Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w92 5/1 maq. 3-5
  • 1914—Selemo se Ileng sa Tšosa Lefatše

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • 1914—Selemo se Ileng sa Tšosa Lefatše
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ka Tšohanyetso, ka August
  • Na e ne e Tla be e Letse ka Keresemese?
  • Phetoho e Khōlō
  • Sarajevo—Ho Tloha ka 1914 ho Fihlela ka 1994
    Tsoha!—1994
  • Bohlokoa ba Sebele ba 1914
    Tsoha!—1994
  • Moloko oa 1914—Ke Hobane’ng ha o le Bohlokoa?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Timetso e Profetiloeng ea Lefatše e Tla Tla Neng?
    Khotso ea ’Nete le Tšireletseho—U Ka Li Fumana Joang?
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
w92 5/1 maq. 3-5

1914—Selemo se Ileng sa Tšosa Lefatše

“Ntoa e Khōlō ea 1914-18 e tšoana le sebataolo se arolang nako eo ho ea rōna. Ka ho bolaea batho ba bangata hakaalo . . . , ka ho felisa litumelo, ho fetola likhopolo, le ho siea maqeba a ke keng a fola a ho hloka tšepo, e bakile lekhalo la sebele haesitana le la kelello pakeng tsa linako tse peli.”—Ho tsoa ho The Proud Tower—A Portrait of the World Before the War 1890–1914, ea Barbara Tuchman.

“Ke hoo e batlang e le—le hoja e se kaofela—karolo ea histori ho batho ba likete ba neng ba le bacha qalong ea lekholo lena la bohlokoa la mashome a mabeli la lilemo ba ntseng ba phela.”—Ho tsoa bukeng 1914, ea Lyn MacDonald e hatisitsoeng ka 1987.

KE HOBANE’NG ha u lokela ho thahasella selemo sa 1914? U ka ’na ua re: ‘Ke amehile ka nako e tlang eseng e fetileng.’ Ka baka la mathata a kang tšilafalo ea lefatše lohle, ho senyeha ha bophelo ba lelapa, ho eketseha ha tlōlo ea molao, ho kula kelellong le ho hloka mosebetsi, bokamoso ba motho bo ka bonahala bo le lerootho. Leha ho le joalo, batho ba bangata ba ileng ba hlahloba bohlokoa ba selemo sa 1914 ba fumane motheo oa tšepo bokamosong bo molemonyana.

Ka mashome a lilemo Molula-Qhooa o ’nile oa hlalosa hore ka 1914 moloko oa batho o ile oa latsoa se bitsoang “qalo feela ea tlokotsi.” Poleloana eo e etsa karolo ea boprofeta bo boholo ba Jesu Kreste ka liketsahalo tse neng li tla etella pele ho fela ha tsamaiso e khopo ea motho.—Mattheu 24:7, 8.

Kajeno, ke lenane le fokolang la batho le sa ntseng le hopola liketsahalo tseo tsa bohlokoa tsa 1914. Na moloko oo o seng o tsofetse o tla feta pele Molimo o pholosa lefatše tšenyong? Che eseng ho latela boprofeta ba Bibele. Jesu o ile a tšepisa: “Ka mokhoa o joalo, le lōna ha le bona lintho tsena tsohle, tsebang hore o haufi, o monyako. Ruri kea le bolella, molōko ona o ke ke oa fela tseo tsohle li e-s’o etsahale.”—Mattheu 24:33, 34, BPN.

Hore u utloisise hore na ke hobane’ng ha selemo sa 1914 se le bohlokoa hakaalo historing, nahana ka boemo ba lefatše ho fihlela bohareng ba 1914. Pele ho nako eo, marena a kang Czar Nicholas oa Russia, Kaiser Wilhelm oa Jeremane le Moemphera Franz Josef oa Austria-Hungary ba bile le matla a maholo. E mong le e mong oa banna bana o ne a tseba ho hlophisa masole a fetang limillione tse ’nè le ho a romela ntoeng. Empa bo-ntate-moholo ba bona ba ne ba saenne se neng se bitsoa Selekane se Halalelang, se bolelang hore Molimo o ne o ba khethile hore ba buse likarolo tse fapaneng tsa ‘sechaba se le seng se seholo sa Bokreste.’

