa hore ke se ke ka hlola ke khathatseha.”—Ae-Jin.

“Ho bua ho tšoana le ho ba lefokisi, ha ke ntse ke bua ke nahanisisa ka bothata hantle ’me ke fuputsa sesosa sa bona ho fihlela ke se fumana.”—Lurdes.

Hangata banna ba nahana ka tharollo. Sena ke ’nete hobane ho lokisa lintho ho etsa hore monna a ikutloe a le bohlokoa. Ho rarolla mathata ke tsela eo monna a bontšang hore o batla hore mosali oa hae a mo tšepe. Banna ba bangata ha ba utloisise hore na ke hobane’ng ha basali ba bona ba sa amohele tharollo. Ntate e mong ea bitsoang Kirk o re: “Ha ke utloisise hore na ke hobane’ng ha u ka bua ka bothata haeba u sa batle tharollo!”

Empa buka e ’ngoe e buang ka litsela tsa ho atlehisa lenyalo e re: “U lokela ho utloisisa taba pele u fana ka keletso. Bontša molekane oa hao hore u utloisisa boemo boo a leng ho bona le hore u mo utloela bohloko pele u fana ka keletso. Maemong a mangata molekane oa hao ha a hloke le hore u leke ho tla ka tharollo, o batla feela hore u mo mamele ka hloko.”

SEO U KA SE ETSANG

Bakeng sa bo-ntate: Ithute ho mamela ka hloko ha mosali oa hao a bua. Ntate ea bitsoang Tomás o re: “Ka linako tse ling ka mor’a hore ke mamele ke ee ke utloe eka ha hoa mo thusa ka letho. Empa ke sona seo mosali oa ka a se hlokang, hore ke mo mamele.” Ntate e mong ea bitsoang Stephen o lumellana le sena, o re: “Ke ee ke bone ho le molemo ho mamela mosali oa ka ha a mpolella hore na o ikutloa joang, ke sa mo kene hanong. Hangata ha a qeta ho bua o ikutloa a le betere.”

Leka sena: Nakong e tlang ha u buisana le mosali oa hao, u se ke oa potlakela ho fana ka keletso empa a sa e kōpa. Mo shebe ka mahlong ’me o mo mamele ka hloko. Oma ka hlooho ho bontša hore oa utloisisa. Ntate e mong ea bitsoang Charles o re: “Ka linako tse ling mosali oa ka o ipatlela feela hore ebe kea utloisisa le hore kea mo tšehetsa.”—Molao-motheo oa Bibele: Jakobo 1:19.

Bakeng sa bo-’mè: Bolella monna oa hao seo u lakatsang hore a u etsetse sona. ’Mè e mong ea bitsoang Eleni o re: “Ka linako tse ling re nahana hore banna ba rōna ba tseba lintho tseo re li hlokang empa re lokela ho ba bolella tsona.” ’Mè e mong ea bitsoang Ynez o fana ka keletso ena: “U ka re ho monna oa hao, ‘Ho na le taba eo ke lakatsang ho buisana le uena ka eona. Ke batla feela u utloisise hore na ke ikutloa joang eseng hore u e rarolle.”

Leka sena: Haeba monna oa hao o tloaetse ho potlakela ho fana ka tharollo, u se ke oa nahana hore ha a tsotelle. O mpa a leka ho u thusa. ’Mè e mong ea bitsoang Ester o re: “Ho e-na le hore ke tenehe kea hlokomela hore monna oa ka oa ntsotella ebile o batla ho ’mamela hape o batla ho nthusa.”—Molao-motheo oa Bibele: Baroma 12:10.

Bakeng sa banyalani ka bobeli: Re tšoara batho ba bang ka tsela eo re batlang hore ba re tšoare ka eona. Kahoo, u lokela ho utloisisa hore na molekane oa hao o batla hore u mo tšoare joang e le hore le rarolle mathata ka katleho. (1 Bakorinthe 10:24) Ntate e mong ea bitsoang Miguel o re: “Haeba u monna, mamela mosali oa hao. Haeba u mosali, leka ho mamela likeletso tsa monna oa hao. Ha banyalani ka bobeli ba nahanelana, lelapa la bona le tla thaba.”—Molao-motheo oa Bibele: 1 Petrose 3:8.

a Lintho tseo re tl’o bua ka tsona sehloohong sena ha li bolele hore ke tsela eo monna kapa mosali e mong le e mong a leng ka eona. Leha ho le joalo, likeletso tse hlahang mona li ka thusa banyalani ho utloisisana le ho buisana hamolemo.

b Mabitso a fetotsoe sehloohong sena.

MANGOLO A SEHLOOHO

  • “E mong le e mong a potlakele ho utloa, a liehe ho bua.”—Jakobo 1:19.

  • “Etellang pele ho bontšaneng tlhompho.”—Baroma 12:10.

  • ‘Le utloelane bohloko.’—1 Petrose 3:8.

NAKO E NEPAHETSENG KE EFE?

Bibele e re: “Lentsoe le buuoang ka nako ea lona e nepahetseng le molemo hakaakang!” (Liproverbia 15:23) Hape le lentsoe le buuoang ka nako e fosahetseng le ka ba kotsi.

“Ha motho a bua ka nako e fosahetseng, hangata o bua lintho tseo a ka ikoahlaelang tsona.”—Sirppa.

“Ha oa lokela ho buisana le molekane oa hao ka litaba tsa bohlokoa ha e mong oa lōna a lapile kapa a khathetse.”—Julia.

“Ka letsatsi le leng ke ile ka buisana le monna oa ka hang ha a fihla lapeng a tsoa mosebetsing ka ntho e nkutloisitseng bohloko. Empa ke ile ka ithiba hobane ke hlokomela hore eo e ne e se nako e loketseng hobane o ne a khathetse. Ke ile ka mo bolella hore re tla qetella puisano ea rōna ha re qetile ho ja. O ile a ananela seo ’me hamorao ra tsoela pele ka puisano ea rōna ha re se re khatholohile ’me re iketlile.”—Lurdes.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela