Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w92 5/1 maq. 6-7
  • Moloko oa 1914—Ke Hobane’ng ha o le Bohlokoa?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Moloko oa 1914—Ke Hobane’ng ha o le Bohlokoa?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Timetso e Profetiloeng ea Lefatše e Tla Tla Neng?
    Khotso ea ’Nete le Tšireletseho—U Ka Li Fumana Joang?
  • Bontša Teboho—’Muso oa Jehova oa Bomessia oa Busa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
w92 5/1 maq. 6-7

Moloko oa 1914—Ke Hobane’ng ha o le Bohlokoa?

“Babali ba rōna baa tseba hore ka lilemo tse ’maloa re ’nile ra lebella hore Mehla ena e felle ka nako e tšabehang ea khathatso, ’me re lebelletse hore e qhome ka tšohanyetso le ka matla ka moraonyana ho October, 1914.”—Ho tsoa ho The Watch Tower and Herald of Christ’s Presence, May 15, 1911.

HO TLOHA ka 1879 makasine o neng o tsejoa e le The Watch Tower and Herald of Christ’s Presence ka nako eo (oo hona joale o tsejoang e le Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova) ka makhetlo a mangata o ile oa supa 1914 e le selemo se tšoailoeng boprofeteng ba Bibele. Ha selemo seo se ntse se atamela, babali ba ile ba hopotsoa hore ho ka lebelloa “nako e tšabehang ea khathatso.”

Bakreste ba neng ba thehile boitsebiso bona kutloisisong ea bona ea “linako tse supileng” le “linako tsa Balichaba” tseo ho buuoang ka tsona Bibeleng ba ile ba bo phatlalatsa ka ho pharalletseng.a Ba ile ba utloisisa hore nako ena e lokela ho ba lilemo tse 2 520—e qala ka ho ketoloa ha puso ea Davida ea boholo-holo Jerusalema ’me e fela ka October 1914.b—Daniele 4:16, 17; Luka 21:24, King James Version.

Ka October 2, 1914, Charles Taze Russell, eo e neng e le mopresidente oa Watch Tower Bible and Tract Society, o ile a phatlalatsa ka sebete: “Linako tsa Balichaba li felile; nako ea marena a bona e felile.” Mantsoe ana a ipakile e le ’nete hakaakang! Liketsahalo tsa bohlokoa tse sa bonahaleng mahlong a batho tse ileng tsa sisinya lefatše li ile tsa etsahala leholimong ka October 1914. Jesu Kreste, Mojalefa oa ka mehla oa “terone ea Davida,” o ile a qala puso ea hae e le Morena holim’a moloko ’ohle oa batho.—Luka 1:32, 33; Tšenolo 11:15.

U ka ’na ua botsa: ‘Empa haeba Kreste a qalile ho busa ka 1914, ke hobane’ng ha lefatšeng maemo a ile a mpefala le ho feta?’ Ke hobane sera sa batho se sa bonahaleng Satane se ne se sa le teng. Ho fihlela ka 1914, Satane o ne a ntse a kena leholimong. Boemo boo bo ile ba fetoha ha ho hlongoa ’Muso oa Molimo ka 1914. “Ntoa ea e-ba teng leholimong.” (Tšenolo 12:7) Satane le bademona ba hae ba ile ba hlōloa ’me ba liheloa lefatšeng, ’me sena se ile sa fella ka liphello tse bohloko ho moloko oa batho. Bibele e ile ea bolela esale pele: “Ho malimabe lōna ba ahileng lefatšeng le leoatleng; hobane Diabolose o theohetse ho lōna a halefile hampe ka ho tseba hobane nako ea hae ha e sa le ekae.”—Tšenolo 12:12.

Lekholong la pele la lilemo C.E., Jesu o boletse hore ho ba teng ha hae ho sa bonahaleng e le Morena e mocha oa lefatše ho ne ho tla tšoauoa ka pontšo e bonahalang. O ile a botsoa: “Pontšo ea ho ba teng ha hao le ea ho fela ha tsamaiso ea lintho e tla ba efe?” Karabelo ea hae ebile efe? “Sechaba se tla tsohela sechaba se seng matla ’me ’muso o mong o tsohele ’muso o mong matla, ’me ho tla ba le likhaello tsa lijo le litšisinyeho tsa lefatše libakeng ka ho latellana. Lintho tsena tsohle ke qalo ea tlokotsi.”—Mattheu 24:3, 7, 8, NW.

Ka ho loketseng, ntoa e ileng ea qhoma leholimong ka 1914 e ile ea tsamaisana le khaello e khōlō ea lijo kaha tlhahiso e tloaelehileng ea lijo e ile ea sitisoa nako e fetang lilemo tse ’nè. Ho thoe’ng ka “litšisinyeho tsa lefatše libakeng ka ho latellana”? Lilemo tse leshome ka mor’a 1914, litšisinyeho tse senyang tsa lefatše tse ka holimo ho leshome li bolaile batho ba fetang 350 000. (Bona lebokose.) Ka sebele moloko oa 1914 o latsoitse “qalo ea tlokotsi.” ’Me ho tloha nakong eo, litlokotsi li ile tsa otla ka mehla ka likoluoa tsa tlhaho, litlala le lintoa tse ngata.

Leha ho le joalo, litaba tsa ho hlongoa ha ’Muso oa Molimo ka 1914 ke litaba tse monate hobane ’Muso oo o tla pholosa lefatše lena hore le se senngoe. Joang? O tla felisa malumeli ’ohle a bohata, a boikaketsi, mebuso e senyehileng le tšusumetso e khopo ea Satane. (Daniele 2:44; Ba-Roma 16:20; Tšenolo 11:18; 18:4-8, 24) Ho feta moo, o tla tlisa lefatše le lecha moo “ho loka ho ikahetseng teng.”—2 Petrose 3:13.

Hang ka mor’a Ntoa ea I ea Lefatše, Liithuti tse tšepahalang tsa Bibele, e leng kamoo Lipaki tsa Jehova li neng li tsejoa ka teng, li ile tsa qala ho hlokomela tokelo ea tsona mabapi le tšobotsi e ’ngoe ea pontšo ea boteng ba Jesu e le Morena. Jesu Kreste o ile a bolela esale pele: “’Me litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona bakeng sa bopaki ho lichaba tsohle; ’me e tla ba hona bofelo bo tlang.”—Mattheu 24:14, NW.

Ho tloha qalehong e nyenyane ka 1919, Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa tsoela pele li sa khaotse ho bolela “litaba tsena tse molemo.” Ka baka leo, batho ba limillione ba tsoang linaheng tse fetang 200 joale ba ntse ba bokelloa joaloka bafo ba ’Muso oa Molimo. Bafo bana ba letetsoe ke mahlohonolo a makaakang! ’Muso ona o tla felisa ntoa, tlala, tlōlo ea molao le khatello. O tla boela o hlōle le ho kula le lefu!—Pesaleme ea 46:9; 72:7, 12-14, 16; Liproverbia 2:21, 22; Tšenolo 21:3, 4.

Pele moloko oa 1914 o fela, mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso o tla be o finyelletse morero oa ’ona. Joalokaha Jesu a boletse esale pele: “Hobane mohlang oo, mahlomola a tla ba maholo, ha e sa le le tšimolohong ea lefatše, ho fihlela joale, tsietsi e kalo ha e e-so ho ka e e-ba teng le ka mohla o le mong. Le hojane matsatsi ao a se ke a khutsufatsoa palo, ho no ho ke ke ha phonyoha motho; empa ka baka la bakhethoa, matsatsi ao a tla khutsufatsoa.”—Mattheu 24:21, 22.

U se etse phoso e entsoeng ke moloko oa pele ho 1914. Lintho li ke ke tsa tsoela pele ka mokhoa oo li leng ka teng hona joale. Liketsahalo tse tšosang li larile ka pele. Empa ho ba sebetsang ka bohlale, ho na le litebello tse babatsehang.

Joale, ak’u mamele mantsoe a moprofeta oa boholo-holo: “Batlang Jehova, baikokobetsi bohle ba lefatše . . . batlang ho loka, le batle boikokobetso; ekaba le ka tšoha le patoa tsatsing la bohale ba Jehova.” (Sofonia 2:3) Re ka sebelisa keletso ena joang? Lihlooho tse latelang li tla thusa ho arabela potso eo.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Leqephe la sekoahelo la Scenario of the Photo-Drama of Creation, 1914.

b Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng, bona khaolo 16 ea buka U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.

[Chate e leqepheng la 7]

Litšisinyeho tsa Lefatše Lilemong tse Leshome ka Mor’a 1914

Letsatsi: Sebaka: Mafu:

January 13, 1915 Avezzano, Italy 32 600

January 21, 1917 Bali, Indonesia 15 000

February 13, 1918 Kwangtung Province, Chaena 10 000

October 11, 1918 Puerto Rico (ka bophirima) 116

January 3, 1920 Veracruz, Mexico 648

September 7, 1920 Reggio di Calabria, Italy 1 400

December 16, 1920 Ningsia Province, Chaena 200 000

March 24, 1923 Szechwan Province, Chaena 5 000

May 26, 1923 Iran (ka leboea-bochabela) 2 200

September 1, 1923 Tokyo-Yokohama, Japane 99 300

Ho tsoa lethathamong la “Litšisinyeho tsa Bohlokoa tsa Lefatše” bukeng e bitsoang Terra Non Firma, ea James M. Gere le Haresh C. Shah.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela