Barati ba Lipapali Tse Behang Bophelo Kotsing—Ke Hobane’ng ha ba Hoheloa ke Lintho Tse ka ba Bolaeang?
LEBALENG la boithabiso la Roma ea boholo-holo, matšoele a nyakaletseng—batho ba 50 000 kaofela—a ne a le moeeng. Ba ne ba ile ba lebella ketsahalo ena ka matsatsi, kaha ho ne ho ile ha phatlalatsoa hore e tla ba “monyaka o hlollang o sa lokelang ho fosoa.”
Le hoja lipontšo tsa boselamose, tsa batšoantšisi ba sa bueng, tsa bo-rametlae le tsa litšoantšiso tse qabolang li ne li ntse li hohella matšoele mabaleng a liketsahalo, lintho tse etsoang mabaleng a boithabiso li ne li fapane haholo. Ho kukunela ha litulo le ho ngongoreha ka tsa letsatsi leo ho ne ho tla tloha ho lebaloa ha bashebelli ba bohile lipapali tsena tse behang bophelo kotsing.
Joale ha kena libini, li lateloa ke baprista ka lipurapera. ’Me ba nkang libano ba etella pele mokoloko oa litšoantšo tse emelang melimo le melimotsana, li nketsoe holimo hore li bonoe ke bohle. Sena se ne se etsa hore liketsahalo tsena eke li hlohonolofalitsoe ke melimo.
Ho Bolaoa ha Liphoofolo
Joale boithabiso bo boholoanyane bo ne bo tla tloha bo qala. Pele, ho ne ho lokolloa limpshe le lithuhlo tseo ba bangata ba neng ba qala ho li bona ka lebaleng la boithabiso, ’me ho se moo li ka phonyohang le teng. Ba bangata ba tsebang ho fula ka liqha ba ne ba bolaea liphoofolo tsena tse hlokang tšireletso, ho fihlela ho ea ho qetela, e leng se neng se thabisa bashebelli ba ratang monyaka oa mofuta ona.
Matšoele a thoholetsang a ne a fuoa monyaka o latelang oa ho shebella ntoa ea lefu le bophelo pakeng tsa litlou tse peli tse khōlōhali tseo manaka a tsona a tlameletsoeng metsu e melelele e nchocho. Litlatse ke tse thibang litsebe ha phoofolo e ’ngoe ea tsena tse khōlōhali e tjapalla fatše lehlabatheng le tletseng mali, e e-na le maqeba a bolaeang. Ketsahalo ena e mpa e leolitse takatso ea bashebelli bakeng sa ketsahalo e ka sehloohong e tla latela ka mor’a metsotso e seng mekae.
Ketsahalo e ka Sehloohong
Matšoele a ratang monyaka oa mofuta ona a ema ka maoto ha bahlabani ba kena ka lebaleng la boithabiso ketsahalong ena e ka sehloohong. Ba bang ba hlometse ka lisabole le lithebe le lihelemete tsa tšepe kapa lithipa tse mahale a mabeli, ’me ba bang ba hlometse le ho apara hanyenyane. Ba qala ho loana, hangata ho fihlela ha e mong oa bona kapa bobeli ba bona ba e-shoa ha bashebelli ba ba hlabela litlatse. Litlaleho li bontša hore ketsahalong e ’ngoe ho ile ha bolaoa liphoofolo tse 5 000 ka matsatsi a lekholo. Ketsahalong e ’ngoe ho ile ha bolaoa bahlabani ba 10 000. Ho ntse ho le joalo, matšoele a ne a ntse a hoeletsa ho batla ba eketsehileng.
Linokoane le batšoaruoa ba ntoa e ne e le bona ba sebelisoang e le bahlabani lipapaling tseo. Leha ho le joalo, mohloli o mong o re “ha baa lokela ho fapanngoa le sehlopha sa bahlabani ba litsebi ba neng ba loana ka libetsa, ba neng ba amohela chelete e ngata empa ba sa ahloleloa bophelo bohle chankaneng.” Libakeng tse ling bahlabani ba ne ba kena likolo tse khethehileng ho koetlisetsoa ho tseba ho loana. Ha mali a se a bela, ba ne ba e-ba moeeng oa papali ena hammoho le phello ea eona e bolaeang. Ba ne ba lula ba labalabela ho loana hape. Mohloli o mong o phetha ka hore “mohlabani ea neng a hlōla lintoa tse mashome a mahlano pele a beha meja fatše e ne e le eena ea atlehileng haholo.”
Ho Loana le Lipoho
Mehleng ea rōna, lefatše le kene seketeng se secha sa lilemo. Empa ho hlakile hore ho sa na le batho ba bangata ba ratang lipapali tse kotsi, haholo-holo tse ka behang bophelo kotsing. Ka mohlala, ho loana le lipoho e ’nile ea e-ba ketsahalo e ratoang Amerika Boroa le Mexico ka makholo a lilemo. Kajeno ho hōla haholo Latin America, Portugal le Spain.
Ho tlalehoa hore ho na le mabala a boithabiso a ka bang 200 Mexico le a fetang 400 Spain. Lebala le leng la boithabiso Mexico le ka nka batho ba 50- 000. Bongata ba mabala ana a tlala tsoete! ka batho ba tl’o shebella ha banna ba iteta lifuba ho loantša lipoho tse hlaselang ka mabifi. Ha motho ea loanang le poho a bontša bokoala bo itseng, sena se etsa hore matšoele a mo tlatsetse lerata ho bontša ho se khotsofale.
Hona joale basali ba se ba loana le lipoho, ba amohela liranta tse limilione ka lebaka la ho li bolaea. Mosali e mong ea loanang le lipoho eo ho buisanoeng le eena thelevisheneng, o ile a bolela hore ha ho letho le ka khotsofatsang takatso ea hae ea ho rata boithabiso bo kotsi joaloka ho kena ka lesakeng le poho e hlaselang ka mabifi, ho sa tsotellehe kotsi ea hore e ka mo hlaba ’me ea mo bolaea.
Ho Matha ha Lipoho
Tlaleho e ’ngoe e itse: “Matšoele a entse mekoloko e mene Sixto e Pamplona’s Calle Estafeta, ’me lerata la teng ke le thibang litsebe. Lipuo ke tse fapaneng—Sebasque, Secastile, Secatalonia le Senyesemane.” Matšoele a bokana esale hoseng ho tla shebella ketsahalo ena. Lipoho tse khethetsoeng ho ea loana li koalloa masakeng a haufi le lebala la boithabiso a bohōle bo ka tlaase ho k’hilomithara.
Hoseng ha letsatsi la lintoa, masaka aa buloa, ho tsoe lipoho tse tšeletseng hammoho le e le ’ngoe e boloketsoeng ho loana bosiung boo. Seterateng sena ho na le mehaho mahlakoreng ka bobeli ’me ho koetsoe literata tse kenellang. Sena se nolofalletsa lipoho hore li mathele lebaleng la boithabiso, e leng ho tla li nka metsotso e ’meli haeba lintho li tsamaile hantle.
Lilemong tse fetileng, batho ba behang bophelo ba bona kotsing ba ile ba etsa qeto ea ho leka ho siea lipoho tsena. Selemo se seng le se seng ba bang ba ntse ba leka ho etsa sena. Ka mor’a nako e fetohile ketsahalo ea machaba. Ba bangata ba ’nile ba ntšoa likotsi tse tšabehang ke lipoho, ’me ba bang li ile tsa ba hlaba ’me ba shoa. Semathi se seng se itse: “Haeba u nahana hore u ka li siea, ua ithetsa.” Nakong ea lilemo tse 20, ho latela Sefapano se Sefubelu sa Spain, “ka karolelano ho hlabiloe motho a le mong letsatsi le leng le le leng.” Batho ba bang ba 20 ho ea ho ba 25 ba ile ba okoa letsatsi le leng le le leng ka maqeba a ho hlajoa.
Ke hobane’ng ha batho ba hoheloa ke lintho tse ka ba bolaeang? Semathi se seng se arabetse: “Metsotsoana eo u mathang le lipoho, u leka ho ipapisa le tsona, u utloa monko oa tsona, u utloa ha litlhako li tila fatše, ’me u bona ha manaka a tsona a e-ea holimo le tlaase bohōle ba linōkō tse seng kae—ke oona monate oa ho [matha] le tsona.” Matšoele a thoholetsa limathi ho li khothatsa. Na ba bang ba tla soetseha ha ho se na poho e hlabang semathi se seng ’me se e-shoa, kapa poho e boima ba lik’hilograma tse 700 e hlaselang ka mabifi e se kha ka lenaka ’me e se betsetsa holimo? Na tšollo ea mali e ka hohela ba bang joalokaha e ne e hohela matšoele mabaleng a boithabiso a Roma?
Ho Bapalla Lefung
Ho na le ba bang ba ratang ho bapalla lefung ka litsela tse ling. Ho na le ba etsang lintho tse kotsi ka lithuthuthu, ba ipehang kotsing ea lefu kapa ho lemala hampe ka ho tlōla likoloi tse 50 tse pakileng li bapile kapa ba tlōla libese tse khōlō tsa baeti kapa khohlo e sephara. E mong oa batho bana ba etsang lintho tse kotsi ka lithuthuthu o tlalehile hore o ile a robeha masapo a 37 ’me a ea le mailiili matsatsi a 30. O itse: “Ha ke sa tsotella hore na ke robeha masapo kapa matsoho. . . . Ke sebelitsoe masapo ka makhetlo a leshome le metso e ’meli. Ke ha ba u buoa ’me ba kenya lekapakapa kapa sekurufu. Kea kholoa ke kentsoe likurufu tse mashome a mararo a metso e mehlano kapa tse mashome a mane masapong. Ke lula ke kena le ho tsoa sepetlele.” Ka nako e ’ngoe ha a ne a lemetse ha a ntse a ikoetlisa ’me a hlōleha ho leka ho tlōla likoloi tse ’maloa, matšoele a ile a luma-luma ho bontša ho se khotsofale.
Batho ba bangata ba nka karolo lipapaling tse kotsi ka ho feteletseng, ho akarelletsa lintho tsa ho iteketletsa lefung tse kang ho hloa mehaho e phahameng metseng e meholo ba se na thepa ea ho itšireletsa, ho thelelisa lehloeng thabeng e bophahamo ba limithara tse 6 000, ho itihela litoreng tse phahameng le marokhong ba itlamme ka liropo, ho itsubeletsa ha batho ba babeli ka pharachuti ba pepane sefofane se ntse se fofa kapa ho hloa lilomo tse letseng qhoqhoane ba se na letho haese lipeke tse nyenyane tsa matsoho. E mong oa ba hloang lilomo tse letseng qhoqhoane oa tletleba, “ka selemo ke lebeletse ho lahleheloa ke metsoalle e meraro kapa e mene.” Ena ke e meng ea mekhoa ea ho iteketletsa lefung e seng e ratoa lipapaling. Sengoli se seng se itse: “Se etsang hore lipapali tsena tse kotsi ka ho feteletseng li hohele batho ke menyetla e teng ea hore ho ka ba le koluoa.”
Makasine ea U.S.News & World Report e ngotse: “Esita le lipapali tse kotsi-kotsi ka ho fetisisa li eketseha ka potlako. Ho tsubella sefofaneng ha litsebi tsa pharachuti, moo li tsubellang li phethohaka moeeng holim’a boto ea graphite bophahamong ba maoto a 13 000 [limithara tse 4 000] pele pharachuti e buleha, ho ne ho le sieo ka 1990; empa hona joale ho hohela batšehetsi ba chesehang ba likete. Papali e tsejoang e le BASE jumping (e emelang Buildings, Antennas, Spans le Earth), e thehiloeng ka molao ka 1980, hona joale e hohela batho ba makholo ba tsubellang ka pharachuti ba tloha libakeng tse itseng tse kang litoreng tsa liea-le-moea kapa marokhong—hangata e se ka molao le hona e le bosiu.” Papali ena e se e bolaile batho ba bangata. E mong oa ba bapalang papali ena linakong tse itseng tsa selemo o itse: “BASE jumping ha e na likotsi tse ngata. Ntho li peli, ua shoa kapa ua phela.”
Ho hloa thaba e mothipoloha lehlakoreng le mafika motho a se na letho haese ho ngoaparela ka menoana ea matsoho le ea maoto ho hohela batho ba likete. Esita le lipapatso tsa thelevishene le tsa limakasine tse bapatsang ntho e ’ngoe le e ’ngoe, ebang ke literaka kapa lipilisi tsa hlooho, li bontša batho ba hloang lithaba ba leketlile ka thapo e tšesaane holimo-limo selomong. Ho tlalehoa hore ka 1989, batho ba ka bang 50 000 United States ba ile ba iteta sebete ho kenela papali ena; haufinyane tjena ho hakantsoe hore batho ba ka bang halofo ea milione ba hapiloe ke ho ba kotsi ha eona. Palo ea ba e bapalang ea eketseha lefatšeng ka bophara.
Makasine ea Family Circle e tlalehile hore United States, “palo e eketsehang ea bashanyana le banana ba ‘tloaelehileng’ baa shoa kapa ba holofatsoa ke ho bapala lipapali tse makatsang tse ncha, tse kotsi.” Ho hloella ka holim’a koloi motho a tsoa ka fensetere koloi e le lebelong, ’me a eme holim’a eona ha koloi e eketsa lebelo—kapa ho ema holim’a lefti e tsamaeang kapa holim’a terene e tsamaeang ka tlas’a lefatše e mathang ka lebelo le holimo, ho bolaile bacha ba bangata.
Esita le ho hloa Mount Everest e phahameng ho thahaselloa ho feta leha e le neng pele. Ba hloang thaba ena ba sa ka ba koetlisoa ka ho lekaneng ba lefa chelete e ka bang R633 000 hore ba tataisoe ha ba e-hloa leha ba theoha. Ho tloha ka 1953, e se e le batho ba fetang 700 ba khonneng ho fihla tlhōrōng ea thaba. Ba bangata ha baa khutla. Litopo tse ling li sa ntse li le holimo moo. Moqolotsi e mong oa litaba o ngotse: “Morao tjena ba hloang Mount Everest ba hlōlisana ka hore na ke mang ea tla roba rekoto ea ho fihla e le e monyenyane ka ho fetisisa, ea hōlileng ka ho fetisisa le ea tla hloa ka potlako ka ho fetisisa.” E mong o ngotse: “Ho fapana le lipapali tse ling, ho hloa thaba ho hloka hore ba kenetseng papali ena ba ikemisetse ho shoa.” Na motho o lokela ho leketlisa bophelo ba hae lefung hore a ipake a le sebete? E mong oa ba nang le phihlelo ea ho hloa lithaba o lemositse: “Ho ba sebete ha ho bolele ho etsa lintho tse se nang kelello.” Har’a “lintho tse se nang kelello” o thathamisa “‘leeto le kotsi’ la ho hloa Mount Everest le nkoang ke batho ba se nang phihlelo ea ho hloa lithaba.”
Ke kamoo ho leng kateng. Mefuta e fapa-fapaneng ea lipapali tse behang bophelo kotsing tse atang lefatšeng ka bophara e mengata joaloka batho ba ratang ho qapa e meng e mecha. Setsebi se seng sa kelello se nahana hore nakong e tlang, lipapali tse kotsi ka ho fetisisa tseo batho ba ipehang kotsing ea ho shoa neng kapa neng ha ba li bapala, “e tla ba tsona tse shebelloang haholo le tse bapaloang haholo lekholong la bo21 la lilemo.”
Ke Hobane’ng ha ba ho Etsa?
Batho ba bangata ba chesehelang lipapali ba buella ho bapala ha bona lipapali tse behang bophelo kotsing e le tsela ea ho itlosa bolutu. Ba tenoa ke mosebetsi oa letsatsi le leng le le leng, ba bang ba tlohetse mosebetsi ’me ba kena ho o mocha oa ho phehella lipapali tse kotsi bo feteletseng lefatšeng. E mong o itse: “Ke ile ka qala ho itihela libakeng tse phahameng ke itlamme ka ropo e le ho itlhasimolla, e le tsela ea ho itebatsa litsietsi. Ke ne ke ee ke itihele ebe ke re ‘Mathata? Mathata a eng?’” Makasine e ’ngoe e re: “O bile le phihlelo ea ho itahlela makhetlo a 456, ho akarelletsa ho itsubeletsa El Capitan ea Yosemite, San Francisco Bay Bridge le koloing ea Fora e tsamaeang ka lithapo sebakeng se phahameng ka ho fetisisa lefatšeng.”
E mong oa ba bapalang lipapali tsena tse kotsi ka ho feteletseng o boletse: “Ho joalo kaha eka nako e eme tsi! Ha u tsotelle hore na ho etsahala’ng lefatšeng.” E mong o itse: “Seo rōna re se etsetsang monate [oo ho ba bangata o akarelletsang moputso oa chelete], hase seo batho ba bangata ba ka se etsang esita leha ba ka suptjoa ka sethunya hloohong.” Makasine ea Newsweek e hlalositse: “Kaofela ha bona ba ikemiselitse ho fumana monyaka o moholohali.”
Litsebi tse ling tsa kelello li entse patlisiso e kenelletseng menyakeng ena e behang bophelo kotsing. Se seng se hlalositse barati ba monyaka ona e le ba ratang ho ipeha kotsing, ba batlang ho hlasimoloha, ba batlang ho nyakalla le ba batlang ntho e susumetsang. Se re: “Ho na le batho ba batlang ho sireletseha bophelong—ba latela melao le tloaelo. Mofuta oa batho ba ratang ho ipeha kotsing oona o tlohela ho batla tšireletseho ena. O iphelela bophelo ba oona.” Se bolela hore liphuputso li fumane hore batho ba mofuta ona ba hlaheloa ke likotsi tsa mebileng ho feta batho ba bang. “Likotsi ke tsona tse ka sehloohong tse bolaeang bacha, hangata ka lebaka la ho ipeha kotsing moo ba batlang monyaka ona o behang bophelo kotsing.”
Bo-rasaense le litsebi tsa kelello ba lumela hore hase ntho ea tlhaho hore mang kapa mang a batle ho bapala lipapali tse mo behang kotsing e khōlō e ka mo bolaeang. Taba ea hore ba bangata ba tsoile likotsi tse tšabehang, tse neng li ka ’na tsa ba bolaea, ebe hamorao baa hlaphoheloa ka mor’a ho ba sepetlele nako e telele le litsing tsa ho khutlisetsa motho tseleng, ’me ebe ba ntse ba tsoela pele ka lipapali tsena tse behang bophelo kotsing, e bontša hore ho na le ho phoso likelellong tsa bona. Leha ho le joalo, batho bana hangata e ka ’na eaba ke ba bohlale haholo.
Litsebi ha li tsebe hore na ke eng e hohelang barati ba monyaka oa mofuta ona hore ba behe bophelo ba bona kotsing ea ho shoa kapa ho khaoha maoto kapa matsoho. Li nahana hore karabo ea sena e ka ’na ea fumanoa bokong. Li re: “U ke ke ua khona ho etsa hore barati ba monyaka o behang bophelo kotsing ba khaotse, empa u leka ho ba thibela ho ipeha kotsing e ka ba bolaeang. Le haeba u ka hlōleha, u batla ho ba thibela ho beha batho ba bang kotsing.”
Pono ea Bakreste
Bakreste ba nka bophelo e le mpho ea bohlokoa e tsoang ho Jehova Molimo. Ha motho a beha bophelo ba hae kotsing ka boomo hore feela a bonahatse hore o sebete—ho ipaka matla—kapa hobane a batla ho thabisa matšoele kapa ho khotsofatsa takatso ea hae ea ho etsa ntho e tla hle e mo hlasimolle, ha e le hantle o bontša ho nyatsa mpho ena e tsotehang ea bophelo eo Molimo a re fileng eona. Ha ho pelaelo hore Jesu o ile a bontša hore o hlompha bophelo ba hae ka ho tebileng ’me ha aa ka a bo beha kotsing ho sa hlokahale. O ile a hana ho beha Molimo tekong.—Matheu 4:5-7.
Ka ho tšoanang, Bakreste ba tlamehile ho bontša ho hlompha bophelo. Mokreste e mong o ngotse: “Nkile ka hloa lefika selomong ’me ka iphumana ke sitoa ho ea pele kapa morao. Le le holimo lena ke sa hatsela ha ke nahana hore na ho ne ho sale hanyenyane hakae ke e-shoa. Nka be ke shoele ka tsela e hlokang kelello hakaakang!”
Mocha e mong oa Mokreste o ngotse: ‘Moo ke lulang teng, bana ba bapala lipapali tse ngata tsa mofuta ona o behang bophelo kotsing. Kamehla ba leka ho ntšusumelletsa hore ke bapale le bona. Empa hangata litabeng ke bona litlaleho tsa batho ba shoang kapa ba lemalang hampe hona lipapaling tseo bana bana ba mpolellang hore li monate. Kea hlokomela hore e ne e tla ba booatla ho beha bophelo boo Jehova Molimo a mphileng bona kotsing ka lebaka la monyaka oa nakoana.’ E se eka le uena u ka ba le boikutlo ba ho hlaphoheloa le kahlolo e molemo joaloka ena.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 19]
© Reuters NewMedia Inc./CORBIS
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 22]
Steve Vidler/SuperStock