Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w97 5/15 maq. 3-4
  • Na U Lumela Hore Motho o Tsoaloa Hangata?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U Lumela Hore Motho o Tsoaloa Hangata?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na ho Tsoaloa Hangata ho Hlalosa Liphiri tsa Bophelo?
    Tsoha!—1994
  • Ho Tsoaloa Hangata
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
  • Na Lentsoe la Molimo le Ruta ho Tsoaloa Hangata?
    Tsoha!—1994
  • Na U Lokela ho Lumela Hore Motho o Tsoaloa Hangata?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
w97 5/15 maq. 3-4

Na U Lumela Hore Motho o Tsoaloa Hangata?

MUKUNDBHAI o ile a ngolla mora oa hae eo e neng e le seithuti sa univesithi United States: “Na u sa hopola ngoanana eloa oa moahisani eo u neng u ratana le eena ha u sa ntse u hōla moo India? O tla be a nyaloa libekeng tse seng kae tse tlang. Ke nahanne hore u lokela ho tseba.”

Ke hobane’ng ha ntate eo a ile a bolella mora oa hae litaba tsee? Etsoe, Mukundbhai o ne a ile a hla a phoka lerato leo la bacha a sa qeaqee lilemong tse fetileng. Ntle ho moo, mora oa hae o ne a se a qetile lilemo tse tšeletseng United States a tsoela pele ka thuto e phahameng. Ka nako eo o ne a se a sa kopane le ngoanana eo, ’me Mukundbhai o ne a tseba hoo.

Joale ke hobane’ng ha a ile a khathatseha? Hobane Mukundbhai o ne a lumela hore motho o tsoaloa hangata, kapa hore o tsoaloa hape.a Haeba mohlomong ho ratana ha ba babeli bao ha e sa le bana ho ne ho bakiloe ke hore e ne e le balekane bophelong ba bona ba pele, e ne e ka ba lonya ho ba arola ha e le mona ba se ba le lilemong tsa ho nyalana. Mukundbhai o ne a mpa a batla feela hore mora oa hae a tsebe ka boemo bona pele ngoanana eo e ka ba mosali oa motho e mong bophelong ba hona joale.

Nahana ka boemo bo bong. Ngoanana ea lilemo li ’nè o ne a ile a kena sepetlele Mumbai, India, ka makhetlo a ’maloa a opeloa. O ne a e-na le bothata ba mothapo o sa sebetseng hantle pelong. Batsoali ba hae ba ruileng ba ne ba sa khone ho mamella ho bona bohloko boo ngoana oa bona a bo utloang. Empa ba ile ba ipehela lebaka: “Re lokela ho amohela boemo. E tlameha ebe ho na le ntho eo a ileng a e etsa bophelong ba hae ba pele e etsang hore a tšoaneloe ke sena.”

Tumelo ea hore motho o tsoaloa hangata e phetha karolo ea bohlokoa bophelong ba ba limilione ba Mahindu, Mabuddha, Majaine, Masikh le malumeli a mang a simolohileng India. Liketsahalo tsa bophelo—ho tloha ka ho ratana ho isa ho utloeng bohloko bo fetisisang—li talingoa e le liphello tsa liketso tse ileng tsa etsoa bophelong ba pele.

Ba bangata linaheng tse ka Bophirimela le bona ba na le thahasello thutong ea hore motho o tsoaloa hangata. Motšoantšisi oa mosali oa Amerika, Shirley MacLaine, o bolela hore oa e lumela. Mongoli Laurel Phelan oa Vancouver, British Columbia, Canada, o bolela hore o na le mehopolo ea ho phela ha hae ka makhetlo a 50 a fetileng. Phuputsong ea 1994 ea mokhoa oa Gallup e ileng ea etsoa bakeng sa CNN/USA Today, batho ba baholo ba fetang 270 ho ba 1016 ba ile ba bolela hore ba lumela hore motho o tsoaloa hangata. Tumelo ea hore motho o tsoaloa hangata e boetse ke karolo ea mokhatloana oa Mehla e Mecha. Empa ke bopaki bofe bo tšehetsang tumelo ee?

Ba nang le tumelo ea hore motho o tsoaloa hangata ba re ke “mehopolo ea bophelo bo fetileng!” Ka lebaka leo, ha Ratana ea lilemo li tharo oa Bangkok a qala ho ba le “mehopolo ea bophelo ba hae bo fetileng e le mosali oa molumeli ea ileng a shoa lilemong tsa hae tsa bo-60,” bahlalosi ba bangata ba ile ba lumela taba ea hae e le bopaki ba sebele ba hore motho o tsoaloa hangata.

Leha ho le joalo, ho na le lipelaelo tse ngata. ’Me litlhaloso tse ling tse hopoloang ho thoe ke tsa bophelo ba pele.b Bukeng ea hae ea Hinduism: Its Meaning for the Liberation of the Spirit, rafilosofi oa Mohindu, Nikhilananda, o re ‘liketsahalo tsa ka mor’a lefu li ke ke tsa bonahatsoa ka mabaka a utloahalang.’ Leha ho le joalo, o tiisa hore “thuto ea hore motho o tsoaloa hape e ka ’na eaba ke ’nete ho feta ho ba leshano.”

Empa na Bibele e tšehetsa thuto ee? ’Me ke tšepo efe ka bafu eo Lentsoe le bululetsoeng la Molimo le fanang ka eona?

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a The New Encyclopædia Britannica e re, “ho tsoaloa hangata” ho bolela “ho tsoaloa hape ha moea ka lekhetlo le le leng kapa ka makhetlo a latelanang, ebang e ka ba motho, phoofolo, kapa semela, maemong a mang.” Poleloana “ho tsoaloa hape” e boetse e sebelisoa bakeng sa ho hlalosa ketsahalo ena, empa hangata ho amoheleha poleloana “ho tsoaloa hangata.” Libuka tse ngata tse hlalosang mantsoe tsa India li sebelisa lipoleloana tsena ka ho fapanyetsana.

b Bona leqephe la 20-2 la tokollo ea Tsoha! ea June 8, 1994.

[Setšoantšo se leqepheng la 4]

Na ebe o ahloleloa libe tseo a li entseng bophelong ba pele?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela