Bohlokoa ba Sebele ba 1914
JOALOKAHA ho bontšitsoe leqepheng la 4, “makasine ona o etsa hore batho ba tšepe litšepiso tsa ’Mōpi mabapi le tsamaiso e ncha ea khotso le tšireletseho pele moloko o boneng liketsahalo tsa 1914 ka mahlo o feta.”
Ntle ho pelaelo babali ba rōna ba bangata ba makatsoa ke mantsoe ao. Leha ho le joalo, morao koana ka December 1879—lilemo tse ka bang 35 pele ho 1914—Molula-Qhooa (oo nakong eo o neng o tsebahala e le Zion’s Watch Tower and Herald of Christ’s Presence) o ile oa fana ka bopaki ba Bibele ho bontša hore 1914 e ne e tla ba selemo sa bohlokoa. Esita le pele ho mona—bohareng ba lekholo la bo19 la lilemo—liithuti tse ling tsa Bibele li ile tsa fana ka maikutlo a hore 1914 e ne e tla ba selemo se tšoailoeng sa boprofeta ba Bibele.a
Boprofeta bo hlalositsoe e le histori e ngotsoeng esale pele. Tšobotsi ena ea Bibele e fana ka bopaki ba tšimoloho ea bona ea bomolimo. Ho phaella ho re bolelleng ka liketsahalo tsa nako e tlang, ka linako tse ling Bibele e bolela botelele ba nako e tla feta pele ntho e itseng e etsahala. Bo bong ba boprofeta bona bo khethehileng bo supa matsatsing a ’maloa, bo bong lilemong, bo bong makholong a lilemo.
Daniele, ea ileng a profeta ka nako ea ho bonahala ha Messia ka lekhetlo la pele, o boetse a senola nako eo Messia a neng a tla khutla bakeng sa ho ba “teng” ha hae ho bitsoang ‘mehla ea qetello.’ (Daniele 8:17, 19; 9:24-27) Boprofeta bona ba Bibele bo akaretsa nako e telele, eseng lilemo tse makholo a itseng feela, empa tse fetang likete tse peli—lilemo tse 2 520! Ho Luka 21:24 (NW), Jesu o bitsa nako ena “mehla e khethiloeng ea lichaba.”b
1914 e Qalisa Nako ea Tsieleho
Ho phethahala ha boprofeta ba Bibele ho bontša hore re ’nile ra phela mehleng ea bofelo ho tloha ka 1914. Jesu o hlalositse nako ena e le ‘qalo fela ea tlokotsi.’ (Mattheu 24:8) Ho Tšenolo 12:12, rea bala: “Ho malimabe lōna ba ahileng lefatšeng le leoatleng; hobane Diabolose o theohetse ho lōna a halefile hampe, ka ho tseba hobane nako ea hae ha e sa le ekae.” Sena se hlalosa lebaka leo lefatše le ’nileng la e-ba le mofere-fere o moholo ho tloha ka 1914.
Leha ho le joalo, mehla ena ea bofelo ke nako e khutšoane haholo—e akaretsang moloko o le mong. (Luka 21:31, 32) ’Nete ea hore hona joale re fetile 1914 ka lilemo tse 80 e bontša hore kapele re ka lebella topollo eo ’Muso oa Molimo o tla e tlisa. Sena se bolela hore re tla bona “ea fetisang ka bonyenyane”—Jesu Kreste—a laola “’muso holim’a borena ba motho” le ho tlisa lefatše le lecha la khotso le le nang le toka.—Daniele 4:17.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ka 1844, moruti oa Brithani E. B. Elliott, o ile a lebisa tlhokomelo ho 1914 hore e ka ’na ea ba nako ea ho fela ha “linako tse supileng” tsa Daniele khaolo 4. Ka 1849, Robert Seeley, oa London, o ile a tšohla taba ena ka mokhoa o tšoanang. Joseph Seiss, oa United States o ile a supa 1914 e le selemo sa bohlokoa tatellanong ea liketsahalo tsa Bibele bukeng e hatisitsoeng hoo e ka bang ka 1870. Ka 1875, Nelson H. Barbour o ile a ngola makasineng oa hae Herald of the Morning hore 1914 e ne e tla tšoaea ho fela ha nako eo Jesu a e bitsitseng “mehla ea lichaba.”—Luka 21:24.
b Bakeng sa tlhaloso e eketsehileng ea boprofeta ba Daniele, bona Ho Bea Mabaka ka Mangolo, maqephe 283-6, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
[Lebokose le leqepheng la 11]
Litlhaloso ka 1914 le Kamorao
“E ka ’na eaba ka mor’a lintoa tse peli tsa lefatše tseo ho neng ho bonahala li ke ke tsa qojoa, ho etsoa ha libetsa tsa nyutlelie ho ile ha sebeletsa e le tlhokomeliso, e re sirelelitseng qhoebeshanong ea ntoa ea boraro ea lefatše le ho hlahisa nako e telele ka ho fetisisa ea khotso ka kakaretso, esita le nako ea tšabo, ho tloha mehleng ea Victoria. . . . Ho etsahetse’ng ka moloko oa batho? Ke hobane’ng ha tšepiso ea lekholo la leshome le metso e robong la lilemo e ile ea senngoa? Ke hobane’ng ha lekholo la mashome a mabeli la lilemo le fetohile mehla ea tšabo kapa, kamoo motho a neng a ka bolela, mehla e mebe?”—A History of the Modern World—From 1917 to the 1980s, ka Paul Johnson.
“Liphetohong tsohle tsa tsamaiso ea Europe tse sa tsitsang, Ntoa e Khōlō le litharollo tsa khotso li sentse likamano tsa khotso tsa nakong e fetileng, moruong, sechabeng le lipolotiking. . . . Tlhompho ea tsamaiso e neng e sebetsa ka bolokolohi le e hlahisang litholoana e nyametse tlokotsing ea ntoa. Ho e-na le hoo, Europe e ile ea tlameha ho sebetsana le ho theoha ha moruo le ha tsamaiso e hlonngoeng ea moruo. . . . Tšenyo e bile khōlō hoo moruo oa Europe o sa kang oa ntlafala le ho tsitsa pele ntoa e latelang ea lefatše e qhoma.”—The World in the Crucible 1914-1919, ka Bernadotte E. Schmitt le Harold C. Vedeler.
“Ntoeng ea Bobeli ea Lefatše likamano tsohle mahareng a batho li ile tsa senyeha. Majeremane a ne a etsa litlōlo tsa molao tlas’a puso ea Hitler hoo histori ea moloko oa batho e ileng ea senyeha. Polao e sehlōhō ea banna, basali, le bana ba limilione tse tšeletseng kapa tse supileng likampong tsa polao tsa Jeremane e feta sehlōhō sa lipolao tsa Genghis Khan, le ho li etsa tse sa reng letho. Polao ea ka boomo ea baahi e ile ea nahanisisoa le ho phehelloa ke Majeremane le Marussia ntoeng ea Bochabela. . . . Re tsoa tšenyong ea sebele ea matlotlo le boitšoaro tseo moloko oa batho o neng o ke ke oa li nahana makholong a lilemo a fetileng.”—The Gathering Storm, Moqolo I oa The Second World War, ka Winston S. Churchill.
“Hona joale ho hlokomeloa litokelo tsa batho ba lihlopha tsohle, lichaba, le merabe; leha ho le joalo ka nako e tšoanang re kene ka ho tebileng mefuteng ea lintoa, bochaba, le khethollo tseo pele li neng li sa tsebahale. Maikutlo ana a mabe a bontšoa ka ho se nahanele, le ka sehlōhō se hlophisitsoeng ka mokhoa o bohlale; ’me likhopolo tse peli tse sa lumellaneng le tekanyetso ea boitšoaro lia bonahala kajeno, e hlile ke mathe le leleme, eseng feela lefatšeng le tšoanang, empa ka linako tse ling naheng e tšoanang esita le ho batho ba tšoanang.”—Civilization on Trial, ka Arnold Toynbee.
“Joaloka sethotsela se ’nileng sa lika-lika ho fihlela se siiloe ke nako, lekholo la leshome le metso e robong la lilemo—hammoho le tlhophiso ea lona ea bohlokoa, ho itšepa ha lona, le ho tšepa ha lona tsoelo-pele ea batho—li bile lenama ho fihlela ka August 1914, ha linaha tse matla tsa Europe joaloka sehlopha li hlaseloa ke lefu la ho ferekana kelellong le ileng la lebisa ka ho toba polaong e sehlōhō ea licharola tsa bahlankana tsa moloko oa batho. Lilemo tse ’nè le halofo hamorao, ha lefatše le ne le leka ho khutlela boemong bo tloaelehileng ka mor’a moroallo oa Ntoa e Khōlō, ho ile ha hlaka hore ho bashebelli ba bangata (eseng bohle) mesaletsa ea taolo ea nakong e fetileng e ne e felisitsoe, le hore moloko oa batho o ne o kene mehleng e mecha eo ha ho bapisoa e neng e haelloa ke kutloisiso le ho ba e sa tšoareleng mefokolo ea moloko oa batho. Ba neng ba lebelletse hore khotso e tla lebisa lefatšeng le molemo haholoanyane ba ile ba hlokomela hore ba thetsitsoe ka 1919.”—Selelekela sa 1919—The Year Our World Began, ka William K. Klingaman.
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Li-Alps tsa Bavaria