Ho Thusa Batho ho Bala
BATHO baa ba limilione ba sitoang ho bala le ho ngola ke bo-mang? Ka kakaretso ke baahi ba ikarabellang, ba sebetsang ka thata. Linaheng tse hōlang moruong, ba lokisetsa lijo, liaparo, le bolulo bakeng sa karolo e khōlō ea baahi. Linaheng tse ruileng, ba etsa mosebetsi oo ho seng motho ea batlang ho o etsa—mesebetsi e khathatsang, e phetoa-phetoang, le e tlaase, empa e le e hlokahalang sechabeng.
Hangata, ho hloka monyetla ke lebaka leo ka lona batho ba sa ipaboleng ka ho tseba ho bala le ho ngola. E le sehlopha, batho ba sa tsebeng ho bala le ho ngola hase lithoto, batho ba se nang tsebo, kapa ba se nang litšoaneleho tsa ho sebetsa hantle. Ka mohlala seithuti se seng se itse: “Ha ke na bothata ka ho nahana. Bothata ba ka ke ho bala feela.”
Ho Hloka Monyetla
Ho ba bangata, ho se tsebe ho bala le ho ngola ho tsamaea le bofuma. Boemong ba lelapa, bofuma bo bolela hore batho ba amehile ka ho fumana lijo ho feta ho fumana thuto. Ha ho hlokahala hore bana ba sebetse lapeng, ha ba ee sekolong. Ba bangata ba eang sekolong ha ba tsoele pele ka sona.
Bofuma bo boetse bo baka kotsi sechabeng. Linaha tse hōlang moruong tse imetsoeng ke likoloto tsa linaha lisele li qobelleha ho sebelisa chelete e fokolang thutong. Ka mohlala, Afrika, kakaretso ea litšenyehelo thutong e ile ea fokotsoa ka hoo e ka bang karolo ea 30 lekholong nakong ea karolo ea pele ea lilemo tsa bo-1980. Le hoja lichaba tse hafang ka nkatana li sebelisa chelete e fetang $6 000 (R19 000) ka selemo bakeng sa ngoana ka mong oa sekolo, linaha tse ling tse kollang ntsi hanong tsa Afrika le Asia Boroa li sebelisa $2 (R6) feela ho ngoana ka mong. Liphello ke hore ho na le likolo le matichere a fokolang haholo moo bana ba leng bangata haholo litlelaseng.
Ntoa le qhoebeshano ea lehae le tsona li tlatsetsa ho se tsebeng ho bala le ho ngola. Mokhatlo oa Machaba a Kopaneng oa Lithuso tsa Bana o hakanyetsa hore bana ba limilione tse supileng ba felloa ke matla likampong tsa baphaphathehi, moo hangata mehaho le thepa ea thuto li haellang. Naheng e ’ngoe ea Afrika, bana ba limilione tse 1,2 ba ka tlaase ho lilemo tse 15 ha ba e-s’o ka ba khona ho ea sekolong ka lebaka la ntoa ea lehae e sisimosang.
Ka linako tse ling ba hlōlehang ho ithuta nakong ea bongoana ba ba le monyetla oa ho ithuta ho bala le ho ngola hamorao bophelong, empa hase bohle ba utloang hore boiteko bo joalo ke ba bohlokoa. Mabapi le motho e moholo ea sa tsebeng ho bala le ho ngola oa mahaeng, buka Adult Education for Developing Countries ea bolela: “Motho e moholo ea ’nileng a tsoella hantle a sa tsebe ho bala le ho ngola hase hangata a bang le taba-tabelo ea ho bala le ho ngola, ntle le maemong a khethehileng. . . . Le hoja ho tla be ho fosahetse ka ho feletseng ho etsa qeto ea hore o khotsofaletse maemo a hae ka botlalo, e ka ’na eaba ha aa khotsofalla ka ho lekaneng hoo a ka batlang ho etsa ho hoholo ho a fetola.”
Leha ho le joalo, ba bangata ba na le takatso e matla ea ho intlafatsa. Ho hlakile hore lipheo lia fapana. Ba bang ba mpa ba batla ho ntlafatsa thuto ea bona feela le hore ba ikutloe e le ba bohlokoa. Ba bang ba susumetsoa ke mabaka a lichelete. Ba se nang mosebetsi ba beha lebaka la hore ho tseba ho bala le ho ngola ho tla ba thusa hore ba o fumane; ba sebetsang ba ka ’na ba batla mosebetsi o molemonyana.
Ha e hlokomela kamano e haufi-ufi lipakeng tsa ho tseba ho bala le ho ngola le tsoelo-pele ho motho ka boeena le sechabeng, mebuso le mekhatlo e qalisitse mananeo a ho ruta batho ba baholo ho bala le ho ngola. Ke mosebetsi o phephetsang o hlokang hore matichere a ipehe boemong ba ba bang hammoho le ho utloisisa litšobotsi tse khethehileng tsa motho e moholo eo e leng seithuti.
Tlaleho ea Seithuti Seo e Leng Motho e Moholo
Ba rutang batho ba baholo ba lokela ho hlokomela phapang lipakeng tsa liithuti tseo e leng batho ba baholo le liithuti tseo e leng bana. Batho ba baholo ba na le botho, litloaelo, mekhoa, le lithahasello tse tebileng haholoanyane ho feta bana, e leng ho etsang hore motho e moholo e be ea sa tenyetseheng haholoanyane le ea amohelang phetoho hanyenyane. Ka lehlakoreng le leng, batho ba baholo ba na le liphihlelo tse enneng tseo ba ka hahang holim’a tsona ebile ba utloisisa mabaka le likhopolo tse itseng hamolemonyana tse ka ferekanyang bacha. Hangata ha ba na nako ea bolokolohi e ngata joaloka bana. Phapang e ’ngoe ea bohlokoa haholo ke hore liithuti tseo e leng batho ba baholo, ho fapana le bana, li na le bolokolohi ba ho khaotsa ho tsoela pele ka thuto ea tsona ka nako leha e le efe.
Batho ba bangata ba baholo ba sa tsebeng ho bala le ho ngola ba na le litalenta tse ikhethang ’me ba se ba atlehile litšobotsing tse ling tsa bophelo; ba mpa feela ba sa ntšetsa pele mahlale a ho bala le ho ngola. Ho hlokahala hore tichere e rutang ba bang ho bala le ho ngola e ba khothaletse ho ikamahanya le maemo, ho nahana ho iqapela lintho le ho ba le mamello eo ba e bontšitseng litšobotsing tse ling tsa bophelo.
Ho hlokahala sebete hore motho ea sa tsebeng ho bala le ho ngola a lumele litlhoko tsa hae ’me a kōpe thuso. Le hoja maemo le batho ka bomong a fapane, batho ba baholo ba bangata ba atamela koetliso ea ho tseba ho bala le ho ngola ka tšabo le ho hloka tšepo. Ba bang e ka ’na eaba ba ne ba ntse ba hlōleha ka nako e telele lithutong tsa bona. Ba bang ba ka ’na ba ikutloa hore ba se ba hōlile haholo hore ba ka ithuta lintho tse ncha. Maele a Nigeria a re: “Ho thata ho ithuta ho sebelisa leqele botsofaling.”
Matichere a ka haha tšepo le ho boloka thahasello ka ho potlakela ho hlokomela khatelo-pele le ho babatsa. Mananeo a ho ithuta a lokela ho hlophisoa ka tsela e fokotsang ho hlōleha ho ithuteng le ho tiisa hore ka makhetlo-khetlo ho finyelloa lipakane tsa ho ithuta ka katleho. Khatiso Educating the Adult e re: “Ka holim’a tsohle, mohlomong katleho ke eona tšobotsi e le ’ngoe e khōlō ka ho fetisisa bakeng sa ho ba le sepheo se tsoelang pele.”
Ka kakaretso batho ba baholo ba tseba seo ba se batlang phihlelong ea thuto ’me ba lakatsa ho bona hang-hang ba hatela pele ho leba lipakaneng tsa bona. Moprofesa e mong oa thuto ea batho ba baholo Afrika o itse: “Ba batla ho qalisa thupelo ea bona, ba ithute seo ba hlokang ho se tseba kapele kamoo ho ka khonehang, ebe joale ba qeta thupelo ea bona ea ho ithuta.”
Ka linako tse ling lipakane tseo seithuti se ipehelang tsona li ngata ho feta seo seithuti se ka se finyellang ka nako e lekanyelitsoeng. Ho tloha sethathong tichere e lokela ho thusa seithuti ho iketsetsa lipakane tsa nako e khutšoaane, ’me joale e thuse seithuti ho li finyella. Ka mohlala, ha re re Mokreste o ngolisa tlelaseng ea ho bala le ho ngola hobane a batla ho ithuta ho bala Bibele le likhatiso tsa Bibele. Tsena ke lipakane tsa nako e telele. E le ho sebeletsa ho li finyella, tichere e ka khothaletsa seithuti ho ipehela lipakane tsa nako e khutšoaane, joaloka ho tseba litlhaku tsa alfabeta hantle, ho fumana le ho bala mangolo a khethiloeng, le ho bala likhatiso tsa Bibele tse bonolo. Ka mehla ho finyella lipakane ho matlafatsa sepheo ebile ho susumetsa seithuti ho tsoela pele se ithuta.
Matichere a atlehang a ka etsa ho hoholo ho kenya sepheo sa ho ithuta ka ho khothatsa le ho babatsa liithuti tsa ’ona le ka ho li thusa hore li sebeletse ho ea lipakaneng tsa sebele le tse ka finyelloang. Leha ho le joalo, e le hore ba ka hatela pele, batho ba baholo ha baa lokela ho lebella ho ba mohlohloa o rapame. Ho hlokahala hore ba ikemisetse ho nka boikarabello bakeng sa thuto ea bona le ho sebetsa ka thata ho ithuta. Ka ho etsa joalo, ba tla ithuta ho bala le ho ngola, ’me tsebo ena e tla fetola bophelo ba bona.
[Lebokose le leqepheng la 6]
Litataiso Bakeng sa ho Ruta Batho ba Baholo ho Bala le ho Ngola
1. Ke habohlokoahali ho kenya sepheo ka ho seithuti. Karolong ea pele ea thuto, toboketsa melemo ea ho ithuta ho bala le ho ngola, ’me u khothaletse seithuti ho ipehela lipakane tse utloahalang tsa nako e telele le tsa nako e khutšoaane.
2. E le hore se ka tsoela pele, seithuti se lokela ho rupeloa makhetlo a ’maloa ka beke. Ha ’ngoe ka beke ha hoa lekana. Seithuti se lokela ho etsa mosebetsi o etsetsoang hae ha lithuto li khefulitse.
3. U se ke ua batla ho hongata ho feta kapa ua imetsa seithuti ka boitsebiso bo bongata haholo thutong e le ’ngoe. Sena se ka etsa hore se nyahame le ho khaotsa ho tla litlelaseng.
4. Ka mehla e-ba ea khothatsang le ea tiileng. Tsebo ea ho bala le ho ngola e ntšetsoa pele hanyane ka hanyane, ka mehato e latellanang. Seithuti se lokela ho khotsofala ha se tsoela pele.
5. Khothaletsa seithuti ho sebelisa seo se ithutang sona kapele kamoo ho ka khonehang bophelong ba sona ba letsatsi ka leng.
6. U se ke ua senya nako ka litaba tseo eseng karolo ea lithuto. Batho ba baholo ke batho ba tšoarehileng. Sebelisa likarolo tsa thupelo ho ruta lintho tse hlokahalang.
7. Ka mehla hlompha seithuti, u se nehe hlompho e se lokelang. Le ka mohla u se ke ua se tlontlolla kapa ho se nyenyefatsa.
8. Falimehela mathata a motho ka mong. Seithuti se ka ’na sa sitoa ho bala mongolo o mosesaane hobane se hloka likhalase tsa mahlo. Se seng se ka ba le bothata ba ho utloa hantle ’me ka hona se ka ’na sa thatafalloa ho utloa ho bitsoa ho nepahetseng ha mantsoe.
9. Seithuti se lokela ho ithuta ho ngola ka mongolo oa litlhaku tse otlolohileng tsa alfabeta pele se leka ho ngola ka mongolo o tšekaletseng (moo litlhaku li kopanngoang). Ho bonolo ho ithuta mongolo oa litlhaku tse otlolohileng ebile ho bonolo ho li etsa, ’me litlhaku tsa oona li tšoana haholo le tse hatisitsoeng ka mochine.
10. Tsela e molemo ea ho ruta ho ngola litlhaku ke hore seithuti se li kopitse mohlaleng o itseng. Se ka ’na sa leka ho kopitsa tlhaku ka makhetlo a ’maloa pele se leka ho e ngola ntle le ho latela mohlala o itseng.
11. Hangata khatelo-pele ea ho bala e potlaka ho feta ea ho ngola. U se ke ua liehisa lithuto tse ncha tsa ho bala haeba seithuti se sitoa ho etsa mosebetsi o etsetsoang lapeng oa ho ngola. Ka lehlakoreng le leng, hopola hore litlhaku tse ncha li ithutoa le ho hopoleha habonolo haholoanyane haeba seithuti se itloaetsa ho li ngola.
12. Le hoja seithuti seo e leng motho e moholo se ka ’na sa khona ho finyella mesebetsi e rarahaneng ka matsoho a sona, ho ngola ka pene kapa pentšele e ka ’na ea e-ba phihlelo e thata le e ferekanyang ho sona. U se ke ua hatella hore ho etsoe litlhaku ka mokhoa o phethahetseng.