Ho latela The Encyclopædia Britannica, tokomane ena “e ile ea ama tsela ea kamano ea lichaba tsa Europe ka matla lekholong la bo19 la lilemo.” E ne e sebelisetsoa ho hanyetsa mekha ea tsamaiso ea puso ea sechaba ka sechaba le ho emela se bitsoang tokelo ea ho busa eo marena a e fuoeng ke Molimo. Kaiser Wilhelm o ile a ngolla Czar Nicholas: “Rōna Marena a Bakreste, re na le mosebetsi o le mong o halalelang, o tsoang Leholimong, e leng ho phahamisa molao-motheo oa [tokelo ea ho busa eo marena a e fuoeng ke Molimo].” Na sena se ne se bolela hore marena a Europe a ne a hlile a amana le ’Muso oa Molimo? (Bapisa le 1 Ba-Korinthe 4:8.) Ho thoe’ng ka likereke tse neng li tšehetsa marena ao? Na mosebetsi oa tsona oa Bokreste e ne e le oa sebele? Karabo ea lipotso tsena e ile ea hlaka haholoanyane kapele lilemong tse ileng tsa latela 1914.

Ka Tšohanyetso, ka August

Ramolao oa Lenyesemane Winston Churchill o ile a ngola: “Nako ea selemo le lehlabula la 1914 li ile tsa tšoauoa ka khotso e khethehileng Europe.” Ka kakaretso batho ba ne ba e-na le tšepo ka bokamoso. Louis Snyder bukeng ea hae World War I o ile a re: “Lefatše la 1914 le ne le tletse tšepo le tšepiso.”

Ke ’nete hore ka lilemo tse ngata ho bile le bora bo matla pakeng tsa Jeremane le Brithani. Leha ho le joalo, joalokaha rahistori G. P. Gooch a hlalosa bukeng ea hae Under Six Reigns: “Ho ile ha bonahala e ka qhoebeshano ea Europe e ke ke ea etsahala ka 1914 ho e-na le ka 1911, 1912 kapa 1913 . . . Likamano pakeng tsa mebuso ena e ’meli li ne li le ntle ho feta kamoo li bileng ka teng ka lilemo tse ngata.” Ho ea ka Winston Churchill, e leng setho sa kabinete ea Brithani ka 1914: “Ho bonahala Jeremane e ne e e-na le khopolo e tšoanang le ea rōna, e leng, boikemisetso ba ho ba le khotso.”

Leha ho le joalo, ka baka la ho fenethoa ha khosana ea ’Muso oa Austria-Hungary ka June 28, 1914, Sarajevo, ho ile ha bonahala litaba li e-ba mosenekeng. Khoeli hamorao, Moemphera Franz Josef o ile a phatlalatsa ntoa ho Serbia ’me a laela mabotho a hae ho futuhela ’muso oo. Ha metsotso e ntse e e-ja babeli, bosiung ba August 3, 1914, ka taelo ea Kaiser Wilhelm, ka tšohanyetso lebotho le leholo la Jeremane le ile la futuhela ’muso oa Belgium ’me la loana le lebile Fora. Letsatsing le latelang Brithani e ile ea phatlalatsa ntoa ho Jeremane. Czar Nicholas o ne a laetse hore lebotho le leholo la Russia le be malala-a-laotsoe bakeng sa ntoa le Jeremane le Austria-Hungary. Selekane se Halalelang se ne se hlōlehile ho thibela marena a Europe ho lihela kontinente har’a phula ea mali a ho bolaeana. Empa tseo e ne e sa le linyane, likhōlō li ne li sa tla.

Na e ne e Tla be e Letse ka Keresemese?

Ho qhoma ha ntoa ha hoa ka ha fokolisa tšepo ea batho ka bokamoso. Batho ba bangata ba ne ba lumela hore ntoa e ne e tla hlahisa lefatše le molemonyana, ’me matšoele-tšoele a ile a bokana hohle Europe ho bontša ho e tšehetsa ha ’ona. A. J. P. Taylor oa ngola bukeng ea hae The Struggle for Mastery in Europe—1848–1918: “Ha ho le ea mong ka 1914 ea ileng a nahana ka ho teba ka tšenyo e ka bakoang ke ntoa ntle ho tšenyo e tloaelehileng. . . . Ha ho motho ea neng a lebelletse tlokotsi ea sechaba.” Ho e-na le hoo, ba bangata ba ile ba noha hore ka likhoeli tse ’maloa ntoa e tla lala.

Leha ho le joalo, nako e telele pele baahi ba Europe ba ka keteka Keresemese ea bona ea 1914, selei se ne se khitlile lejoe lik’hilomithara tse 700 ho tloha Switzerland ka boroa ho ea lebōpong la Belgium ka leboea. Sena se ile sa bitsoa Western Front ’me sengoli sa Jeremane Herbert Sulzbach o buile ka sona ho seo a ileng a se ngola bukeng ea hae eo a ngolang liketsahalo ho eona letsatsing la ho qetela la 1914. Mantsoe ao a baleha tjena: “Ntoa ena e sehlōhō e tsoela pele e sa khaotse, le hoja e mong le e mong qalong a ne a nahana hore e tla lala nakong ea libeke tse ’maloa, ho bonahala e ke ke ea lala kapele.” Ho sa le joalo, likarolong tse ling tsa Europe, lintoa tse mahlo a mafubelu li ne li ntse li kupa mahareng a mabotho a Russia, Jeremane, Austria-Hungary le Serbia. Qhoebeshano ena e ile ea fetela Europe, ’me ho ne ho ntse ho loanoa maoatleng esita le Afrika, Bochabela bo Hare, le lihleke-hlekeng tsa Pacific.

Lilemo tse ’nè hamorao Europe e ile ea senngoa. Jeremane, Russia, le Austria-Hungary naha ka ’ngoe e ile ea lahleheloa ke masole a pakeng tsa millione e le ’ngoe le tse peli. Russia e ne e boetse e lahlehetsoe ke borena ba eona phetohelong ea Bolshevik ea 1917. Sena ebile ntho e sa lebelloang hakaakang ho marena a Europe le batšehetsi ba ’ona ba baruti! Bo-rahistori ba hona joale ba sa ntse ba bua ka mohlolo ona. Gordon Brook-Shepherd bukeng ea hae Royal Sunset oa botsa: “Ho tlile joang hore babusi, haholo-holo ba amanang ka mali kapa lenyalo, ba buellang ho bolokoa ha leloko la borena, ba lumele ho kena ntoeng e bolaeang banabab’o bona e timelitseng ba bangata ho bona le ho siea baphonyohi bohle ba fokola?”

Rephabliki ea Fora e ile ea lahleheloa ke masole a fetang a millione ’me ’Muso oa Brithani, oo borena ba ’ona bo neng bo se bo fokolisitsoe pele ho ntoa o ile oa lahleheloa ke masole a fetang 900 000. Ka kakaretso, ho ile ha shoa masole a fetang limillione tse 9 ’me a limillione tse 21 e ne e le mahlatsipa. Mabapi le ho lahleheloa ke batho ba neng ba sa loane, The World Book Encyclopedia e re: “Ha ho motho ea tsebang hore na ke baahi ba bakae ba ileng ba bolaoa ke mafu, tlala le lisosa tse ling tse amanang le ntoa. Bo-rahistori ba bang ba lumela hore palo ea baahi ba shoeleng e lekana le ea masole.” Mokakallane oa Spain oa 1918 o ile oa bolaea batho ba bang ba 21 000 000 la rita ho potoloha lefatše.

Phetoho e Khōlō

Lefatše ha lea ka la hlola le loka ka mor’a Ntoa e Khōlō, joalokaha ntoa eo e ne e bitsoa joalo nakong eo. Kaha likereke tse ngata tsa Bokreste-’mōtoana li ne li nkile karolo ka mafolo-folo ntoeng ena, baphonyohi ba bangata ba nyahameng ba ile ba furalla bolumeli ba khetha ho se lumele ho Molimo. Ba bang ba ile ba retelehela ho lelekiseng matlotlo a lintho tse bonahalang le menate. Ho ea ka Moprofesa Modris Eksteins bukeng ea hae Rites of Spring, lilemo tsa bo-1920 “li ile tsa bona bopaki ba mokhoa oa ho phelela menyaka le boithati ka tekanyo e tsotehang.”

Moprofesa Eksteins oa hlalosa: “Ntoa e ile ea hlasela litekanyetso tsa boitšoaro.” Ka mahlakoreng a mabeli batho ba ne ba rutoa ke baeta-pele ba bolumeli, ba sesole le lipolotiki ho talima ho bolaea batho ka bongata ho lokile boitšoarong. Eksteins oa lumela hore sena “e ne e le tlhaselo e sehlōhō ka ho fetisisa litekanyetsong tsa boitšoaro tse neng li boleloa hore li tsoa moetlong oa Sejode le Bokreste.” Oa phaella: “Karolong e ka Bophirimela boitšoaro bo bobe bo ile ba eketseha haholo likampong tsa masole . . . Har’a baahi boitšoaro ba banna le basali le bona bo ile ba hlepha haholo. Botekatse bo ile ba eketseha ka mokhoa o makatsang.”

Ka sebele 1914 e ile ea fetoha haholo. Ha ea hlahisa lefatše le molemo haholoanyane, ’me ntoa le eona ha ea ka ea fetoha “ntoa e neng e tla felisa lintoa tsohle,” joalokaha batho ba bangata ba ne ba tšepile. Ho e-na le hoo, ho joalokaha rahistori Barbara Tuchman a hlokomela: “Likhopolo tse khōlō le cheseho tse bileng teng ho fihlela ka 1914 butle-butle li ile tsa nyamela tlas’a leoatle le leholo la masoabi.”

Leha ho le joalo, ba bang ba boneng bopaki ba tlokotsi ea 1914 ha baa ka ba makatsoa ke liketsahalo tsa selemong seo. Ha e le hantle, pele ntoa e qhoma ba ne ba se ba lebelletse “nako e tšabehang ea khathatso.” E ne e le bo-mang? ’Me ke eng seo ba neng ba se tseba seo ba bang ba neng ba sa se tsebe?

[Lebokose le leqepheng la 5]

Tebello e Tletseng Tšepo ea Brithani ka 1914

“Hoo e ka bang ka lekholo la lilemo ha ho sera se ileng sa bonahala maoatleng a potolohileng lihleke-hleke tsa rōna. . . . Ho ne ho boetse ho e-na le bothata ba ho nahana ka tlhaselo mabōpong ana a khutsitseng. . . . Ha ho mohla London e kileng ea bonahala e thabile hakana ebile e atlehile ka ho eketsehileng. Ha ho mohla ho bileng le lintho tse molemo tse neng li ka etsoa, ho bonoa le ho utluoa. Ha ho mohla maqheku kapa bacha ba kileng ba belaella seo ba neng ba se bona, nakong eo ea selemo e ke keng ea lekanngoa ea 1914, ha e le hantle e ne e le ho fela ha mehla eo.”—Before the Lamps Went Out, ea Geoffrey Marcus.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela