Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g95 2/8 maq. 10-13
  • Tlokotsi ee e Tla Fela Neng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tlokotsi ee e Tla Fela Neng?
  • Tsoha!—1995
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Sesosa sa Motheo
  • Tlokotsi Ena e Haufi le ho Fela
  • Rua Molemo Hona Joale
  • Thuso e Tsoang Holimo
  • Batsoali—Le be Mehlala e Metle ho Bana ba Lōna
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Batsoali, le ka Thusa Bana ba Lona Joang Hore ba Rate Jehova?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2022
  • Ho Haha Lelapa le Matla Moeeng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Thibelo Ka Lapeng
    Tsoha!—1993
Bala Tse Ling
Tsoha!—1995
g95 2/8 maq. 10-13

Tlokotsi ee e Tla Fela Neng?

HO TLA khaotsa neng hore bana e be bahlaseluloa ba ho koeteloa, ho hlekefetsoa, ho tšoaroa hampe, le hore hangata lithaka tsa bona li ba susumetse hampe? Na melao e thata haholoanyane litlōlong tsa molao tse entsoeng khahlanong le bana e tla ba sireletsa? Na mananeo a eketsehileng a sechaba a ho fana ka lijo, bolulo, le thuto a tla thibela tšoaro e mpe le ho baleha lapeng? Na ho ruta batsoali ba tsotellang bana ba bona mekhoa e molemo haholoanyane ea puisano ho tla thusa batsoali ho thibela bana ba bona menyakeng e ba hohelang ho ea libakeng tse kotsi?

Le hoja mehato e joalo e ka thusa, ho fihlela ha motso oa litlokotsi tse joalo o felisitsoe, bana e tla ’ne e be liphofu tsa mahlomola a joalo. Ho latela mocha e mong, mohato leha e le ofe oa ho sebetsana le bothata ba bana ba balehang lapeng o sa thibeleng ho hlekefetsoa kapa ho hlokomolohuoa lapeng o ke ke oa hlola o sebetsa kaha tšenyo e se e bakiloe.

Sesosa sa Motheo

Motso oa mathata aa kaofela ke’ng? A tla felisoa joang? Bibele e hlalosa hore lelapa le tlas’a tlhaselo ea libōpuoa tsa moea tse khopo tse sa bonahaleng, Satane le bademona ba hae, ba thabelang bobatana, tšoaro e mpe likamanong tsa botona le botšehali le boitšoaro bo khopameng. (Genese 6:1-6; Ba-Efese 6:12) Ha Jesu a ne a le lefatšeng, bana ba ne ba hlaseloa ke bademona bana. Moshanyana e mong o ile a hlokofatsoa ke bademona ba neng ba mo tsitsipanya le ho mo akhela mollong.—Mareka 9:20-22.

Esita le makholo a lilemo pele Jesu a tla lefatšeng, bademona ba ne ba se ba ntse ba e-na le karolo ho hlokofatseng le ho cheseng bana ba banyenyane ba neng ba etsoa mahlabelo ho melimo e tšabehang ea bohetene e kang Baale, Kemoshe, le Moloke. (1 Marena 11:7; 2 Marena 3:26, 27; Pesaleme ea 106:37, 38; Jeremia 19:5; 32:35) Ka hona, kajeno, lefatšeng lena le ntseng le silafala le ho feta, hase ho makatsang hore bademona ba hlasela bana bakeng sa ho ba hlokofatsa matsohong a batho ho ba tlontlolla, ho ba utloisa bohloko le ho ba bolaea. Hangata bahlohlelletsi ba joalo ba litlōlo tse tšabehang tsa molao ba fepa likelello tsa bona ka libuka le litšoantšo tsa bootsoa, tse feteletsang boitšoaro ba bona bo silafetseng.

Khatello eo bademona ba hatellang moloko oa batho ka eona e eketsehile haholo mehleng ea rōna hobane Bibele e bitsa nako ena ea histori ‘mehla ea qetello’ ea tsamaiso ea joale e khopo ea lintho. E boletse esale pele hore tsena e tla ba “linako tse bohloko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.” Hona joale ho feta leha e le neng pele, tšusumetso ea bademona e felletse ka hore batho ba bontše boitšoaro bo hlephileng ba libōpuoa tsena tsa moea tse khopo. Bibele e boletse esale pele hore mehleng ea rōna batho e tla ba ba mabifi, ba se nang boitšoaro, ba se nang lerato la tlhaho, ba sa rateng se molemo.—2 Timothea 3:1-5, 13, NW.

Sena se hlalosa hantle batho ba meharo ba etsang lifilimi, lirekoto, limakasine le libuka tse tlotlisang bofebe, lithethefatsi, ho ipolaea, ho bolaea, ho beta, likamano tsa botona le botšehali le mong ka motho ea haufi, bokhoba, le ho utloisa bohloko. Ka lintho tsena esita le tse ling, bademona ba hōlisitse tloaelo, eo joaloka moea o silafetseng, e silafalitseng likelello le lipelo tsa bana le batho ba baholo ka mokhoa o tšoanang, le ho senya litekanyetso tsa bohlokoa lapeng esita le boitšoaro bo botle.

Ho eketseha ha ho koeteloa ha bana, ho hleka-hlekoa, le polao ke karolo ea pontšo ea mehla ea bofelo. Ho phaella moo, Bibele e boletse hore ‘batho e tla ba baithati‚ ba sa bulehelang tumellano leha e le efe, ba sa tšepahaleng, baeki.’ Ke kahoo kajeno hangata litlamo tsa lenyalo li senngoang hoba li etsuoe. Ha litlhalo li ntse li eketseha, ho koeteloa ha batsoali bana le hona hoa eketseha. Ho otloa le ho bolaoa ha balekane ba hona joale kapa ba pele hoa eketseha, ’me boholo ba bahlaseluoa ke basali. Ka hona, re bona moloko oa bana bao batsoali ba bona ba ba khothaletsang ho baleha ka ho ba hlokomoloha le ho ba tšoara hampe. Ho feta moo, mehla ea rōna e khetholloa ka bana “ba sa utloeng batsoali” ba “lihlooho li thata,” ba khethang ho baleha le lithaka tsa bona ho e-na le ho hlompha litekanyetso tsa bomolimo.—2 Timothea 3:2-4, NW.

Tlokotsi Ena e Haufi le ho Fela

Leha ho le joalo, tšusumetso ea Satane le bademona ba hae e haufi le ho fela. (Tšenolo 12:12) Boprofeta ba Tšenolo 20:1-3 bo bolela hore Molimo o tla timetsa Satane le bademona ba hae ka ho sa feleng. Ka mor’a moo, ’Muso oa leholimo oa Molimo, matsohong a Jesu Kreste, o tla busa lefatše lena ka ho loka, o fane ka toka le ho tiisetsa bohle tšireletseho. (Pesaleme ea 72:7, 8; Daniele 2:44; Mattheu 6:9, 10) Tsamaiso e meharo ea khoebo e hatellang bafutsana le ho sebelisa bofokoli ba batho molemong oa ho etsa phaello e tla be e felile hobane, “lefatše lea feta, le eona takatso ea lona.” (1 Johanne 2:17) Bohle ba etsang bobe ba tla felisoa joalokaha Liproverbia 2:22 e bolela: “Empa ba babe ba tla khaoloa holim’a lefatše.”

Mikea 4:4 e bontša hore lefatšeng le lecha la Molimo ho tla ba le tšireletseho le khotso bakeng sa bohle: “Ho se ea ba tšosang.” Hoo ho ka khoneha joang? Ka molao oa borena oa lerato. Molao oo o phahameng ka ho feletseng o tla laola menahano eohle le liketso. Ba tla beng ba phela nakong eo ba tla be ba ithutile ho bonahatsa botho ba Jesu le Ntate oa hae, Jehova Molimo, hobane haeba ba sa etse joalo, ba ke ke ba lumelloa ho tsoela pele ba ntse ba phela. Ka ho ikapesa ha bona ka ‘kameho e lerato e bonolo ea kutloelo-bohloko‚ mosa‚ kelello e ikokobelitseng‚ bonolo,’ boithati bo tla fotholoa ka ho feletseng bothong ba batho. (Ba-Kolosse 3:12, NW) Bophelo bo tla tlala thabo; malapa a tletseng mofuthu le lerato e tla ba ntho e tloaelehileng lefatšeng ka bophara.

Esaia 65:21-23 e tšepisa lijo tse ngata le matlo a matle bakeng sa motho e mong le e mong: “Ba tla haha matlo, ba lule ho ’ona; ba tla hloma merara, ba je litholoana tsa eona. . . . Ba ke ke ba sebeletsa lefeela, ba ke ke ba tsoala bana, ’me ba lahleheloa ke bona.” Tšoaro e mpe e ke ke ea hlola e-ba teng. Bana le batsoali ba ke ke ba hlola ba utloa bohloko.

Rua Molemo Hona Joale

Esita le hona joale, mehleng e qetellang ea tsamaiso ena e khopo ea lintho, tsebo ka Jehova le merero ea hae ea ho khutlisetsa lefatše lena boemong ba paradeise e tlisa melemo. E file bacha ba bangata le batsoali tšepo le lebaka la thabo, esita le haeba e bile bahlaseluoa ba mehla ea rōna. Ka mohlala, Tamara, ea boletsoeng lihloohong tsa rōna tse fetileng, o hlalosa se ileng sa etsahala bophelong ba hae.

“Ha ke le lilemo li 18, ke ile ka nyaloa ’me ho isa bohōleng bo itseng, ke ile ka tlohela sehlopha sa ‘metsoalle’ ea ka, eo e meng ea eona e qetelletseng e le teronkong, e tšoasehile lithethefatsing kapa botekatseng. Empa ke ne ke sa ntse ke e-na le botho bo tšoanang, ka hona liqabang le monna oa ka li ile tsa simolla. Leha ho le joalo, hang ka mor’a ho hlaha ha mor’a rōna, ho ile ha etsahala ntho e ’ngoe e ileng ea fetola bophelo ba ka ka ho feletseng. Ke ile ka fumana Bibele ’me ka qala ho e bala. Mantsiboea a mang ke ile ka bala khaolo ho Liproverbia e bolelang hore ‘ho fumana bohlale ho tšoana le ho fumana matlotlo a patiloeng.’ (Liproverbia 2:1-6) Pele ke il’o robala mantsiboeeng ao, ke ile ka rapella bohlale boo. Hoseng ho latelang, Lipaki tsa Jehova li ile tsa kokota. Ke ile ka qala ho ithuta Bibele le tsona, empa ho ile ha nkuka nako e telele ho sebelisa seo ke neng ke ithuta sona Bibeleng. Qetellong, ke ile ka ikemisetsa ho latela tsela ea bophelo ba Bokreste ’me ke ile ka kolobetsoa. Hona joale, hammoho le monna oa ka, ke thusa ba bang ho amohela thuso eo Molimo a fanang ka eona.”

E, Tamara o ile a fumana Mohloli oohle oa thuso, Jehova Molimo. Ke Ntate oa leholimo eo ho seng mohla a tlang ho lahla ba mo khomarelang. Pesaleme ea 27:10 ea re bolella: “Leha ntate le ’me ba ka ntahla, Jehova o tla nthola.”

Domingos ea boletsoeng pejana, le eena o ile a fumana lelapa la sebele le ileng la fana ka matšeliso, khothatso le tšehetso. Oa pheta: “Ka letsatsi le leng ke ile ka fumana kopi ea buka Ho Mamela Mosuoe e Moholo ’me ke ile ka hlolloa ho ithuta hore Molimo o na le lebitso, Jehova.a Ke ile ka ea ho se seng sa liboka tsa Lipaki tsa Jehova ’me ke ile ka hlolloa ho bona hore ho ne ho se na khethollo ho ea ka maemo. Lipaki li ile tsa qala ho ithuta Bibele le ’na ho sa tsotellehe liaparo tsa ka tsa bofutsana, mokhoa o bohlasoa le ho se tšepe motho e mong le e mong. Butle-butle li ile tsa nthusa ho hanela tsela ea ka ea pele ea bophelo. Li bile tsa nthusa ho fumana mosebetsi. Qetellong ke ile ka thusoa ho tsoela pele ho isa kolobetsong.”

Liphutheho tsa Lipaki tsa Jehova li tšoana le letlooa le sireletsehileng ho bacha ba bangata. Lipaki li thabela ho thusa leha e le bafe ba batlang ho ithuta ka tšepo e babatsehang e larileng ka pele. Matšeliso a tlisetsoang ba batlang ho ba le botsoalle le Ntate oa bona oa leholimo a maholo, kaha Lipaki li koetliselitsoe ho fana ka keletso le tataiso e tsoang Lentsoeng la Molimo, Bibele. Paki e ’ngoe e hlalosa hore bacha ba hloka ho bontšoa hore boemo bo nyonyehang boo ba iphumanang ba le ho bona boa nyonyeha le mahlong a Jehova. Paki eo e re: “Jehova ha a batle hore bana ba tšoaroe hampe. Ha a batle ha ba hloname. Empa ha a batle hore ba fapanyetsane ka mekhoa ea ho hlekefetsoa—eo ba e fumanang literateng. Ba ka iteanya le batho ba hōlileng mokhatlong o hlophisitsoeng oa Jehova hore ba buisane le bona ka mathata a bona le hore ba bontšoe tsela ea ho fumana tharollo.”

Ho bana bao lipelo tsa bona li nang le tšekamelo e ntle, Lentsoe la Molimo le fana ka tšusumetso e matla bakeng sa ho qoba leraba la khatello ea lithaka. Frances, ngoanana ea lilemo li 17, o ile a susumetsoa ke eo a kenang sekolo le eena ho ea bapala hooky sekolong ka makhetlo a mangata ntle le hore a bolelle batsoali ba hae. Qetellong, o ile a baleha lapeng. Ka mor’a lihora tse telele batsoali ba hae ba tsielehile, o ile a khutla. Ka mor’a moo, Lipaki tse peli tsa phutheho ea habo li ile tsa mo etela. Li ile tsa fumana hore boemo ba lelapa e ne e se bona sesosa sa bothata, ’me ka lerato li ile tsa fana ka keletso. Li ile tsa hlalosa boikarabelo ba Bokreste ba hore bacha ba hlomphe batsoali ba bona (Ba-Efese 6:1, 2); bohlokoa ba ho qoba ho se tšepahale, kaha a ile a ea bapala hooky ntle le hore a bolelle batsoali ba hae (Ba-Efese 4:25); le bohlokoa ba ho qoba metsoalle e mebe. (1 Ba-Korinthe 15:33) O ile a arabela hantle.

Thuso e Tsoang Holimo

Cheryl le eena o ile a fumana thuso e tsoang ho Jehova bakeng sa ho sebetsana le ho koeteloa ha bana ba hae ke monna oa hae oa pele.b Ha a botsoa hore na ke’ng se mo thusitseng ho sebetsana le phihlelo ena e bohloko ka katleho, o itse: “Ntho ea pele eo ke ileng ka e etsa e bile ho bala Lipesaleme, haholo-holo Pesaleme ea 35. E ne e le ho tšelisang ho tseba hore Jehova o bona ho hloka toka hoo ke neng ke feta har’a hona.” Pesaleme ea 35:22, 23 e re: “Le uena Jehova, ua bona! U se ke ua khutsa! Morena, u se ke ua emela hole le ’na! Tsoha, u phaphame ho nkahlolela, . . . u lokise litaba tsa ka!”

Ka mor’a lilemo tse peli, ka tšehetso ea Jehova le e tsoang ho Lipaki, Cheryl o ile a tobana le eo e neng e le monna oa hae, ’me o ile a etela bana ba hae. O ile a khona ho ba neha likarabo tse tšelisang tsa hore na ke hobane’ng ha sena se etsahetse ho bona le ho ba tiisetsa hore ha aa ba lahla. Kahobane Cheryl a ne a koetlisitse bana ba hae ho hlompha Jehova, o ile a khona ho ba bolella ka tšepo eo a nang le eona ho bona. O hlalositse: “Kea tseba hore bana ba ka ba rata Jehova, ’me a ke ke a lumela hore ba utloe bohloko ka ho sa feleng.”

Bothata bo ile ba rarolloa ka tsela eo. Ka lebaka la ho phehella ha Cheryl ho sebelisana le basebetsi ba ofisi e sebetsanang le bajaki le ho itšetleha ha hae ka Jehova ka thapelo e tšepahalang, o ile a khutlisetsoa bana ba hae. Cheryl o re: “Nka bolela feela hore e bile ka letsoho la Jehova hore ebe ke ba fumane.”

Ke habohlokoa hakaakang ho ruta bana ba rōna ho tseba hore na Jehova ke mang le ho mo rapela! Ho 1 Petrose 3:12 Bibele e re mahlo a Jehova “a talima ba lokileng, ’me litsebe tsa hae li mamela thapelo ea bona.” Ka sebele Jehova ke setšabelo sa bana ba rōna. Lebitso la hae ke “qhobosheane e thata; ea lokileng o balehela ho eona, ’me o lula phahameng.”—Liproverbia 18:10.

Le hoja re phela linakong tse kotsi haholo ’me kamehla re sa tsebe se tlang ho hlahela bana ba rōna, batsoali ba rapelang Jehova baa tseba hore bana ba bona ba tšepahalang ba ke ke ba oeloa ke kotsi ea ka ho sa feleng. O boetse o tšepisitse ho tsosa bafu bohle ba shoeleng e le bahlaseluoa ba linako tsa rōna le ho felisa bohloko le mahlomola a ileng a ba oela holimo.—Esaia 65:17, 18; Johanne 5:28, 29.

Tšepo ea lefatše le lecha la Molimo ke e hlollang. Ho joalo le ka ho elelloa hore haufinyane Molimo o tla felisa lefatše la Satane hammoho le tsamaiso ea hae e khopo ea lintho. Bana ba rōna ba ke ke ba hlola ba sokeloa. E ’ngoe ea lipina tseo Lipaki tsa Jehova li li binang libokeng tsa tsona tsa phutheho e hlalosa tsamaiso eo e ncha ka tsela ena: “Ha ho tla pheloa ka khotso/ke batho ba tletseng thabo,/u’a bona ba ratoang tsohong,/ha u talima moputsong”!

Nakong e tlang ha u kopana le ba bang ba Lipaki tsa Jehova, ba kōpe hore ba bontše kamoo le uena u ka ithutang ka ho eketsehileng ka thabo e larileng ka pele lefatšeng le lecha le tlang la Molimo la ho loka. Ba tla thabela ho u thusa ho bona kamoo Lentsoe la Molimo le ka tlisang matšeliso a mangata hona joale le bophelo bo sa feleng hamorao.—Pesaleme ea 37:29; Tšenolo 21:4, 5.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a E hatisitsoe ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.

b Bona sehlooho leqhepheng la 6.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 12]

“Jehova ha a batle hore bana ba tšoaroe hampe”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela