Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g94 6/8 leq. 18
  • Na ho Tsoaloa Hangata ho Hlalosa Liphiri tsa Bophelo?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na ho Tsoaloa Hangata ho Hlalosa Liphiri tsa Bophelo?
  • Tsoha!—1994
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lipolelo tsa Liphihlelo tsa ho Phela Nakong e Fetileng
  • Ho Phetoa Liphihlelo tsa ho ba Makhatheng a Lefu
  • Ho Tsoaloa Hangata
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
  • Na Lentsoe la Molimo le Ruta ho Tsoaloa Hangata?
    Tsoha!—1994
  • Na U Lumela Hore Motho o Tsoaloa Hangata?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Ho Hlalosa Liketsahalo tsa ho Tsoaloa Hangata
    Tsoha!—1994
Bala Tse Ling
Tsoha!—1994
g94 6/8 leq. 18

Na ho Tsoaloa Hangata ho Hlalosa Liphiri tsa Bophelo?

Na u kile ua phela?

Na u tla boela u phele ka sebōpeho se seng sa bophelo ka mor’a hore u shoe?

Lipotso tsena li ka ’na tsa u hopotsa thuto ea ho tsoaloa hangata.

The New Encyclopædia Britannica e hlalosa “ho tsoaloa hangata” ka tsela e latelang: “Tumelo ea ho tsoaloa hape ha sephefumolohi se e-ba teng ka lekhetlo le le leng kapa ka makhetlo a fetang bonngoe a latellanang, ao e ka bang motho, phoofolo, kapa, maemong a mang, moroho.”

Ho tsoaloa hangata ho phetha karolo ea bohlokoa bolumeling ba Bochabela, haholo-holo bo simolohileng India, bo kang Bobuddha, Bohindu, Bojaine le Bosikh. Ka mohlala, har’a Mahindu a India, bophelo bo nkoa e le potoloho e tsoelang pele ea ho shoa le ho tsoaloa hape.

Leha ho le joalo, mehleng ea morao tjena khopolo ea ho tsoaloa hangata e ipilelitse ho ba bangata ba phelang Karolong e ka Bophirimela, ho akarelletsa bacha ba bangata. Ho latela mongoli oa koranta ea ngolang ho Sunday Star ea Canada, lebaka la boholo ba thahasello ena “ke phello ea tšusumetso ea likhopolo tsa bolumeli tsa Bochabela sechabeng sa rōna sa Bophirimela, e qalileng lilemong tsa bo-1960.”

Lebaka le leng la thahasello ea ho tsoaloa hangata ke hore batho ba bang ba tummeng ba tsebahalitse phatlalatsa le ho tiisa hore ba phetse bophelo bo le bong kapa ho feta nakong e fetileng. Hape, seea-le-moea, TV, limakasine, le mecha e meng ea litaba e bontšitse thahasello ho tsoaloeng hangata, joalokaha litsebi tse fapa-fapaneng tse kang lingaka le matichere li entse.

Sena sohle se tsositse thahasello e khōlō ea ho batla ho tseba ho eketsehileng. Kahoo, ho latela liphuputso tse ling, hoo e ka bang karolo ea bone ea batho ba Canada le United States ba lumela hore ho isa bohōleng bo itseng ba amohela ho tsoaloa hangata.

Lipolelo tsa Liphihlelo tsa ho Phela Nakong e Fetileng

Puisanong le Phyllis Battelle ho Ladies’ Home Journal, sebapali sa litšoantšo Shirley MacLaine o boletse hore o phethile “maeto” a ’maloa lilemong tse fetileng kemisong ea nako. O ile a re: “Ke hopola bophelo ba ka ba nako e fetileng—ka linako tse ling ke ne ke le motona, ka tse ling ke le motšehali.”

Bukeng Coming Back, Dr. Raymond Moody o hlalositse liteko tseo a li entseng har’a liithuti tsa hae le ba bang. O itse ka khoheli o ile a ba busetsa morao nakong ea pele ba hlaha, ’me ba ile ba bolela hore ba hopola liphihlelo tsa bophelo ba nako e fetileng. Motho e mong o ile a re o kile a phela e le Leeskimo sechabeng sa Maeskimo. E mong o ile a tiisa hore o phetse ‘nakong ea khale ka ho fetisisa e tsejoang ea moetlo oa batho ha ho sa sebelisoa thepa ea lejoe,’ lilemo tse likete tse fetileng.

Dr. Moody ka boeena o boletse hore o phetse mefuta ea bophelo e robong nakong e fetileng. Mefuta ena ea bophelo e ne e fapa-fapana ho tloha ho phela ntlheng tsa lifate e le ho kang “mofuta oa motho o bileng teng pele ho histori e tlalehiloeng” ho isa bophelong ba mehleng ea ’Muso oa Roma, moo, ha a bolela, a ileng a hlaseloa le ho bolaoa ke tau lebaleng la lipapali.

Tšebeliso ea ho hohela bakeng sa ho khutlisetsa batho ba laba-labelang ho tseba se eketsehileng nakong e inahaneloang ea pele ba hlaha e boetse e hlalositsoe e le molemo ho ba bang. Lingaka li ho sebeliselitse ho phekola mathata a maikutlo. Ho boleloa hore tšabo e ke keng ea hlalosoa e ’nile ea fokotsoa ka ho latella bothata ho fihlela ketsahalong e itseng bophelong ba nako e fetileng. Khopolo ee e sebetsa hakae?

Ho Phetoa Liphihlelo tsa ho ba Makhatheng a Lefu

Liphihlelo tsa ho ba makhatheng a lefu tse phetiloeng ke batho ba bang li entse hore khopolo ea ho tsoaloa hangata e tume. Bukeng Life After Life, Dr. Moody o tlaleha seo a se fumaneng ka liphihlelo tsa ho ba makhatheng a lefu tsa batho ba ka bang 50.

Le hoja liphihlelo tsa bona li fapana, Moody o nahana hore lia amana. Batho bana ba bile le boikutlo ba ho haola ka har’a tonnoro e telele, e lefifi. Ba ne ba utloa eka ba arohane le ’mele ea bona, ba fofa sebakeng. Ba ne ba ikutloa ba nyoloha tonnorong eo ka potlako ho leba leseling le khanyang haholo, ’me qetellong ea tonnoro, ba ile ba bona litho tsa lelapa tseo e leng khale li shoele. Qetellong, ba ile ba tsoha ka ’mele ea bona. Leha ho le joalo, hase bohle ba fetileng mehatong ena eohle.

Ho boleloa hore liphihlelo tse joalo li bile le phello e molemo ho ba bileng le tsona. Haeba ho joalo, li lokela hore ebe li ba thusitse ho felisa tšabo ea bona ea lefu ’me ho lokela hore ho be ho ba nehile tšepo ea hore bophelo bo na le morero. Empa hase kamehla ho bileng joalo. Ba bangata ba ntse ba tšaba lefu le ho hloka tšepo ea hore bophelo bo na le morero oa sebele.

Ba lumelang ho tsoaloeng hangata ba bolela hore liphihlelong tse joalo ba fumana tšehetso ea khopolo ea hore sephefumolohi sa motho se tsoaloa ka libōpeho tse fapaneng tsa bophelo. Empa na thuto ee e ka kholoa? Na ka sebele ho tsoaloa hangata ehlile ho hlalosa liphiri tsa bophelo? Na re ka fumana karabo leha e le efe ea lipotso, Na u kile ua phela? Na u tla phela hape? Na batho ba na le sephefumolohi se arohanang le ’mele lefung? Lipotso tsena li tla tšohloa lihloohong tse latelang.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 18]

Ho tsoaloa hangata ke thuto ea motheo ea bolumeli ba Bochabela

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

Potoloho ea bophelo ea Sehindu

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela