Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g94 3/8 maq. 16-19
  • Batala ba Australia—Batho ba Ikhethang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Batala ba Australia—Batho ba Ikhethang
  • Tsoha!—1994
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bophelo Nakong ea Pele Australia
  • ’Mino le ho Tsoma
  • Bonono ba Batala
  • Lipuo tsa Batala
  • Ho Arabela Tšepong e Babatsehang
  • Ho Batla ba Tšoanelehang Metseng ea Mahaeng ea Australia
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Na Ehlile ke Sefate?
    Tsoha!—2008
  • Tasmania—Sehlekehleke se Senyenyane ka Pale e Ikhethang
    Tsoha!—1997
  • Leeto la Mopapa Australia—Na ke Leeto la Bohahlauli Feela?
    Tsoha!—1987
Bala Tse Ling
Tsoha!—1994
g94 3/8 maq. 16-19

Batala ba Australia—Batho ba Ikhethang

Ka mongolli oa Tsoha! Australia

AUSTRALIA e ka hlalosoa e le e ikhethang, ka lik’hangaru tsa eona tse ntle le li-koala tse boea bo bonojoana, tseo matloana a tsona a leng holimo lifateng tse ngata-ngata tsa boloukomo. Leha ho le joalo, baahi ba ho qala, ba tsejoang e le Batala ba Australia, ke ba sa tloaelehang esita le ho feta naha ka boeona.

Ha baahi ba pele ba Europe ba fihla ho ea qetellong ea lekholo la bo18 la lilemo, sechaba sa Batala se ne se hakanyetsoa ho ba 300 000. Lilemo tse 200 hamorao, palo ea sechaba ea 1991 e thathamisa Batala ka tlaase ho 230 000 kakaretsong ea baahi bohle ba Australia ba ka bang limilione tse 17.

Baahi baa ba ho qala ba Australia ke bo-mang? Ba ne ba tsoa hokae? Ke hobane’ng ha ba ka hlalosoa e le ba ikhethang? ’Me ke tšepo efe bakeng sa nako e tlang eo hona joale bongata ba bona bo e thabelang?

Bophelo Nakong ea Pele Australia

Litsebi tse ngata tsa merabe ea batho li lumela hore qalong Batala ba Australia ba ne ba tsoa Asia. Mohlomong ba ile ba fihla mothating oa ho qetela oa ho falla ha bona ka seketsoana ba tsoa ka boroa-bochabela ho Asia, ba emisa haufi le lebōpo la leoatle le ka leboea ho Australia. Bukeng ea hae A Study in Black and White, Malcolm D. Prentis o bontšitse tjena: “E ne e se baleleri ka ho feletseng, empa ho e-na le hoo e ne e le baleleri ka karolo e ’ngoe: ke hore, ba ne ba etsa likampo tsa nakoana libakeng tse fapaneng ka har’a naha ea bona.”

Batala ba ne ba sireletsa lihloliloeng ka tsela e hlollang ’me ba hlokomela tikoloho hantle. Motala e mong o hlalositse: “Re ne re lema naha ea rōna, empa ka tsela e fapaneng le ea makhooa. Re ne re leka ka matla ho phela le naha; a ne a bonahala a iphelisa ka eona. Ke ile ka rutoa ho sireletsa, eseng ho senya.”

Prentis o ngotse tjena tumellanong le seo: “Katleho ea limela le liphoofolo le ea sehlopha sa Batala e ne e amana: katleho ea ho hong e ne e bolela katleho ea ho hong. Sena e ne e le se utloahalang: ka mohlala, ho ata ha lik’hangaru ho ne ho bolela phepelo e molemonyana ea lijo ho Batala empa qetellong ho bolaoa ha lik’hangaru tse ngata haholo ho ne ho se molemo ho Batala.”

Hape Batala ba ne ba ipabola ka litsela tse ling. Setsebi sa lipuo R. M. W. Dixon o ngotse bukeng ea hae The Languages of Australia: “Leha ho le joalo, mabapi le ho hlophisoa ha sechaba, ke Maeurope a bonahalang a ntse a saletse morao ha a bapisoa le Batala ba Australia; merabe eohle ea Australia e ne e e-na le litsamaiso tsa leloko tse hlokolosi le tse hokahantsoeng hantle tse nang le melao e tobileng bakeng sa lenyalo le likarolo tse khethehileng bakeng sa ketsahalo ea mofuta o mong le o mong sechabeng.”

’Mino le ho Tsoma

Ntho e ikhethang ea Batala ke seletsa sa ’mino se bitsoang didgeridoo, seo ka linako tse ling se peletoang e le didjeridu. Ha e le hantle lentsoe lena le bolela “peipe ea molumo o sa feto-fetoheng” e leng le hlalosang hantle molumo oo se o hlahisang. Ho e-na le ho letsa ’mino o mosesaane, didgeridoo e fana ka mofuta oa bese le morethetho bakeng sa lipokano tsa mekete le metjeko ea bosiu e tsejoang e le mekete e lerata. Hangata seletsa sena se fana ka ’mino o sa feto-fetoheng o felehetsang mantsoe a motho ea binang ka melamu ea hae e ntseng e otlana.

Li-didgeridoo li etsoa ka makala a lifate a khethiloeng ka hloko a nang le lesoba. Bolelele ba tsona bo tloaelehileng ke ho tloha ho lisenthimithara tse 90 ho ea ho mithara le halofo, empa liletsa tse ling li fapana ho isa boleleleng ba limithara tse 4,5. Hangata seletsa se khitla fatše ka ntlha e ’ngoe ha seletsi se lutseng fatše se bululela ka ntlheng e ’ngoe, eo se e tšoareletseng molomong oa sona ka matsoho a mabeli.

Kaha molumo o tebileng o tosang oa seletsa sena ke o tsoelang pele, seletsi se tlameha ho bululela ntlheng e leng molomong ha ka nako e tšoanang se ntse se hula moea o mocha ka linko ntle le hore molumo o ferekanngoe. Ena ke tsebo e tšoanang le eo sebini se letsang tuba se tlamehang ho ipabola ka eona. Har’a batho ba sebelisang liletsa tsa ’mino tse hlokang moea ba e tseba e le ho hema ho potolohang, ’me ke tsebo eo ho seng bonolo ho ipabola ka eona.

Bakeng sa ho tsoma, Batala ba sebelisa hamolemo ntho e ’ngoe e ikhethang—boomerang. E ile ea sebelisoa e le sesebelisoa sa ho tsoma le sebetsa sa ntoa har’a Batala. Empa ho bahahlauli ba bangata kajeno, e fetohile letšoao le leng le tsebahalang haholo la Australia. Li-boomerang tse tloaelehileng ke libetsa tse kobehileng tse khutlelang ho motho ea li betsang haeba li betsitsoe ka nepo. Leha ho le joalo, ho na le mefuta e meng e fapaneng e sa khutleleng ho motho ea e betsang. Tsena ka nepo li tsejoa e le kylies, kapa melamu e bolaeang.

Bonono ba Batala

Qalong, sechaba sa Batala se ne se se na mokhoa oa puisano o ngotsoeng. Ka hona, Kevin Gilbert, sengoli sa lithothokiso sa Motala le setsebi sa ho etsa litšoantšo, se ile sa hlalosa: ‘Bonono e ne e le puo e atlehang haholo bakeng sa puisano ho Batala le e neng e utloisisoa haholo hohle.’ O itse: “Bonono bo bua ka katleho e khōloanyane ’me bo na le bohlokoa bo fetang mantsoe a ngotsoeng.”

Ka hona, puisano ka bonono ba lintho tse shejoang le ba litšoantšiso e ile ea fetoha e tlamahaneng ka ho feletseng le tsela ea bophelo ba Batala. Sena se ne se bolela hore bonono ba bona bo ne bo sebeletsa merero e ’meli: Bo ile ba fana ka mokhoa oa ho matlafatsa puisano ea molomo, ’me hape bo ne bo sebeletsa e le thuso ea ho hopola histori ea morabe le litaba tsa neano tsa bolumeli.

Kaha a ne a se na ntho e ngotsoeng e ka ba tataisang, a se na pampiri, le tse ling tse joalo, bonono ba Batala bo ne bo ferefuoa majoeng, mahaheng, le likutung tse thata tsa lifate. Mebala e hlaheletseng e tloaelehileng ea lefatše e bonahala ka bokhabane mesebetsing eohle ea bona ea bonono. Ba ne ba sebelisa mebala e hlaheletseng ea sebaka seo ho neng ho ferefuoa ho sona. Litšoantšo tse ferefiloeng li ne li etsoa ka lintho tse tsoang mobung.

Mohlomong tšobotsi e sa tloaelehang ka ho fetisisa ea bonono ba bona ke hore hoo e batlang e le litšoantšo tsohle tse ferefiloeng li na le matheba le mela. Esita le karolo e likolohileng setšoantšo, eo qalehong e ka ’nang ea bonahala e le ’mala o le mong, ha e hlahlobisisoa ka botlalo u le haufi e senola paterone e rarahaneng ea matheba a mebala e fapaneng.

Setšoantšo sa mohaho oo ho oona ho rekisoang lintho tsa matsoho se nang le sehlooho Marketing Aboriginal Art in the 1990s se bolela hore ka bo-1980 “bonono ba Batala . . . bo ile ba fetoha kapele-pele ho tloha ‘bononong ba tlaleho ea meetlo’ ho ea ‘bononong ba khoebo e molemo.’ ” Ba bang ba bua ka ho batlahala ha litšoantšo tsena tsa mofuta o nang le matheba tse entsoeng ka acrylic ’me ba rorisa botumo ba tsona haholo.

Lipuo tsa Batala

Ka kakaretso baahi ba Australia ba makhooa ba na le ho se utloisise ho itseng ka lipuo tsa Batala. Ka mohlala, ba bang ba lumela hore ho ne ho e-na le puo e le ’ngoe feela ea Batala le hore e ne e saletse morao haholo, e na le mantsoe a sa hlakang hantle a seng makae le ho bobola feela. Empa khopolo e joalo ha se ’nete le hanyenyane!

Ha e le hantle, ka nako e ’ngoe ho ne ho e-na le lipuo tse hakanyetsoang ho 200 ho ea ho 250 tsa Batala. Leha ho le joalo, tse fetang halofo ea tsona li se li nyametse. Kajeno ke lipuo tse ka bang 50 feela tsa tsona tse buuoang ke lihlopha tsa ba 100 kapa ho feta tsa Batala. ’Me hona joale palo ea lipuo tsa Batala tse buuoang ke batho ba 500 kapa ho feta e ka tlaase ho 20.

Ho e-na le ho ba e saletseng morao, puo e buuoang ke Batala e tsoetse pele haholo sebōpeho-puong sa eona. Moprofesa Dixon, bukeng ea hae The Languages of Australia o ngotse: “Ha ho na puo, har’a lipuo tse ka bang 5 000 tse buuoang ho potoloha lefatše kajeno, e ka hlalosoang e le ‘e saletseng morao.’ Puo e ’ngoe le e ’ngoe e tsejoang e na le sebōpeho se rarahaneng, hoo tlhaloso ea lintlha tse khōlō tsa sebōpeho-puo sa eona e hlokang maqephe a mangata-ngata; puo e ’ngoe le e ’ngoe e na le pokello ea mantsoe a likete a sebelisoang letsatsi le letsatsi.”

Ka ho tšoanang, Barry J. Blake o ile a ngola tjena ka lipuo tsa Batala: “Ke mecha e tsoetseng pele haholo ea puisano, e ’ngoe le e ’ngoe e lekane ho hlalosa phihlelo ea Batala joalokaha Senyesemane kapa Sefora se hlalosa phihlelo ea Maeurope.” Ha a tšehetsa qeto ena, moqolotsi oa litaba oa Motala Galarrwuy Yunupingu o itse: “Ke makhooa a fokolang haholo a kileng a leka ho ithuta puo ea rōna, ’me Senyesemane se sitoa ho hlalosa kamano ea rōna le naha ea baholo-holo ba rōna.”

Lekholong la bo19 la lilemo, ho ile ha fetoleloa likarolo tse itseng tsa Bibele lipuong tse peli tsa Batala. Kosepele ea Luka e ile ea fetoleloa ka puo ea Awabakal ’me likarolo tsa Genese, Exoda, le Kosepele ea Mattheu tsa fetoleloa ka puo ea Narrinyeri. Ho thahasellisang, liphetolelo tsena li fetoletse lebitso la Molimo ea Matla ’Ohle e le “Yehóa” le “Jehovah,” ka ho fapa-fapana ha lebitso leo ho latela sebōpeho-puo se hlokoang puong eo.

Kajeno, ho hatisoa haholo hore ho tsosolosoe lipuo tsa Batala le ho etsa hore sechaba sa Australia seo e seng Batala se hlokomele bohlokoa, matla, le ho ba mathe-maloli ha lipuo tsena haholoanyane. Ka hona, hona joale ba bangata ba thabetse ho tseba hore Letona la Australia la Litaba tsa Batala le lumeletse ka molao ho hlahisoa ha libuka tse hlalosang mantsoe ka lipuo tse 40 tsa Batala. Ho ke ke ha kopanyeletsa feela lipuo tse ntseng li buuoa hona joale empa hape le tse ngata tse seng li sa sebelisoe tse tlamehang ho fuputsoa libakeng tsa polokelo ea litlaleho tsa histori le mehloling e meng ea histori.

Ho Arabela Tšepong e Babatsehang

Ha makhooa a ne a fihla Australia bofelong ba lekholo la bo18 la lilemo, a ile a batla a felisa ka ho feletseng sechaba seo e leng matsoalloa a moo. Leha ho le joalo, kajeno ho na le litoropo tse ’maloa tsa mahaeng tse nang le karolo e khōloanyane ea baahi ba Batala, ’me ho ntse ho e-na le liahelo tseo ka ho feletseng e leng tsa Batala, haholo-holo libakeng tse thōko tsa mahaeng. Hangata batho bana ha ba na tšepo ka bophelo. Motala e mong o ngotse: “Ha re sa le batho ba khale, leha e le hore re na le sebaka se khotsofatsang hona joale.” Empa le ile la phaella: “Ba bangata ba rōna ba na le tšepo ea nako e tlang.”

Lebaka la sena ke hobane baahi ba bangata ba pele ba Australia hona joale ba thabela ho bala Bibele—mohlomong ka puo ea bona—hore haufinyane ba khopo ba ke ke ba hlola ba e-ba teng le hore lefatše le tla khutlisetsoa ho moloko oa batho o tla le hlokomela hantle. (Pesaleme ea 37:9-11, 29-34; Liproverbia 2:21, 22) ’Muso oa Molimo o tla finyella sena. ’Muso ona, oo Jesu Kreste a re rutileng ho o rapella, ke puso ea sebele ea leholimo. (Mattheu 6:9, 10) Hona joale banna le basali ba bangata ba Batala ba tšoarehile ka ho bolella ba bang mahlohonolo a maholo ao ’Muso oa Molimo o tla a tlisetsa moloko oa batho.—Tšenolo 21:3, 4.

Motala e mong o ile a hlalosa tjena mabapi le Maaustralia a habo: “Baa hlokomela hore pono eo makhooa, Batala, le batho ba bang ba bangata lefatšeng ba nang le eona e fosahetse. Ke ea hore Australia ke ea Batala hobane ba e fumane pele kapa ke ea makhooa ka hobane a e hapile. Hoo kaofela hase ’nete. Ke ea Jehova Molimo hobane a e bōpile.”—Tšenolo 4:11.

Ruri, Australia le tsohle tse lefatšeng ke tsa ’Mōpi oa rōna, Jehova Molimo. ’Me phethahatsong ea thapelo eo Jesu a e rutileng, ’Muso oa Molimo o tla tla, ’me lefatše lohle le tla fetoloa ho ba paradeise ea lefatše lohle e hahiloeng ke batho ba merabe le lichaba tsohle ba ratang Molimo oa ’nete le ho mo sebeletsa.

[Setšoantšo se leqepheng la 17]

“Didgeridoo” ke seletsa sa ’mino se ikhethang sa Batala

[Setšoantšo se leqepheng la 17]

Pontšo ea bonono ba Batala

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

By Courtesy of Australian Overseas Information Service

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

Hona joale Batala ba bangata ba arolelana litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo le ba bang

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela