Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w02 6/15 maq. 26-29
  • Thuto eo re Ithutang Eona Historing ea Roma

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Thuto eo re Ithutang Eona Historing ea Roma
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bahlabani le Koetliso
  • Letsatsi Lebaleng la Boithabiso
  • Phello ho Bashebelli
  • Thuto e Totobetseng
  • Ho Thabisa Letšoele Lekholong la Pele la Lilemo
    Tsoha!—2006
  • Barati ba Lipapali Tse Behang Bophelo Kotsing—Ke Hobane’ng ha ba Hoheloa ke Lintho Tse ka ba Bolaeang?
    Tsoha!—2002
  • Ba ne ba ho Bitsa Boithabiso
    Tsoha!—1997
  • “Etsang Tsohle ho Tlotlisa Molimo”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
w02 6/15 maq. 26-29

Thuto eo re Ithutang Eona Historing ea Roma

“HAEBA, joaloka batho, ke loanne le libata Efese.” Ba bang ba nahana hore mantsoe ana a tlalehiloeng ho 1 Bakorinthe 15:32 a bolela hore moapostola Pauluse o ne a ahloletsoe ho loana lebaleng la boithabiso la Roma. Ebang seo ke ’nete kapa che, lintoa ka har’a mabala a boithabiso li ne li tloaelehile ka nako eo. Ke eng seo histori e re bolellang sona ka mabala a boithabiso le liketsahalo tse neng li etsahala moo?

Joaloka Bakreste, re rata ho lumellanya matsoalo a rōna le mohopolo oa Jehova, e leng ho tla re thusa ho etsa liqeto, tse amanang le boithabiso ba mehleng ea kajeno. Ka mohlala, ak’u nahane hore na Molimo o ikutloa joang ka pefo, joalokaha mantsoe ana a bontša: “U se ke ua honohela motho ea mabifi, kapa ua khetha leha e le efe ea litsela tsa hae.” (Liproverbia 3:31) Bakreste ba pele ba ne ba tataisoa ke keletso ena nakong eo batho ba bangata ba ba potolohileng ba neng ba thabela litlhōlisano tsa ntoa mabaleng a lipapali a Roma. Ha re nahana ka se neng se etsahala liketsahalong tseo, ha re boneng hore na ke thuto efe e hlakileng eo Bakreste ba ithutang eona kajeno.Bahlabani ba babeli ba hlometseng ba tjamelane ka lebaleng la boithabiso Roma. Ha lisabole li qala ho khitla lithebe, letšoele le hooang le thoholetsa thatohatsi ea lona. Ho kupa e mahlo-mafubelu. Kapele feela, mohlabani ea maqeba, ea seng a sa khone ho loana o lahlela libetsa tsa hae fatše ’me oa khumama, a bontša ka ho hlakileng hore o hlōtsoe le hore o kōpa mohau. Lerata e ba le thibang litsebe. Karolo e itseng ea letšoele e hoeletsa hore a hauheloe, ha karolo e ’ngoe eona e re a bolaoe. Batho bohle ba shebile moemphera. Ho itšetlehile ka hore na o utloa moea o fokela hokae, a ka pholosa mohlabani ea hlōtsoeng kapa a liha monoana o motona oa letsoho a laela hore a bolaoe.

Baroma ba ne ba chesehela liketsahalo tsa litlhōlisano tsa ntoa mabaleng a lipapali. U tla makatsoa ke ho tseba hore lintoa tsena li simolohile mapatong a batho ba bohlokoa. Ho nahanoa hore litlhōlisano tsena tsa ho neheloa ha batho e le mahlabelo li simolohile har’a lichaba tsa Maoscan le Masamnite tse neng li phela sebakeng seo hona joale se tsebahalang e le Italy e bohareng. Mahlabelo ana e ne e le se nyeheloang hore bafu ba ba roballe. Ntoa e joalo e ne e bitsoa munus, kapa “mpho” (li-munus, ha li le ngata). Lipapali tsa pele tse tlalehiloeng tse ileng tsa tšoareloa Roma li ne li le ka 264 B.C.E. ha bahlabani ba tšeletseng ba ne ba loanela ’marakeng oa likhomo. Lepatong la Marcus Aemilius Lepidus, teng bahlabani ba 22 ba ile ba nkhisetsana mahafi. Lepatong la Publius Licinius, ho ile ha tjamelana bahlabani ba 120. Ka 65 B.C.E., Juliase Sesare o ile a romela bahlabani ba 640 ho ea loana ka har’a lebala la boithabiso.Rahistori Keith Hopkins o re: “Mapato a batho ba hlahelletseng sechabeng a ne a sebelisetsoa ho ntšetsa pele lipakane tsa lipolotiki, ’me kaha baahi ba khethang ba ne ba rata lipapali tsa mapato haholo . . . litaba tsa lipolotiki li ne li kenyelletsoa ka lenyele. Ka sebele, lebaka le entseng hore lipontšo tsa bahlabani ba hlōlisanang li ate haholo hakaalo ke tlhōlisano ea lipolotiki e neng e le teng har’a batho ba hlahelletseng sechabeng ba neng ba loanela maemo.” Nakong ea puso ea Augustase (ho tloha ka 27 B.C.E. ho fihlela ka 14 C.E.) li-munus, tseo liofisiri tse ruileng tsa naha li neng li li sebelisetsa ho ntšetsa pele mosebetsi oa tsona oa lipolotiki, e ne e se e le limpho tse atileng—bakeng sa boithabiso ba matšoele.

Bahlabani le Koetliso

U ka ’na ua botsa, ‘Bahlabani e ne e le bo-mang?’ Ha e le hantle, e ne e ka ’na ea e-ba makhoba, linokoane tse neng li ahloletsoe lefu, batšoaruoa ba ntoa, kapa banna feela ba neng ba susumetsoa ke maikutlo kapa ba neng ba ipatlela botumo le leruo. Kaofela ha bona ba ne ba koetlisetsoa likolong tse kang literonko. Buka e bitsoang Giochi e spettacoli (Lipapali le Liketsahalo) e hlalosa hore bahlabani ba koetlisoang, “kamehla ba ne ba lebeloa ke bahlokomeli, ba lauoa ka thata, ba beheloa melao e thata ka ho fetisisa, ka holim’a tsohle ba ne ba otloa kantle le kutloelo-bohloko . . . Hangata tšoaro ena e ne e etsa hore ba ipolaee, ba koenehe kapa e be marabele.” Sekolo sa Roma se seholo ka ho fetisisa sa ho koetlisa bahlabani se ne se e-na le likamore tse nyenyane bakeng sa batšoaruoa ba ka bang sekete. Monna e mong le e mong o ne a loana ka mokhoa o fapaneng le oa ba bang. Ba bang ba ne ba loana ba e-na le lintho tse ba sireletsang, thebe le sabole ’me ba bang bona ba ne ba loana ka letanta le lerumo le nang le metsu e meraro. Bakeng sa pontšo e ’ngoe e tummeng e neng e tsejoa ka hore ke ho tsoma, ba bang ba ne ba koetlisetsoa ho loana le liphoofolo tse hlaha. Na mohlomong Pauluse o ne a bua ka ketsahalo eona eo?

Balaoli ba lipapali tsena ba ne ba batla thuso ho bo-rakhoebo, ba neng ba thaotha le ho koetlisa batho ba lilemo li 17 kapa li 18 hore e be bahlabani. Ho rekisoa ha batho e ne e le khoebo e ruisang. Pontšo e ’ngoe e ikhethang eo Trajan a ileng a e etsa ka lebaka la ho hlōla ntoa ke eo ho eona a ileng a kenya ka lebaleng bahlabani ba 10 000 le liphoofolo tse 11 000.

Letsatsi Lebaleng la Boithabiso

Hoseng ho hong le ho hong ho ne ho e-ba le pontšo ea ho tsoma lebaleng la boithabiso. Liphoofolo tse hlaha tsa mofuta o mong le o mong li ne li kenngoa ka har’a lebala. Letšoele le ne le thaba haholo ha ho ne ho loantšoa poho le bere. Ka linako tse ling liphoofolo tseo ka bobeli li ne li tlangoa hammoho hore li loane ho fihlela e ’ngoe ea tsona e e-shoa, ’me e pholohileng e ne e qeteloa ke setsomi. Litlhōlisanong tse ling tse tloaelehileng ho ne ho loantšoa litau le linkoe kapa litlou le libere. Litsomi li ne li ntša bokhoni ba tsona ka ho bolaea liphoofolo tse sa tloaelehang tse tsoang linaheng tse ling tsa ’muso, ho sa tsotellehe chelete eo li neng li rekiloe ka eona—mangau, litšukulu, likubu, lithuhlo, mafiritšoane, likamele, liphiri, likolobe-moru le matsa.

Tsela eo lintho li neng li hlophisoa ka eona ka har’a lebala e ne e etsa hore ho tsoma e be ketsahalo e sa lebaleheng. Ho ne ho sebelisoa mafika, lifate, ho etsoa le matangoana hore sebaka se tšoane le moru. Mabaleng a mang teng, liphoofolo li ne li hlaha joalokaha eka li hlaha ka tsela ea mohlolo, li kenngoa ka har’a lebala ho sebelisoa lilifti tsa ka tlas’a lefatše le mamati a patehileng. Boitšoaro ba liphoofolo bo ke keng ba tsejoa esale pele bo ne bo eketsa thahasello, empa se neng se etsa hore ho tsoma hona ho hape maikutlo haholo e ne e le sehlōhō se etsoang.

Ho latelang lenaneong e ne e le lipolao. Ho ne ho etsoa boiteko ba hore sena se bontšoe ka tsela ea sebele. Ho ne ho bapaloa litšoantšiso tseo ho tsona batšoantšisi ba neng ba e-shoa ka tsela ea sebele.

Thapama, lihlopha tse fapaneng tsa bahlabani ba hlometseng ka litsela tse fapaneng le ba koetlisitsoeng ka mekhoa e fapaneng ba ne ba nkhisetsana mahafi. Ba bang ba ba neng ba ntša litopo ka lebaleng ba ne ba apara joaloka seo ho thoeng ke molimo oa lefatše la bafu.

Phello ho Bashebelli

Matšoele a ne a e-na le takatso e sa feleng ea ho bona lintoa tsena, kahoo bahlabani ba monyebe ba ne ba khothalletsoa ho loana ka ho otloa ka liphali le ka ho chesoa ka litšepe tse etsang matšoao. Letšoele le ne le itlatlarietsa: “Ke hobane’ng ha a batla ho shoa joaloka lekoala? Ke hobane’ng ha a loana joalokaha eka o feletsoe ke matla? Ke hobane’ng ha a sa shoe [joaloka mohale]? Mo hoebe a tle a tsebe ho loana! Ba tlohele ba hlabane ba phetletse sabole lipeta!” Setsebi sa Roma sa litaba tsa ’muso, Seneca, o ngola hore nakong ea khefu ho ne ho etsoa tsebiso e reng: “Nakong ea khefu ho tla ba le lipolao tse ’maloa, e le hore boithabiso bo ’ne bo tsoele pele!”

Ha ho makatse hore ebe Seneca oa lumela hore o ne a khutlela lapeng “a le khopo ebile a le sehlōhō ho feta pele.” Ho hlokahala hore re nahane ka botebo ka polelo ena ea ’nete ea moshebelli enoa. Na bashebelli ba liketsahalo tsa kajeno tsa lipapali ba ka ameha ka tsela e tšoanang, ba e-ba ‘khopo le ho ba sehlōhō ho feta pele’?

Ba bang ba ne ba khutlela malapeng a bona ka lehlohonolo la motea-phala. Ka mor’a hore e mong oa bashebelli a etse motlae ka Domitian, moemphera eo o ile a laela hore motho eo a tlosoe setulong sa hae ’me a hulanyetsoe lintjeng. Ho ba sieo ha linokoane tse neng li lokela ho bolaoa ho ile ha etsa hore Caligula a ntše taelo ea hore karolo e itseng ea bashebelli e tšoaroe le ho akheloa liphoofolong. Ha mechine ea sethala e ne e sa sebetse ka tsela eo a ratang ka eona, Claudius o ne a laela hore bomak’henike ba ikarabellang ba kenngoe ka har’a lebala e le hore ba loane.

Cheseho e feteletseng ea bashebelli le eona e ne e baka likoluoa le meferefere. Lebala la lipapali le ka leboea ho Roma le ile la oa, ’me litlaleho li bontša hore ho ile ha e-shoa batho ba likete. Ho ile ha tsoha moferefere nakong ea pontšo e ’ngoe Pompeii ka 59 C.E. Tacitus o tlaleha hore khang e ileng ea e-ba teng pakeng tsa batho ba sebakeng seo le ba hlōlisanang le bona ba tsoang motseng o mong o haufi e ile ea qala ka ho hlapaolana, ha latela ho betsana ka majoe ’me ha fella ka ho hlabana ka lisabole. Batho ba bang ba ile ba holofala kapa ba tsoa likotsi, ’me ba bangata ba bolaoa.

Thuto e Totobetseng

Pontšo e sa tsoa etsoa (Sangue e arena, “Mali le Lehlabathe”) Lebaleng la Boithabiso le Roma e ile ea hopotsa batho ka liketsahalo tsa tšoanang le tsa li-munus. E ne e bontša likarolo tsa livideo tsa boithabiso ba ho bolaela lipoho ka lebaleng la lipapali, papali ea litebele, likotsi tse tšabehang tsa ho soahlamana ha likoloi le lithuthuthu mabelong, lintoa tse seng molaong tsa baatlelete ba hlōlisanang le lintoa tse mabifi tsa bashebelli. Pontšo eo e ile ea phetha ka setšoantšo sa Lebala la Boithabiso se nketsoeng sefofaneng. U nahana hore ba ileng ba shebella pontšo eo ba ne ba lokela ho nahana eng? Ke ba bakae ba neng ba tla ithuta ho hong?

Ho qabanya lintja, mekoko, ho bolaela lipoho ka mabaleng a lipapali le lipapali tse mabifi ke lintho tse tloaelehileng linaheng tse ling kajeno. Bophelo bo behoa kotsing lipapaling tsa mabelo a likoloi e le hore ho nyakallisoe batho ba bangata. Ak’u nahane ka mananeo a letsatsi le leng le le leng a thelevishene. Lipatlisiso tse ileng tsa etsoa naheng e ’ngoe ea bophirimela li ile tsa bontša hore ka karolelano ngoana ea shebellang TV o bona liketsahalo tse 10 000 tsa polao le tse 100 000 tsa pefo pele a e-ba lilemo tse leshome.

Mongoli oa lekholong la boraro la lilemo Tertullian o ile a bolela hore monyaka o neng o tlisoa ke liketsahalo tsena “o ne o sa lumellane le bolumeli ba ’nete ebile o sa tsamaisane le ho mamela Molimo oa ’nete.” O ne a nka bashebelli ba lipontšo tseo e le batlatsi ba babolai. Ho thoe’ng ka mehla ea kajeno? Motho e mong a ka botsa, ‘Na ke khahloa ke liketsahalo tseo ho tsona ho bontšoang mali, lefu kapa pefo thelevisheneng kapa ho Internet?’ Ke habohlokoa ho hopola hore Pesaleme ea 11:5 e re: “Jehova o hlahloba ea lokileng hammoho le ea khopo, ka sebele moea oa Hae o hloile mang kapa mang ea ratang pefo.”

[Lebokose le leqepheng la 28]

Lintoa Tse Reretsoeng ‘ho Robatsa Bafu’

Ha a bua ka tšimoloho ea litlhōlisano tsa ntoa, mongoli oa lekholong la boraro la lilemo Tertullian o re: “Batho ba boholo-holo ba ne ba nahana hore ba hlompha bafu ka liketsahalo tsena ka mor’a hore ba li tsoake ka mofuta o itseng oa bokhopo bo hlabolohileng. Linakong tse fetileng, ha ho ne ho sa nahanoa hore mali a batho ke ’ona a robatsang bafu, ho ne ho tloaelehile hore mapatong ba etse mahlabelo ka batšoaruoa kapa ka makhoba a rekiloeng a boemo bo tlaase. Ka mor’a moo ba ile ba bona ho le molemo ho itlosa lihlong ka ho fetola tloaelo ena monyaka. Kahoo, ka mor’a hore batho ba fumanoeng ba koetlisoe ka libetsa tseo ba nang le tsona le ka tsela e molemo ka ho fetisisa—ba ne ba koetlisetsoa hore ba bolaoe!—ba ne ba bolaeloa mabitleng ka letsatsi le behiloeng la lepato. Kahoo, batho ba mehleng eo, ba ne ba tšelisoa ke ho bolaea ha ba shoetsoe. Munus e simolohile ka mokhoa o joalo. Empa ka mor’a nako liketsahalo tsena li ile tsa ’na tsa ntlafatsoa le ho ba sehlōhō ka tsela e tšoanang; hobane monyaka oa letsatsi la phomolo o ne o sa fella ha liphoofolo tse hlaha li ne li sa tsekolla batho likoto. Se neng se nyeheloa ho robatsa bafu se ne se nkoa joaloka tšebeletso ea lepato.”

[Setšoantšo se leqepheng la 27]

Helmete le tšireletso ea moomo tsa bahlabani ba boholo-holo

[Setšoantšo se leqepheng la 29]

Bakreste ba mehleng ea boholo-holo ba ne ba nka boithabiso bo mabifi e le bo sa amoheleheng. Uena u bo nka joang?

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]

Boxing: Dave Kingdon/Index Stock Photography; car crash: AP Photo/Martin Seppala

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 26]

Phoenix Art Museum, Arizona/Bridgeman Art Library

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela