Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g94 3/8 maq. 26-29
  • Thuso Bakeng sa Mahlomola a Hao

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Thuso Bakeng sa Mahlomola a Hao
  • Tsoha!—1994
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tsebo ea Molimo le Matla Lia Leka-lekana
  • Lentsoe la Molimo le Hlalosa Lebaka Leo Batho ba Shoang ka Lona
  • Tsela ea ho Hlaphoheloa
  • “Llang le Batho ba Llang”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2017
  • U ka Mamella ho Sareloa Joang?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Nka Phela le ho Sareloa ha ka Joang?
    Ha Eo U Mo Ratang a E-shoa
  • Lefu—Ntho e Tšabehang eo re ke Keng ra e Qoba!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
Bala Tse Ling
Tsoha!—1994
g94 3/8 maq. 26-29

Pono ea Bibele

Thuso Bakeng sa Mahlomola a Hao

“BOHLE MASOABI A RE ETSA BANA HAPE—A FELISA BOHLALE BA MEFUTA EOHLE. BA BOHLALE HA BA TSEBE LETHO.”

—RALPH WALDO EMERSON, SEROKI LE SENGOLI SA MEQOQO SA LEAMERIKA SA LEKHOLONG LA BO19 LA LILEMO.

TSENENE ea lefu ha e utloise bohloko feela empa e tepeletsa boholo ba baphonyohi—monna, mosali, ntate, ’mè, mora, morali kapa motsoalle. Ba bohlale ba ka ’na ba botsa lipotso empa ba se ke ba utloa likarabo tse tšelisang, ’me ba matla ba ka ’na ba llisoa ke boima ba mahlomola empa ba se ke ba fumana mohloli oa matšeliso. Babali ba Bibele ba ka ’na ba hopotsoa sello sa Davida ha Absalome oa lehlaba-phio a bolaoa: “Mor’a ka Absalome! mor’a ka! mor’a ka Absalome! Hojane ho shoele ’na bakeng sa hao, Absalome! mor’a ka! mor’a ka!” (2 Samuele 18:33) Sena e ne e se sello sa morena bakeng sa lehlaba-phio; e ne e le sello sa ntate bakeng sa mora oa hae ea shoeleng. E ka ’na eaba le uena ka ho tšoanang u bile le boikutlo bo joalo ha u shoetsoe. Nakong ea mahlomola a tebileng, mohlomong lipotso tse tšoenyang li ka ’na tsa tla kelellong. ‘Ke hobane’ng ha ho etsahetse joalo? Na Molimo o ne a tseba hore sena se tla etsahala? Haeba o ne a tseba, ke hobane’ng a sa se thibela?’ Le hoja motho a ka tseba Bibele hantle ’me a tseba hore bafu ba tla tsosoa, lipotso tse khathatsang li ka ’na tsa hloka ho thuisoa ka ho teba bakeng sa matšeliso le ho imoloha.

Likarabo tse fosahetseng ha li tlise khotsofalo ea ’nete, li tlisa matšeliso a bohata feela. Ho bolelloa hore ‘Molimo o ne a hloka moratuoa oa hao’ hangata ho baka hore motho a furalle Molimo a utloile bohloko haholo. ’Nete, joalokaha e fuperoe ke Bibele, e araba lipotso mabapi le mahlomola ’me e atametsa motho haufi le Jehova Molimo, ho e-na le hore e suthisetse motho thōko le eena. Ho 2 Ba-Korinthe 1:3, 4 re tiisetsoa hore ke Ntat’a mehauhelo le Molimo oa matšeliso ’ohle.

Tsebo ea Molimo le Matla Lia Leka-lekana

Jehova, ea Matla ’Ohle, o tseba sohle se etsahalang pōpong ea hae e khōlōhali. Pesaleme ea 11:4 (NW) ea re tiisetsa: “Jehova—terone ea hae e maholimong. Mahlo a hae aa bona, mahlo a hae a phatsimang a hlahloba bara ba batho.” Ho Ba-Heberu 4:13 moapostola Pauluse o ngotse: “Ha ho

sebopuoa se seng pepeneneng ho oona.” Hase feela hore Molimo oa tseba empa oa tsotella! Jesu o itse: “Na lirobele tse peli ha li rekoe ka peni e le ’ngoe na? Athe le se seng sa tsona se ke ke sa oela fatše, ka ntle ho Ntat’a lōna. . .. Le fetisa lirobele tse ngata.”—Mattheu 10:29, 31.

Na Molimo o ne a ka khona ho thibela lefu le tlang pele ho nako la moratuoa le mahlomola a ileng a latela? E, o ne a ka khona. Jesu o itse: “Molimo tsohle o ka li etsa.” (Mareka 10:27) Nakong e fetileng, Jehova o ile a mamela thapelo ea Ezekiase ea makhatheng a lefu ’me a mo folisa a ba a mo ekeletsa lilemo tsa ho phela. (Esaia 38:2-5) Ha ho na pelaelo mabapi le matla a Jehova a ho etsa seo a se ratang, empa re tlameha ho utloisisa ho eketsehileng ka thato ea hae. Kaofela ha rōna re balile litlaleho tsa batho ba ileng ba tsoa likotsi tse mpehali kapa ba kula, empa leha ho le joalo ba phela. Na ebe Jehova o ile a kenella molemong oa bona?

Batho ba bang ba na le matla a fetang a tloaelehileng a ho hlaphoheloa le takatso e matla ea ho phela. Lena e ka ’na ea e-ba lebaka la ho hlaphoheloa ha bona ho bonahalang eka ke ha mohlolo. Kapa e ka ’na eaba phekolo e itseng e ncha e ipakile e atleha. Ka hona, ha rea tlameha ho fihlela qeto ea hore Jehova o keneletse.—Ba-Filippi 4:13.

Lentsoe la Molimo le Hlalosa Lebaka Leo Batho ba Shoang ka Lona

Ho Ba-Roma 5:12, moapostola Pauluse o hlalosa habonolo feela hore ntat’a rōna moholo Adama o ile a fetohela ’Mōpi oa hae ’me ka tšoanelo a ahloleloa lefu. Kaha re litloholo tsa hae, re baetsalibe ’me re ka shoa leha e le neng feela. Ha re na tiisetso ea bophelo bo tsoelang pele. Morena Salomone oa boholo-holo ea bohlale o hlakisa hore nako le ketsahalo e sa lebelloang li ka oela leha e le mang neng kapa neng, ebang ke kotsi e bolaeang kapa boloetse ba tšohanyetso bo fellang ka lefu. Kapa motho a ka ’na a hlaha a e-na le bofokoli boo a tsoetsoeng a e-na le bona bo khutsufatsang bophelo ba hae. Salomone o boetse o hlalosa hore ho Molimo ho na le nako le sebaka bakeng sa ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Molimo o behile nako ea ho folisa, eseng feela motho a le mong kapa ba ’maloa, empa moloko oohle oa motho o lumelang nakong ea puso ea Kreste Jesu.—Moeklesia 3:1; 9:11; 1 Ba-Korinthe 15:25, 26.

Hopola khopolo ena e tebileng: Bakreste ha se mekhelo likoluoeng tse hlaselang moloko oa batho ka hona ba hlaheloa ke liphihlelo tse tloaelehileng molokong oa batho. “Liteko tseo le ileng la tlameha ho li mamella ha se tse fetang tseo ka tloaelo batho ba nang le tsona.”—1 Ba-Korinthe 10:13, The Jerusalem Bible.

Tsela ea ho Hlaphoheloa

Nako ea lefu ke ea meokho e kopaneng le ho etsa kōpo e tiileng ka botšepehi bo feletseng ho Jehova, Ea Utloang thapelo. Hona joale ho feta leha e le neng pele, atamela haufi le Molimo. Hona joale ho feta leha e le neng pele, etsa thapeli e tsoang pelong bakeng sa temoho, bakeng sa matla a ho ikamahanya le phetoho. Bibele e re khothaletsa hore re etse feela joalo. Petrose o re: “Lahlelang lipelaelo tsohle tsa lōna holim’a oona; hobane oa le hlokomela.” (1 Petrose 5:7) Mantsoe a Molimo ho Esaia 57:15 ke a khothatsang hakaakang: “Ho itsoe ke Mookameli ea holimo-limo, eo bolulo ba hae e leng bo sa feleng, ea bitsoang Mohalaleli: Ke ahile nģalong e phahameng, e halalelang; hape, ke ahile le ea tepeletseng, le motho ea robehileng pelo.” Ea tepeletseng o khomarela ho Ntate; ho na le katamelano e khōloanyane ho feta leha e le neng pele. Jakobo oa ngola: “Ha u atamela haholoanyane ho Molimo, o tla atamela ho uena haholoanyane.” (Jakobo 4:8, JB) Jakobo o re tiisetsa hore Molimo o ikemiselitse ho re fa bohlale le matla a hlokahalang bakeng sa ho hlaphoheloa.

Ho phaella moo, u tla fumana hore u fetoha motho ea nang le kutloelo-bohloko haholoanyane mabapi le liteko le mahlomola a ba bang, ea nang le khauho haholoanyane. U tla tseba haholoanyane kamoo batho ba bang ba ikutloang kateng le ho fana ka mantsoe a matšeliso le tšepo. U ka ’na ua khona ho thusa motho ea hlomohileng masoabing a hae. E, u tla ipeha maemong a ba bang haholoanyane litsietsing tsa bona.—Ba-Filippi 2:1.

Ho lahleheloa ke moratuoa e ka ba ho hlomolang le ho utloisang bohloko ka nako e itseng, mohlomong ka nako e telele. Leha ho le joalo, qetellong, ho ka ’na ha fella ka pono e hlakileng haholoanyane ka tšepo e larileng ka pele, tšepo ea ho sebeletsa Molimo ho se na liphihlelo tse utloisang bohloko. Re ka ba ra fetoha ba matla haholoanyane bothong ba rōna ba Bokreste.—1 Petrose 1:6, 7.

Ka hona ho sa tsotellehe bohloko ba mahlomola, le ka mohla u se ke ua tela! Ha e be qeto ea hao ho tsoela pele u sebeletsa Molimo ka botšepehi, tlotlisong le tlhomphong ea hae le polokong ea hao ea ka ho sa feleng.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 29]

The Day Before Parting by Jozef Israels: Gift of Alice N. Lincoln, Courtesy, Museum of Fine Arts, Boston

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela