Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g94 7/8 maq. 25-26
  • Khatelo-pele Phekolong ea Bohloko

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Khatelo-pele Phekolong ea Bohloko
  • Tsoha!—1994
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Moo Bohloko bo Phekoloang
  • Kamoo Bohloko bo ka Phekoloang
  • Litebello Bakeng sa Phekolo
  • Bohloko bo ke Keng Ba Hlola Bo E-Ba Teng
    Tsoha!—1994
  • Hase Feela Sera se Sehlōhō
    Tsoha!—1994
  • Haufinyane—Lefatše le se Nang Bohloko!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Bophelo bo se Nang Bohloko bo Atametse!
    Tsoha!—1994
Tsoha!—1994
g94 7/8 maq. 25-26

Khatelo-pele Phekolong ea Bohloko

KE HO fihlela morao tjena moo lingaka tse seng kae li neng li tseba ho hongata haholo ka bohloko ’me tse ngata li sa ntse li sa tsebe letho. Lilemong tse ’maloa tse fetileng, Dr. John Liebeskind eo e neng e le mopresidente oa International Pain Foundation, o ile a hlokomela: “Ha ke nahane hore lefatšeng ho na le sekolo sa bongaka se qetang nako se koetlisetsa lingaka ho phekola bohloko.”

Leha ho le joalo, katleho ea ho utloisisa bohloko e lumellana le boiteko bo boholoanyane ba ho phekola bohloko. Ka hona, pono ea bakuli e bonahala e khanya. Makasine oa American Health o tlalehile: “Kaofela re ka thaba hore hona joale lingaka li hlokomela hore bohloko bo sa feleng hase feela letšoao la bohloko, empa ke lefu leo ka bolona le ka phekolehang.” Pono ena e tlatselitse haholo lenaneng le eketsehang la litleliniki tse ikemiselitseng ho phekola bohloko.

Moo Bohloko bo Phekoloang

Dr. John J. Bonica ke eena ea butseng tleliniki ea pele ea mekhoa e mengata ea phekolo ea bohloko United States. O tlalehile: “Ka 1969 ho ne ho e-na le litleliniki tse joalo tse 10 feela lefatšeng.” Empa lenane la litleliniki tse ikemiselitseng ho phekola bohloko le eketsehile ka sekhahla lilemong tse 25 tse fetileng. Hona joale ho na le litleliniki tse fetang sekete, ’me moemeli oa sechaba oa bohloko bo sa feleng oa mokhatlo oa tšebeletso ea lithuso o boletse hore “tse ncha li batla li buloa letsatsi le letsatsi.”a

Nahana se boleloang ke hoo! Dr. Gary Feldstein, ngaka e robatsang ka lithethefatsi New York City, o hlokometse: “Hona joale bakuli ba neng ba atisa ho tsamaea limaele tse makholo kapa tse likete bakeng sa ho fumana thuso ka lebaka la bohloko bo matla joale ba ka e fumana haufi le lapeng.” Haeba u mokuli, e ka ba tlhohonolofatso e kaakang ho fumana thuso ea sehlopha sa litsebi tse koetliselitsoeng ho phekola bohloko!

Linda Parsons, mosali oa molebeli ea tsamaeang oa Lipaki tsa Jehova, o bile le bohloko ba mokokotlo ka lilemo tse ngata. O ile a batla thuso ea lingaka tse ngata, leha ho le joalo bohloko bo ile ba tsoela pele ka matla. Ka letsatsi le leng ka May selemong se fetileng, ba tsielehile, eena le monna oa hae ba ile ba nka buka ea linomoro tsa thelefono ’me ba sheba tlas’a lentsoe bohloko. Ho ne ho ngotsoe nomoro ea thelefono ea tleliniki ea bohloko e seng hōle le moo ba sebeletsang teng California e ka boroa. Ho ile ha etsoa taetsano ’me matsatsi a ’maloa hamorao Linda o ile a kopana le ngaka bakeng sa ho fumana phekolo ea hae ea pele.

Ho ile ha etsoa litokisetso tsa ho phekola Linda e le mokuli ea phekoleloang hae. O ile a qala ho ea tleliniking ka makhetlo a mararo ka beke bakeng sa phekolo esita le ho latela lenaneo la phekolo a le lapeng. Nakong ea libeke li se kae o ile a qala ho ntlafala ka mokhoa o hlokomelehang. Monna oa hae oa hlalosa: “Ke hopola mantsiboeeng a mang ka ho makala a re, ‘Ha ke lumele hore ha ke sa utloa bohloko.’” Nakong ea likhoeli feela, ho ea tleliniking kamehla ho ile ha khaotsa.

Thuso eo Linda a ileng a e fumana bakeng sa ho laola bohloko ba hae e tšoana le e fanoang ke litleliniki tse ngata tse laolang bohloko. Litleliniki tse joalo li hira sehlopha sa litsebi tse sebetsanang le bophelo bo botle, tseo ho latela Dr. Bonica e leng “katamelo e molemo ka ho fetisisa ea ho sebetsana le bohloko bo sa feleng.” Ka mohlala, Linda o ile a phekoloa bohloko ba hae joang?

Kamoo Bohloko bo ka Phekoloang

Bukana ea tleliniki e lekanang le makasine e hlalosa mokhoa o lateloang ha motho a fihla: “Motho ka mong o hlahlojoa ke ngaka ho lekanyetsa motheo oa bohloko le ho fana ka lipakane tsa sebele le mananeo a phekolo. . . . Ho sebelisa mekhoa le likatamelo tse khethehileng ho thusa ’mele ho ntša li-‘endorphin’ (lik’hemik’hale tse hlahisoang ke ’mele) ho felisa bohloko le ho tšoenyeha le ho qoba ho sebelisa libolaea-mahlaba ka linako tsohle.”

Har’a tse ling tsa liphekolo tseo Linda a ileng a li fumana e bile ho hlajoa ka sehlopha sa linalete le TENS (transcutaneous electrical nerve stimulation) e leng ho fetisa motlakase o tsosolosang methapo (le letlalong). O ile a fuoa phekolo ena ea tšusumetso ea motlakase tleleniking ’me a fuoa mochine o monyenyane oa TENS hore a o sebelise hae. Biofeedback—e leng mokhoa oo mokuli a rutoang ho hlokomela likarabelo tsa ’mele le ho li lokisa ho fokotsa sekhahla sa bohloko—e ile ea sebelisoa.

Phekolo ea ’mele, ho akareletsa le ho silila, e bile mokhoa oa phekolo. Ha nako e ntse e tsamaea, empa feela ka mor’a hore Linda a itokisetse eona, ho ile ha kenyeletsoa lenaneo la boithapollo ba ’mele kamoreng ea tleliniki ’me e bile karolo ea bohlokoa ea phekolo. Boithapollo ba ’mele ke ba bohlokoa hobane bo fumanoe bo nchafatsa li-endorphin tse sentsoeng ke bohloko bo sa feleng. Leha ho le joalo, phephetso ke ho thusa bakuli ho laola lenaneo la boithapollo ba ’mele ka mokhoa o molemo.

Bakuli ba bangata ba tšoeroeng ke bohloko bo sa feleng ba tlang litleliniking ba noa libolaea-mahlaba tse ngata haholo, ’me Linda e ne e se mokhelo. Empa kapele-pele o ile a khaotsa ho noa meriana ea hae, e leng pakane ea bohlokoa ea litleliniki tsa bohloko. Linda ha a ka a utloa liphello tsa ho khaotsa ho noa meriana ’me seo e bile se tloaelehileng. Setsebi sa bohloko Dr. Ronald Melzack o hlokometse hore “phuputsong ea bakuli ba fetang 10 000 ba ho cha . . . , ha ho motho le ea mong eo hamorao e bileng lekhoba ea ka amahanngoang le meriana eo a ileng a e sebelisa bakeng sa phekolo ha a ntse a le sepetlele.”

Kaha hangata ho na le tšobotsi e khōlō ea kelello e amanang le bohloko bo sa feleng, litleliniki li leka ho thusa bakuli, ha e le hantle, hore ba lebale bohloko ba bona. Dr. Arthur Barsky, moprofesa Sekolong sa Bongaka sa Harvard o hlalositse: “Seo u se nahanang, seo u se lebeletseng, le tlhokomelo eo u e lebisang maikutlong a hao—lintho tsena kaofela li na le tšusumetso e matla kamoo ha e le hantle u ikutloang kateng.” Kahoo bakuli ba thusoa ho tsitsisa mohopolo linthong tse ling eseng bohlokong ba bona.

Litebello Bakeng sa Phekolo

Na litleliniki tsena tse ncha tsa bohloko ke karabo mathateng a bohloko ba moloko oa batho? Le hoja mekhoa ea phekolo e hlalositsoeng mona e ka ba molemo, motho o lokela ho ba hlokolosi haholo ha a khetha tleliniki kapa setsebi sa bohloko se tšoanelehang. Esita leha ho le joalo, litebello e lokela ho ba tsa sebele.

Mohlala oa pale ea sebele ea katleho: Stephen Kaufman, ea kileng a phahamisa litšepe litlhōlisanong tsa Liolimpiki, o ile a batla a sala a holofetse ka lebaka la bohloko bo sa feleng ha lesholu le ne le mo thunya molaleng. Ka mor’a likhoeli tse robeli lenaneong la ho phekoleloa bohloko, o ile a khona ho khutlela mosebetsing oa kamehla ’me qetellong a khutlela tlhōlisanong ea ho phahamisa litšepe. Leha ho le joalo o re: “Hangata, menoana ea ka ea maoto e bohloko hoo e kang e kentsoe metsing a belang.”

Kahoo ho sa tsotellehe khatelo-pele eohle e tsotehang, ho hlakile hore ke ho phahametseng matla a motho ho phethahatsa tšepiso ea Bibele: ‘Ha ho sa tla ba le bohloko.’ (Tšenolo 21:4) Joale pakane eo e tla finyelloa joang?

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Tsoha! ha e buelle tleliniki leha e le efe e khethehileng kapa mokhoa o itseng oa phekolo.

[Litšoantšo tse leqepheng la 26]

Mekhoa ea ho phekola bohloko, ho akareletsa le motlakase o tsosolosang methapo

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Courtesy of Pain Treatment Centers of San Diego

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela