Ba ne ba ho Bitsa Boithabiso
LEBALA la lipapali le ne le tletse nyakallo. Ba likete li mashome ba ne ba bokane ho tla shebella e ’ngoe ea lipapali tse ratoang ka ho fetisisa, Roma ea boholo-holo. Lebala la boithabiso le ne le khabisitsoe ka lifolakha, lirosa le masela a hōmiloeng. Liliba li ne li tšikhunya metsi a nkhisitsoeng hamonate, ’me li nkhisa moea ka menkho e monate. Barui ba ne ba khabile ka liaparo tsa bona tse mabenyane. Puisano e tsoelang pele ea letšoele e ne e khaoletsoa ke ho hasana ka litšeho empa litšeho tsa bosaoana tsa letšoele lena li ne li shanofatsa tšabo ea se neng se le haufi le ho etsahala.
Ka mor’a nakoana, mokhosi oa phala ea tubæ o ne o laela liloani tse peli ho loana. Letšoele le ne le ferekana ha liloani li qala ho hlabana ka mabifi li sa qenehelane. Ho otlana ha lisabole ho ne ho utloahalla tlaase ka lebaka la litlatse tse thibang litsebe tsa bashebelli. Ka tšohanyetso, seloani se seng se maqiti sa liha mohanyetsi oa sona. Qetello ea seloani se lihiloeng e ne e se e le matsohong a bashebelli. Haeba ba ne ba ka tsoka lisakatuku tsa bona, se ne se tla phela. Ka pontšo e le ’ngoe ea menoana ea lona, letšoele—le akarelletsang basali le banana—le ne le laela kotlo ea lefu. Ka mor’a nakoana setopo se ne se hulanyetsoa ka ntle ho lebala la boithabiso, ho koaheloa mobu o mali ka likharafu, ho tšeloa mobu o mocha, ’me letšoele le itokisetsa tšollo ea mali e ntseng e setse.
Ho ba bangata ba neng ba phela Roma ea boholo-holo, seo e ne e le boithabiso. Buka e bitsoang Rome: The First Thousand Years e re: “Esita le babuelli ba thata-thata ba boitšoaro ha baa ka ba hanyetsa ho thabela tšollo ena ea mali.” ’Me papali ea ntoa e ne e mpa e le mofuta o mong feela oa boithabiso bo bolileng boo Roma e neng e e-na le bona. Lintoa tsa likepe tsa ntoa le tsona li ne li hlile li bontšoa molemong oa ho thabisa bashebelli ba nyoretsoeng tšollo ea mali. Esita le ho bolaela pooaneng ho ne ho etsoa, moo linokoane tse ahlotsoeng li neng li tlamelloa thupeng hore li haroloe ke libata tse lapileng.
Molemong oa ba se nang lenyora le lekaalo la tšollo ea mali, Roma e ne e fana ka mefuta e meng e sa tšoaneng ea lipapali tsa sethaleng. Ho Roman Life and Manners Under the Early Empire, Ludwig Friedländer o ile a ngola hore litšoantšisong—tsa lipapali tse khutšoanyane tsa bophelo ba letsatsi le letsatsi—“bofebe le litaba tsa lerato e ne e e-ba lihlooho tse hlaheletseng. Puo e ne e tlala lipolelo tse tala le mesoaso e litšila, e tletseng lipontšo tsa lehloeo, mahlapa, ’me ka holimo ho tsohle motjeko o sa tloaelehang oa lekolilo.” Ho latela The New Encyclopædia Britannica, “ho na le bopaki ba hore liketso tsa bofebe li ne li hlile li etsoa tšoantšisong nakong ea ’Muso oa Roma.” Hase feela Friedländer a ileng a bitsa tšoantšiso hore ke “papali e tsoileng tseleng ka ho fetisisa ea boitšoaro bo bobe le bo lihlong,” ’me a phaella: “Likarolo tsa boitšoaro bo litšila ka ho fetisisa e ne e le tsona tse thoholetsoang ho feta.”a
Ho thoe’ng kajeno? Na khetho ea batho ea boithabiso e fetohile? Hlahloba bopaki, joalokaha bo tšohloa sehloohong se latelang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ka linako tse ling, ho bolaea ho ne ho etsoa pontšeng ea bashebelli e le hore tšoantšiso e bonahale e le ea sebele. Buka e bitsoang The Civilization of Rome e re: “Ho ne ho tloaelehile hore senokoane se ahloletsoeng lefu se bapale karolo ea motšoantšisi maemong a behang bophelo kotsing.”
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
The Complete Encyclopedia of Illustration/J. G. Heck