Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g94 5/8 maq. 9-11
  • Tšepo ea Sebele Bakeng sa Bana

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tšepo ea Sebele Bakeng sa Bana
  • Tsoha!—1994
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bana Bao Hona Joale ba Nang le Tšepo
  • Ho Fetola Ngoana ea se Nang Lehae
  • “Maholimo a Macha” Bakeng sa Lefatše le Molemo
  • Batsoali, le ka Thusa Bana ba Lona Joang Hore ba Rate Jehova?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2022
  • Ba Hlomellele ho Phurusetsa
    Tsoha!—1998
  • Ho Haha Lelapa le Matla Moeeng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Koetlisa Ngoana oa Hao ho Tloha Boseeng
    Lekunutu la Thabo ea Lelapa
Bala Tse Ling
Tsoha!—1994
g94 5/8 maq. 9-11

Tšepo ea Sebele Bakeng sa Bana

“Le ka mohla ho ke ke ha boela ha e-ba le . . . lesea le tla phela matsatsi a se makae feela . . . Ba ke ke ba sebeletsa lefeela kapa ho belehela bana bomalimabe ba hore ba shoe; hobane e tla ba batho ba hlohonolofalitsoeng ke MORENA.”—Esaia 65:20, 23, New International Version.

HO SA tsotellehe boiteko bo tsotehang ba motho ba ho ntlafatsa lintho, bana ba limilione ba sa tsoa hlaha ba ntse ba e-na le “bomalimabe ba hore ba shoe.” Boemo bo ke ke ba lula bo le joalo ka mehla. Boprofeta ba Esaia ha bo re tiisetse feela hore ngoana e mong le e mong ka letsatsi le leng o tla ba le bokamoso bo sireletsehileng empa bo boetse bo hlalosa kamoo pakane e joalo e tla finyelloa.

Ho Esaia 65:17, Molimo o re: “Ke ea bōpa maholimo a macha le lefatše le lecha; tse fetileng ha li sa tla hlola li hopoloa, li ke ke tsa khutlela mehopolong.” Ho hlokahala “maholimo a macha” le “lefatše le lecha” bakeng sa ho hlokomela bana ba lefatše ka ho loketseng.

‘Lefatše lena le lecha’ ke mokhatlo o mocha oa batho ba khomarelang melao-motheo eo Jesu Kreste a e rutileng. O mong oa melao-motheo eo, joalokaha Jesu a hlalositse, ke hore “leha e le mang ea amohelang e mong oa bana ba banyenyane joalo motheong oa lebitso la ka, o amohela ’na.” (Mareka 9:37, NW) Ka sebele sechaba se tšoarang ngoana e mong le e mong e monyenyane joalokaha eka ke Kreste ka boeena e tla ba “lefatše le lecha”! Hona joale, batho ba limilione ba ikitlaetsa ka matla ho etsa joalo, ’me ba atlehile ho neha ba bang ba bana ba lefatše tšepo.

Bana Bao Hona Joale ba Nang le Tšepo

Tshepo, hammoho le baholoane ba hae ba bane le likhaitseli, ba ne ba lula mok’huk’hung Afrika Boroa. Ha a le selemo, o ne a se a e-na le mpa e likhikila e leng letšoao la khaello ea phepo e nepahetseng. Batsoali ba hae ba ne ba senya boholo ba chelete ea bona e fokolang ho reka joala ka boiteko bo se nang thuso ba ho itebatsa masoabi a bona. Ke ka seoelo Tshepo a neng a fumana lijo tse futhumetseng, ’me o ne a tlohelloa ho bapala har’a litšila le makoti-koti a joala a tletse-tletseng lapeng.

Bokamoso bo ne bo bonahala bo le lerootho ho Tshepo ho fihlela ha ntho e itseng e fetola monahano oa batsoali ba hae. Moahisani ea bitsoang George o ile a nehelana ka thuto ea Bibele e sa lefelloeng ho bona. Liphello e bile tse tsotehang—bothata ba ho noa bo ile ba nyamela, lehae le ile la hloekisoa, lelapa la fumana lijo tse futhumetseng letsatsi le letsatsi, ’me Tshepo le banab’abo ba ile ba qala ho bonahala ba hloekile, ba apere liaparo tse hloekileng, ’me ba thabile.

George o ile a thusa lelapa labo Tshepo hobane joaloka e mong oa Lipaki tsa Jehova, o ikutloa a e-na le boikarabelo ho bohle, ho akareletsa le mafutsana. Bonneteng ho ile ha hloka nako e ngata le mamello ho thusa lelapa ho fetola mokhoa oa lona oa bophelo, ho le ruta lintho tse ncha tsa bohlokoa tse thehiloeng Lentsoeng la Molimo. Empa George o ikutloa hore sena se ne se tšoaneloa ke boiteko, haholo-holo ha a hlokomela phapang eo sena se bileng le eona ho bana.

Toropong ea Mexico ea San Salvador Atenco ke moo ho neng ho lula mofutsana ea bitsoang José, ntate oa bana ba robong. O ne a e-noa haholo, ’me bana ba hae ba ne ba mo tšaba hobane o ne a halefa ha a tahiloe. Ka mehla lehae la bona le ne le silafetse, ’me jarete e ne e le lesaka la litonki le likolobe tsa lelapa, tse neng li solla ka boithatelo ka tlung. Ka lebaka leo, bana ba ne ba khathatsoa ke litšoaetso tsa mala, ’me ka linako tse ling ’mele ea bona e ne e tlala liso tse petlang.

Lintho li ile tsa fetoha ha José a qala ho ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova. O ile a khaotsa ho noa haholo ’me ea e-ba ntate oa sebele ho bana ba hae. Ka thabo e mong oa bana ba banyenyane o re: “Joale re bile re tseba ho bapala le ntate!” Hona joale lehae la bona ke le leng la a hloekileng ka ho fetisisa—ho e-na le ho ba le litšila ka ho fetisisa—toropong. Likolobe le litonki li lula hōle thoteng, ’me ka mehla lelapa le belisa metsi a nooang. Bophelo bo ntlafalitsoeng bo bolela bana ba phetseng hantle haholoanyane le ba thabileng haholoanyane.

Joalokaha mehlala ena e ’meli e bontša, hangata senotlolo sa ho thusa bana ke ho thusa batsoali. Phatlalatso ea Seboka sa Lefatše Bakeng sa Bana e hlokometse hore “lelapa le na le boikarabelo bo boholo ba ho koetlisa le ho sireletsa bana.” Hore na malapa a koetlisa bana le ho ba sireletsa kapa che ho itšetlehile haholo ka thuto le chelete.

Ho Fetola Ngoana ea se Nang Lehae

Brazil, Domingos o ne a le lilemo li robong feela ha ntat’ae a shoa. Ha ’m’ae a nyaloa hape, o ile a isoa setsing sa tlhokomelo ea likhutsana. Tšoaro e mpe setsing seo sa tlhokomelo ea likhutsana e entse hore a etse qeto ea ho kopanela sehlopheng se neng se rera ho baleha. Le hoja ’m’ae a ile a mo khutlisetsa lapeng ha a utloela ka merero ea hae, ho tetekoa ke ntate oa bobeli ka makhetlo ho ile ha mo kholisa hore a tsamaee lapeng. E bile e mong oa bana ba hlokang lehae ba likete ba São Paulo ba hlakolang lieta, ba rekisang lipompong, kapa hona ho tsamaisa lithethefatsi hore ba phele.

Ha Domingos a qala ho fihla Holong ea ’Muso ea Lipaki tsa Jehova, o ne a sa tšepe motho ’me a se na mekhoa—sena se ne se sa makatse ka lebaka la khōlo ea hae. Leha ho le joalo, Lipaki tse seng li hōlile li ile tsa mo neha kholiseho, ’me ka thuto ea botho ea Bibele, li ile tsa mo thusa ho fumana lintho tse ngata tsa bohlokoa tse ncha. Qetellong o ile a ithuta hore a ka beha tšepo ea hae ho Molimo le ho ba bang. Lipaki li ile tsa mo thusa ho fumana mosebetsi, pele joaloka mothusi oa ’meselara ’me hamorao joaloka ea etsang mesebetsi e fapaneng ofising. Hona joale, lilemo tse ngata hamorao, o sebeletsa joaloka ’moleli oa Mokreste oa nako e tletseng.

Mehlala ena e bontša hore sechaba se tsotellang se ka fokotsa a mang a mahlomola a bana ba lefatše. Bonneteng, Lipaki tsa Jehova li hlokomela hore maemo ana a bohloko a ke ke a felisoa ka ho feletseng ke boiteko ba motho. Tharollo ea sebele mathateng a bana ba lefatše e tla hloka matla a phahametseng a motho, mehloli e sa feleng le bolaoli ba lefatše lohle.

“Maholimo a Macha” Bakeng sa Lefatše le Molemo

Ke Molimo feela ea ka fanang ka tharollo e feletseng. Ke ka lebaka lena boprofeta ba Esaia bo hlalosang hore “lefatše le lecha” le tla tsamaisana le “maholimo a macha.” Ka makhetlo a mangata Bibele e tšepisa hore “leholimo le lecha” kapa “maholimo a macha” a tla thehoa. (Esaia 65:17; 2 Petrose 3:13; Tšenolo 21:1) Lekhetlo ka leng ho thehoa ha ‘maholimo ana a macha’ ho tšoantšoa e le mohato oa bohlokoa o lebisang ho feliseng bohloko le ho tliseng ho loka lefatšeng. ‘Maholimo ana a macha’ ha e le hantle ke’ng?

Hangata Bibele e sebelisa lentsoe “maholimo” joaloka tlhaloso e ’ngoe ea puso, ebang ke ea Molimo kapa ea batho. (Bapisa le Daniele 4:25, 26.) Puso ena e ncha ke ’Muso oa leholimo, ’Muso oa Molimo—ona oo Jesu a rutileng balateli ba hae ho o rapella. (Mattheu 6:10) ’Muso oa Molimo o tla ba le matla a ho felisa bomalimabe leha e le bofe bo ka sokelang bana ba lefatše ’me o tla etsa joalo.

Ke hobane’ng ha re ka kholiseha ka seo? Hobane puso e bonahatsa botho ba babusi ba eona. Ka hona, ’Muso oa Molimo o tla busa tumellanong le litekanyetso tsa Molimo le tsa Mor’a hae, Jesu Kreste, Morena ea khethiloeng ke Molimo. Ka bobeli ba bonahalitse thahasello e mofuthu boiketlong ba bana.—Pesaleme ea 10:14; 68:5; Mareka 10:14.

Ha re ntse re lebeletse ka cheseho ’Muso ona o tšepisitsoeng kapa “maholimo a macha,” re ka sebeletsa ho ntlafatsa maemo a bana tulong ea habo rōna. Ka ho loketseng Seboka sa Lefatše Bakeng sa Bana se fihletse qeto ena: “Ha ho mosebetsi o molemo haholo ho feta ho neha ngoana e mong le e mong bokamoso bo molemonyana.”

[Lebokose le leqepheng la 11]

Lenaneo le Sebetsang Bakeng sa ho Thusa Bana

Mosebetsi oa ho ruta oa Lipaki tsa Jehova o fana ka thuso e sebetsang le ea ka ho sa feleng ho bana. Tse ling tsa litšobotsi tsa lenaneo lena ke tsena:

Thuto ea batho ba baholo. Sena se akareletsa lenaneo la thuto la ho bala le ho ngola ho batho ba baholo ba sa tsebeng ho bala, kapa ho ngola, hammoho le thuto ea Bibele e matla e reretsoeng ho kenya litekanyetso tsa bohlokoa bakeng sa tlhokomelo e loketseng ea bana.

Tataiso ea lelapa. Bibele e phehella batsoali—esita le ba futsanehileng—ho hlokomela bana ba bona kaofela ho e-na le hore ba lule le beng ka bona. Buka Ho Etsa Bophelo ba Lelapa la Hao bo Thabileng e ipakile e le molemo haholo ho thusa malapa a nang le mathata a khethehileng.a

Ho akareletsa ngoana le ho mo rupela. Ha bana ka bobona ba akareletsoa thutong, tlhokomelong ea bophelo le tlhoekiso, liphello li ba molemo haholoanyane. Hangata Lipaki li ithuta Bibele le bana, li sebelisa likhatiso tse loketseng tse kang Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele le Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang ho ba thusa ho sebetsana le mathata ka lapeng le ho ntlafatsa bohloeki ba bona ba botho.b

Thuto ea bohloeki le tlhokomelo ea bophelo. Lipaki tsa Jehova li hatisa Tsoha! ka lipuo tse 74, ’me ka linako tsohle makasine ona o fana ka lihlooho tse tšohlang tlhokomelo ea bophelo.

Mosebetsi oa liphallelo. Linakong tsa tlokotsi, Lipaki tsa Jehova li hlophisa mesebetsi ea liphallelo ka potlako e khōlō ho fana ka thuso sebakeng sa tlokotsi.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a E hatisitsoe ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.

b E hatisitsoe ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.

[Litšoantšo tse leqepheng la 10]

Tharollo ea sebele mathateng a bana ba lefatše e tla hloka matla a phahametseng a motho. Tharollo e joalo e ka fanoa ke Molimo feela

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela