Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 11/06 leq. 30
  • Ho Thabisa Letšoele Lekholong la Pele la Lilemo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Thabisa Letšoele Lekholong la Pele la Lilemo
  • Tsoha!—2006
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Thuto eo re Ithutang Eona Historing ea Roma
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • E-ba Bohlale ha U Khetha Boithabiso
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2019
  • Khetha ho Ithabisa ka Tsela e Tla Khahlisa Jehova
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Tsela ea ho Khetha Boithabiso bo Molemo
    “Le Ipoloke Leratong la Molimo”
Bala Tse Ling
Tsoha!—2006
g 11/06 leq. 30

Ho Thabisa Letšoele Lekholong la Pele la Lilemo

Batho ba se nang palo ba ile ba tsoa likotsi ’me ba bangata ba shoa, ho akarelletsa le bana, ka lebaka la morusu o ileng oa qhoma pakeng tsa batšehetsi ba libapali tse hlōlisanang, ba neng ba tsoa metseng ea boahelani e ka boroa Italy. Ka lebaka la koluoa eo, ba boholong ba ile ba laela hore lebala leo la lipapali le koaloe lilemo tse leshome.

LITLALEHO tsa merusu e kang eo li atisa ho hlaha likoranteng kajeno. Empa ketsahalo ena eona e etsahetse lilemong tse ka bang 2 000 tse fetileng, nakong ea puso ea Moemphera Nero. Rahistori oa Moroma, Tacitus, o ile a hlalosa morusu ona o ileng oa qhoma lebaleng la lipapali le Pompeii nakong eo ho neng ho e-na le tlhōlisano ea lipapali tsa ntoa, moo batho ba Pompeii ba ileng ba hohlana le batšehetsi ba sehlopha se neng se tsoa motseng oa boahelani oa Nuceria.

Lekholong la pele la lilemo, boithabiso bo ne bo hapa matšoele. ’Musong oa Roma metse e khethehileng e ne e e-na le mabala a liketsahalo, mabala a lipapali le libaka tsa liserekisi ’me e meng e ne e e-na le libaka tsena ka boraro ba tsona. Atlas of the Roman World e re: “Lipapali li ne li akarelletsa merusu e kotsi le pherekano . . . [’me] li fella ka tšollo ea mali.” Bakhanni ba likariki tsa lipere peisong ba ne ba apara mebala e sa tšoaneng, ’me sehlopha ka seng se ne se emela batho ba itseng sechabeng, ebang ke ba lipolotiki kapa ba maemo a itseng. Batšehetsi ba ne ba tlakoloha ka lerata ha sehlopha seo ba se ratang se hlaha. Bakhanni ba likariki tseo tsa lipere ba ne ba ratoa hoo batho ba neng ba khabisa matlo a bona ka litšoantšo tsa bona, ’me bakhanni bao ba ne ba lefshoa chelete e ngata haholo.

Metseng e meng ho ne ho boetse ho e-ba le lipapali tsa ntoa tse nang le tšollo mali le lintoa tseo batho ba neng ba loana le libata, ’me ka linako tse ling ba sa tšoara libetsa. Ho latela rahistori Will Durant, “ka linako tse ling linokoane tse ahlotsoeng li ne li apesoa makoko a liphoofolo, ebe li lahleloa ka har’a libatana tse ileng tsa bolaisoa tlala ka boomo; linokoane li ne li shoa ka sehlōhō se tšabehang maemong a joalo.”

Ba neng ba thabela boithabiso bo se nang bomolimo joalo, ka sebele ba ne ba “le lefifing likelellong” hape e le ba “feletsoeng ke kutlo eohle ea boitšoaro.” (Baefese 4:17-19) Lekholong la bobeli la lilemo, Tertullian o ile a ngola: “Har’a [Bakreste] ha ho letho le kileng la boleloa, la bonoa kapa la utluoa le neng le tšoana le ho tsoa taolong ho neng ho ba libakeng tsa liserekisi, boitšoaro bo litšila mabaleng a liketsahalo, [hammoho le] liketso tse sehlōhō tse neng li ba mabaleng a lipapali.” Kajeno, Bakreste ba ’nete le bona ba hlokolosi ho qoba boithabiso bo mabifi, ho sa tsotellehe hore na bo hlaha hokae—ebang ke linthong tse ngotsoeng, thelevisheneng, kapa lipapaling tsa k’homphieutha—kaha baa tseba hore Jehova o hloile “mang kapa mang ea ratang pefo.”—Pesaleme ea 11:5.

[Setšoantšo se leqepheng la 30]

Setšoantšo sa mokhabiso sa mohlōli peisong ea likariki tsa lipere

[Setšoantšo se leqepheng la 30]

Setšoantšo se takiloeng sa monna ea loanang le tau e tšehali

[Setšoantšo se leqepheng la 30]

Lebala la liketsahalo la lekholong la pele la lilemo

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Ciudad de Mérida

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 30]

Top and bottom left: Museo Nacional de Arte Romano, Mérida

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela