Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g94 7/8 leq. 20
  • Hase Feela Sera se Sehlōhō

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Hase Feela Sera se Sehlōhō
  • Tsoha!—1994
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bothata bo Boholo ba Bophelo
  • Na Bophelo bo se Nang Bohloko bo ka ba Teng?
  • Bophelo bo se Nang Meokho?
  • Bohloko bo ke Keng Ba Hlola Bo E-Ba Teng
    Tsoha!—1994
  • Haufinyane—Lefatše le se Nang Bohloko!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Khatelo-pele Phekolong ea Bohloko
    Tsoha!—1994
  • “Bona! Ke Etsa Hore Lintho Tsohle li be Ncha”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
Bala Tse Ling
Tsoha!—1994
g94 7/8 leq. 20

Hase Feela Sera se Sehlōhō

BOHLOKO bo sa khaotseng bo senya bophelo ba batho. Bo ba amoha khotso, thabo le mokhoa oa ho iphelisa, ’me bo ba sulafaletse bophelo hoo ba bang ba batlang tharollo ka ho ipolaea. Ngaka ea moromuoa Albert Schweitzer o ile a phetha ka ho re: “Bohloko ke morena ea sehlōhō haholoanyane oa moloko oa batho ho feta lefu ka bolona.”

Ha e le hantle batho ba limilione tse makholo ba utloa bohloko ka mokhoa o tšabehang. Ngaka ea Lefora e itse: ‘Haeba re ne re ka leketla sepaka-pakeng ka ho sa feleng moo melumo ea lefatše le potolohang e neng e ka utloahala, re ne re tla utloa molumo o tšoanang oa bohloko joalokaha eka o etsoa ka lentsoe le le leng la batho ba utloang bohloko.’

Ka sebele, seo moapostola oa Mokreste Pauluse a se ngotseng lilemong tse 1 900 tse fetileng se matla haholoanyane kajeno: “Hobane rea tseba hore tse bōpiloeng tsohle li ntse li feheloa, li bile li tsietsing hammoho, ho fihlela joale.”—Ba-Roma 8:22.

Bothata bo Boholo ba Bophelo

Leamerika le le leng ho a robeli le utloa bohloko bo tšabehang ba osteoarthritis, e leng mofuta o tloaelehileng haholo oa lefu la ho ruruha ha manonyeletso. Batho ba eketsehileng ba tšoeroe ke lefu le bohloko la mokokotlo. Ba bang ba tlameha ho mamella liphello tse bohloko tsa kankere le lefu la pelo.

Ba bang ba limilione ba eketsehileng ba utloa bohloko ka lebaka la hlooho e opang, meno, litsebe, ho ruruha methapo ea marao, le mafu a mang a mangata le likotsi. Hase ho makatsang hore lilemong tsa morao tjena, Maamerika a sebelisitse lidolara tse libilione tse 2.1 (liranta tse limilione tse likete tse 7,2) ho reka feela libolaea-mahlaba tse fumanoang ka ntle ho lengolo la ngaka, kapa hona hore bohloko bo bitsoa “seoa sa Amerika se ipatileng.”

John J. Bonica, eo mohlomong e leng setsebi se tummeng sa bohloko o itse: “Ponong ea lidolara le lisente, le ponong ea mahlomola a batho, bohloko bo sa feleng ke ba bohlokoa haholoanyane ho feta hoo e batlang e le mathata a mang ’ohle a tlhokomelo ea bophelo a kopane.”

Na Bophelo bo se Nang Bohloko bo ka ba Teng?

Har’a ’nete e bohloko joalo, mohlomong ho ka bonahala e le ho potlakela lintho ho etsa tlhahiso ea monyetla oa bophelo bo se nang bohloko. Ka hona, seo Bibele e se bolelang se ka bonahala se ke ke sa etsahala: “Molimo o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona . . . ’me ha ho sa tla ba masoabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko.”—Tšenolo 21:4.

Monyetla oa hore bophelo bo se nang bohloko bo be teng ke oa sebele. Empa ak’u nahane ka nakoana. Ha e le hantle, lengolo leo le bolela’ng? Kajeno ho na le batho ba sa utloeng bohloko. Ba hlaha ba sa bo utloe. Na ba lokela ho honoheloa? Setsebi sa kaheho ea ’mele Allan Basbaum se itse: “Ho se utloe bohloko ho hang ke tlokotsi.”

Haeba u ne u sa utloe bohloko, mohlomong u ne u ke ke ua hlokomela hore u tsoile letsoabali ho fihlela le fetohile seso se petlang hampe. Ho latela tlaleho ea litaba, batsoali ba ngoanana e mong e monyenyane ea neng a sa utloe bohloko “ka linako tse ling ba ne ba utloa monko oa nama e chang ’me ba mo fumane a itšetlehile setofong a sa tsotelle letho.” Ka hona, bohloko hase feela sera se sehlōhō. E ka boela ea e-ba tlhohonolofatso.

Empa joale ho thoe’ng ka tšepiso ea Bibele: “Ha ho sa tla ba le . . . bohloko”? Na ka sebele ena ke tšepiso eo re batlang ho e bona e phethahatsoa?

Bophelo bo se Nang Meokho?

Hlokomela hape moelelo oa temana ena ha e re: “Molimo o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona.” (Tšenolo 21:4) Sena ke se hlollang kaha meokho e ea hlokahala. Eona le bohloko lia re sireletsa.

Meokho e boloka mahlo a rōna a le mongobo le ho thibela khohlano lipakeng tsa leihlo le lintši. E boetse e hlatsoa litšila ka mahlong a rōna. Ho phaella moo, e boetse e na le motsoako o thibelang likokoana-hloko o bitsoang lysozyme o hloekisang leihlo le ho thibela tšoaetso. Ka hona ho khona ho ntša meokho esita le ho utloa ha rōna bohloko ke tšobotsi e babatsehang ea ho bōptjoa ha ’mele ea rōna e hlollang.—Pesaleme ea 139:14.

Leha ho le joalo, meokho e boetse e amana haufi-ufi le ho sareloa, masoabi le ho ngongoreha. Morena Davida oa mehleng ea Bibele o ile a lla: “Ke fela ke masisa-pelo; ka bosiu bo bong le bo bong, ke kolobisa liphate tsa ka ka meokho, ke thoposetsa litao tsa ka ka eona.” (Pesaleme ea 6:6) Esita le Jesu o ile a “tšolla meokho” ha motsoalle oa hae a shoele. (Johanne 11:35, NW) Ho tloha qalong Molimo o ne a sa rera hore batho ba tšolle meokho e joalo ea masoabi. Sebe sa motho oa pele, Adama ke sona se ikarabellang bakeng sa boemo ba ho shoa ba moloko oa lelapa la batho. (Ba-Roma 5:12) Ka hona, ke meokho eo e leng phello ea boemo ba rōna ba ho se phethahale, le lefu e ke keng ea hlola e e-ba teng.

Kaha Bibele e bua ka mofuta o mong oa meokho o tla felisoa, joale tšepiso ea hore ho ke ke ha hlola ho e-ba le bohloko e tla phethahatsoa joang? Na mohlomong ka linako tse ling batho ba ke ke ba utloa bohloko bo bakoang ke masoabi le ho lla?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela