Bacha Baa Botsa . . .
Lipapali tse Susumetsang Maikutlo Na ke Lokela ho Bapalla Kotsing ea Tsona?
“ENA e tla ba nako e tšosang ka ho fetisisa bophelong ba hao,” u bolelloa joalo ha u ema u ntse u thothomela moo ho phahameng. Joale ho qaloa ho bala ho uoa morao: “Hlano, ’nè, tharo, peli, ’ngoe—IU!” Ha u lelemela joalo ho ea tlaase, u felloa ke moea. U tsubellela tlaase moo ho bonahalang eka joang kapa joang ua shoa, empa hang hang u utloa mohala o sarolohang o u hulela holimo. Hang hang u apareloa ke boikutlo ba ho lokoloha. U phonyohile!
Bungee jumping.a United States feela ho hakanyetsoa hore papali ena e hohetse libapali tse milione ho isa ho limilione tse peli tse e bapalang. Ke e ’ngoe ea lipapali tse ratoang haholo tse hlaheletseng morao tjena—ho hloa mafika, paragliding, ho palama maqhubu ka seketsoana se pompuoeng moea, ho tsubella sefofaneng ka parachute, ha re bolela tse seng kae. Motšehetsi e mong oa papali ea bungee jumping o re: “Lilemo tsa bo-1990 ke tsa lipapali tse susumetsang maikutlo.”
Liketso tse ka hlahisang kotsi hase lintho tsa linaheng tse ruileng feela. Batho ba libakeng tsa litoropong ba batlang liketso tse susumetsang maikutlo ba kopanela liketsong tse kotsi joalo (le tseo eseng tsa molao) tsa ho bontša sebete joaloka ho palama lift ntlhaneng (ho palama ka holim’a li-lift tse tsamaeang), ho phunyeletsa ka har’a litonnoro (ho matha ka har’a likotopo tsa mehaho e meholo), ho palama lintho tse fetang litseleng tse tsamaeang ka tlaase (ho palama ka holim’a likoloi tse tsamaeang litseleng tse ka tlaase), le ho thelelisa litepising (ho thelelisa litepising tse tlotsitsoeng ka oli).
Ke Eng e Hohelang?
Norbert e mocha o re: “Ke ikemiselitse ho etsa ntho leha e le efe e ntšusumetsang maikutlo. Ke thabela lipapali tsohle—baseball, basketball—empa ho tsubella borokhong ho ile ha ntšusumetsa maikutlo! Ke ho ikhethang ka ho feletseng.” Douglas e mocha oa lumela. O re: “Lipapali tse tloaelehileng lia thabisa, empa li reretsoe ho phethahatsa morero o itseng. Kamehla u beheloa lithibelo. Ke rata boikutlo ba ho oela. ’Me lebelo leo u le utloang ha u oela . . . Le ka mohla ha u be le boikutlo bo joalo lipapaling tse ling.”
Lipapali tse susumetsang maikutlo li fetela ka ’nģane ho ho finyella bokhoni ba hao ba bo-athlete; li etsa hore u talimane le lefu! Batho ba li bapalang ba bonahala ba thabela ho ba le boikutlo ba ho tlala thabo bo bang teng ka lebaka la ho qhatsoa ha lero le susumetsang methapo. Litsebi tse ling li bolela hore batho ba itseng ba haheletsoe le liphatsa tsa lefutso tsa Mofuta oa T, kapa botho ba ho phehella ho susumetsa maikutlo. Leha ho le joalo, bacha ba bang ba kopanela mofuteng o itseng o ka ’nang oa hlahisa kotsi; ke tsela ea bona ea ho leka moo ba ka fellang teng le ea ho haha ho itšepa.
Ka bomalimabe, hase kamehla bacha ba sebelisang kahlolo e molemo ha ba etsa joalo. Liproverbia 20:29 e re: “Khanya ea ba bacha ke matla a bona.” Empa ho bonahala ba bang ba nahana hore matla a bona ha aa lekanyetsoa. Dr. David Elkind o bolela hore hangata bacha ba ka tlaase ho lilemo tse 20 ba lumela hore “ba khethehile ebile baa ikhetha—ke mekhelo melaong ea se ka ’nang sa etsahalla ba bang. Ke taba ena ea ho lumela hore ba khethehile, ho nahana hore ba sireletsehile kotsing, e tlatsetsang haholo hore bacha ba lilemo tse ka tlaase ho 20 ba etse qeto ea ho bapalla kotsing.” Dr. Robert Butterworth ka ho tšoanang oa hlokomela: “Ha u etsa ntho e kang ho itsubeletsa sefofaneng, e u neha boikutlo ba ho qholotsa se ka ’nang sa etsahala, ’me e laola qetello ea hao.”
Leha ho le joalo, ho bapalla kotsing ho ka boetse ha susumetsoa ke litabatabelo tsa ho hloka tšepo. Bukeng ea hae Childstress!, mongoli Mary Susan Miller o bontša hore bacha ba bangata ba sebete ka ho feteletseng ba bapalla kotsing ka booatla hobane feela ba sitoa ho sebetsana ka katleho le likhatello tsa bophelo ba bona. Ka hona lipapali tse susumetsang maikutlo li ka ’na tsa senola litšekamelo tsa ho itematsa kapa esita le tsa ho ipolaea. Miller o re: “Ba ipeha maemong a kotsi ka boomo, joalokaha eka ba qholotsa hore haeba seo ba se etsang se ba bolaea, se ba bolaee.”
Na Ehlile li Kotsi?
Ho sa tsotellehe ho ipiletsa ha tsona, lipapali tse susumetsang maikutlo li ka ba kotsi. Ba bang ba beha mabaka ka hore, ‘Le ho tšela seterata ho ntse ho ka ba kotsi.’ Empa motho ea tšelang seterata ha a batle kotsi ka boomo kapa ho susumetsa maikutlo. ’Me le hoja lipapali tse ngata, tse joaloka bungee jumping, li na le litlaleho tse khotsofatsang tsa boitšireletso, lintho li ka senyeha. Mark Bracker, M.D., o boletse tjena: “Mabapi le lipapali tse ngata tsena tse nang le monyetla o moholo oa ho hlahisa kotsi, haeba ho e-ba le phoso e etsahalang e ka ba tlokotsi. Haeba maikutlo a susumetseha
haholoanyane, hangata le menyetla ea kotsi e meholoanyane joalo, ebang ke ho itsubeletsa lifofaneng kapa ho fofa ka glider kapa ho palama sethuthuthu.” Mocha e mong ea lilemo li 20 o ile a itsubeletsa baluneng e tletseng moea o chesang e neng e fofa limithara tse 58 ka holim’a lefatše. Bothata e ne e le bofe? Mohala oa hae o ne o le bolelele ba limithara tse 79! O ile a ratlana habohloko a ba a shoa.
Ke ho utloahalang hore liketso tse ling, tse kang ho palama lithuthuthu, li ka ’na tsa thabeloa ka mokhoa o sireletsehileng le o itekanetseng. Empa setsebi se seng sa meriana ea lipapali ha se bua ka batho ba batlang lipapali tse susumetsang maikutlo se re: “Ha litsebo tsa bona li ntse li chora haholoanyane, ba khetha ho hong ho thatanyana, ’me ba qetella ka ho lemala.” Mocha e mong o ile a lumela: “Ke lekhoba. Hona joale ho thata haholoanyane ho fihlela boemo ba ho tšoha le ba ho tlala thabo.”
Na li Loketse Bakreste?
Na Bibele ka ho feletseng e hanela lipapali tsohle? Che. Ho nyatsehang ke ho tlōla meeli ka mokhoa o se nang kelello. Joalokaha ho tlalehiloe ho Moeklesia 7:17, Salomone o ile a botsa: “Ke ha u no u tla shoela’ng, e e-so ho be nako ea hao?”
Phatlalatso e ’ngoe ea khoebo e khothaletsa lieta tsa li-athlete ka ho re: ‘Bophelo bo bokhutšoanyane. Bapala ka thata.’ Empa re na le boikarabelo ho rōna ka borōna, ho baratuoa ba rōna, le ho ’Mōpi oa rōna hore re nke bophelo ba rōna e le ba bohlokoa. Bophelo ke mpho e tsoang ho Molimo. (Pesaleme ea 36:9) Mehleng ea Bibele ho ne ho etsoa likahlolo tse boima haeba bophelo bo ne bo lahleha kotsing. (Exoda 21:29; Numere 35:22-25) Kahoo batho ba Molimo ba ile ba khothaletsoa ho qoba likotsi tse sa hlokahaleng.—Bapisa le Deuteronoma 22:8.
Ka ho tšoanang kajeno Bakreste ba tlamehile ho bontša tlhompho bakeng sa bophelo. Na e ne e tla ba ho loketseng ho phehella lipapali tse ka ’nang tsa u pepesetsa likotsing tse sa hlokahaleng? Ha Satane Diabolose a ne a etsa boiteko ba ho leka Jesu, o ile a phehella hore mangeloi a ne a tla khaketsa Jesu haeba a ne a ka itsubeletsa tsullung ea tempele. Jesu o ile a arabela: “Ha ua lokela ho beha Jehova Molimo oa hao tekong.”—Mattheu 4:5-7, NW.
Ntle ho moo, le hoja u le matla u bile u phetse joalokaha u ikutloa, ha ho bolele hore u ke ke ua hlaha kotsi. Ke ho sa utloahaleng ho beha mabaka ka ho re: ‘Ho ke ke ha nketsahalla.’ Bibele e re hlokomelisa hore ‘nako le ketsahalo e sa lebelloang li re oela bohle.’—Moeklesia 9:11, NW.
Nahana ka Liphello Pele U Itsubeletsa
Ke ho utloahalang ho nahana ka ho teba ka liphello tse ka bang teng tsa ho itsubeletsa kreineng, ho itsubeletsa sefofaneng, kapa ho etsa ntho leha e le efe e ka ’nang ea bonahala e le kotsi ka ho feteletseng. U se ke ua itšetleha feela ka taba ea bo-ba-re kapa ka litlaleho tse tletseng cheseho tsa bacha ba bang. (Liproverbia 14:15) Fumana linnete.
Ka mohlala, papali e itseng e na le sekhahla se sekae sa likotsi? Ho nkuoa mehato efe ea ho itšireletsa? Mabapi le scuba diving, setsebi se seng se re: “[Batho ba nahana hore] ho tloha bohareng ba sepaka-paka ho leba ka metsing ho kotsi . . . . Empa ho kotsi feela haeba u ho etsa ka ntle ho litaelo tse loketseng.” Ka hona le uena u lokela ho botsa, Ke koetliso efe le thepa tse hlokahalang bakeng sa papali ee? Na ho na le melemo leha e le efe e loketseng, joaloka ho hlakisa ’mele? Na likotsi leha e le life li itlhahela ka tšohanyetso, kapa na morero o ka sehloohong oa papali ee ke ho qholotsa lefu?
Haeba morero ke ho qholotsa lefu, u ka ’na ua ipotsa hore na ke hobane’ng ha ho bapalla kotsing ho ipiletsa hakana ho uena. Na ho mpa feela ho tsoaloa ke bolutu kapa khatello ea maikutlo? Joale ke hobane’ng ha u sa fumane tsela e sireletsehileng, le e hloekileng haholoanyane ea ho sebetsana ka katleho le maikutlo a joalo?b Buka Teenage Stress e re hopotsa hore ho bapalla kotsing ke “mokhoa o kotsi le oo qetellong o sa sebetseng oa ho sebetsana ka katleho le maikutlo a seng matle a khatello.”—Bapisa le Liproverbia 21:17.
Ka mor’a ho batlisisa litaba ka botlalo—le ho bua litaba le batsoali ba hao—ho ka ’na ha etsoa qeto e nepahetseng ea hore ho ka ba molemo hore u qobe lipapali tse feteletseng tse susumetsang maikutlo. Batsoali ba hao ba ka ’na ba khetha hore u phehelle lipapali tse bonahalang li sa sokele bophelo ka tlhaho, tse kang ho palama libaesekele, skating, ho thelelisa lehloeng, le ho sesa, ha re bolela tse seng kae. Ho hlakile hore esita le liketso tseo ha ho bapisoa li sireletsehileng li ka ba kotsi haeba ho sa lateloe mekhoa e loketseng ea ho itšireletsa.
Sena se ile sa etsahalla sehlopha se senyenyane sa bacha ba Bakreste ba ileng ba etsa qeto ea ho ikhatholla ka ho hloa matsoapo. Ba ile ba tsoa tselaneng ’me ba qala ho hloa qetellong ea letsoapo le lesesaane selomong se tebileng. Kapele-pele ba ile ba iphumana ba tšoasehile ka ho feletseng, ba sitoa ho ea pele kapa ho khutlela morao ba sireletsehile. Joale mocha ea neng a eteletse sehlopha seo pele o ile a utloa lerata le hlahang ka tšohanyetso. Metsoalle ea hae e ’meli e ne e oetse hoo e shoeleng. E bile sehlōhō se sekaakang!
Kahoo ka kōpo e-ba hlokolosi! ‘Nyakalla bocheng ba hao,’ u thabele matla le mahlaha-hlaha ao u hlohonolofalitsoeng ka ’ona. (Moeklesia 11:9, NW) Empa pele u amohela memo ea ho etsa ntho e itseng e kotsi, etsa seo Brian e monyenyane a se etsang. O re: “Kea ipotsa, ‘Jehova o tla ikutloa joang ka eona? E tla bonahatsa boikutlo ba ka joang mabapi le mpho ea bophelo boo a mphileng bona?’” E, lekanyetsa likotsi, hlahloba litakatso tsa hao. Bophelo ke ba bohlokoa haholo hore u ka etsa ka tsela e ’ngoe.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a “Bungee jumping” ke papali eo ho eona batho ba tsubellang, ba iphasitse ka mohala o motelele oa rekere o bitsoang bungee, ebe ba itsubelletsa marokhong, likreineng, esita le libaluning tse tletseng moea o chesang. Sena se lumella motho hore a lelemele ka bolokolohi ho ea fatše pele mohala o satalla, o khaotsa ho tsubella hoo.
b Haeba u na le khatello ea maikutlo kapa u ntse u loantšana le boikutlo ba ho itematsa, ke hobane’ng ha u sa buisane le e mong ’me u fumane thuso ho e-na le hore u bapalle likotsing tse sa hlokahaleng?—Bona “Bacha Baa Botsa . . . Na ho Ipolaea ke Tharollo?” tokollong ea rōna ea April 8, 1994, ea Tsoha!
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Na bacha ba Bakreste ba lokela ho phehella lipapali tse susumetsang maikutlo tse kang “bungee jumping”?