Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g95 2/8 maq. 8-9
  • Ba Lahliloeng le ba Balehileng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ba Lahliloeng le ba Balehileng
  • Tsoha!—1995
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ba Lahloang
  • Ba Balehang
  • Ho Tšoaroa Hampe le ho Ferekanngoa Kelellong
  • Ho Batla “Tokoloho”
  • Na ho Baleha Hae ke Tharollo?
    Tsoha!—1988
  • Ke Hobane’ng ha Bana ba Bangata Hakaale ba Baleha Lapeng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Tlokotsi ee e Tla Fela Neng?
    Tsoha!—1995
  • Kamoo ho ka Matlafatsoang Likamano tsa Lelapa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
Bala Tse Ling
Tsoha!—1995
g95 2/8 maq. 8-9

Ba Lahliloeng le ba Balehileng

“KE ILE ka ikuta moriri, ka apara joaloka monna, ka roala liketane le linotlolo molaleng, ’me ka qhoaela sepelete lerameng, ’me ka tsela ena ka simolla bophelo ba ka ke le lephanka.”—Tamara.

Haeba u ne u bone Tamara literateng, na u ne u ka nahana hore o hlorile, ke mocha ea ileng a hlekefetsoa eo bophelo ba hae ba lapeng bo mo siileng a le feela ’me e le mokōpa-kōpa ka lebaka la moaparo oa hae? Na u ne u tla nahana hore ke lerabele le bileng khathatsong le khahlanong le molao kapa mohlomong bophelong ba tlōlo ea molao? Tamara o ile a senolela Tsoha! liketsahalo tse sisimosang tse ileng tsa lebisa mofuteng oa bophelo oo a neng a o phela ho tloha ha a le lilemo li 14, e leng bophelo boo le ka mohla a neng a sa bo lakatse.

Ba Lahloang

Tamara oa pheta: “Ke hōletse motsaneng o monyenyane o lithaba Italy, lelapeng leo ho neng ho sa bontšoe lerato. Ka bomalimabe, ke ile ka bona likhohlano tse matla haholo tse ileng tsa qhoma mahareng a batsoali ba ka le mahlapa a tala ao ba ileng ba rohakana ka oona liketsahalong tseo. Hangata ke ne ke ameha qhoebeshanong ’me ke qetelle ke otliloe ntle ho kutloelo-bohloko ke ntate ea pelo e mpe. Ke ne ke tlala metopa ka libeke tse ngata.

“Ha ke le lilemo li 14, Ntate o ile a mpha cheletana e fokolang le tekete ea leeto la ho ea feela toropong e haufi, moo ho neng ho e-na le likotsi tse ngata. Ke ile ka etsa setsoalle le bacha ba bang, bao joaloka ’na, ba neng ba hloka motho ea ba thahasellang. Bongata ba rōna re ile ra fetoha makhoba a tahi. Ke ile ka fetoha moikakasi, ka ba litlhapa le ho ba mabifi. Hangata ke ne ke robala ka lephako. Mantsiboea a mang mariha ’na le metsoalle ea ka re ile ra besa thepa ea ka tlung bakeng sa ho iphuthumatsa. Ke ne nka lakatsa hakakaang ho ba le lelapa le neng le tla ntlhokomela, ho thahasella maikutlo a ka, matšoenyeho, le tšabo ea ka. Empa ke ne ke le mong to! ka monoana ke ikutloa ke hlorile ka ho fetelletseng.”

Ho na le “bo-Tamara” ba makholo a likete lefatšeng kajeno. K’honthinenteng e ’ngoe le e ’ngoe, ho na le bana ba lahliloeng ke batsoali ba hlokomolohileng boikarabelo ba bona.

Ba Balehang

Bacha ba bang ba etsa qeto ea ho tloha lapeng hobane “ke sebaka se tšosang ka ho fetisisa seo ba ka lulang ho sona; se bohloko haholo, se kotsi haholo, ’me joale ba balehela literateng.”—New York State Journal of Medicine.

Ha Domingos a le lilemo li robong, o ile a lahleloa lehaeng la likhutsana ha ’mè oa hae a nyaloa hape. Ka lebaka la ho shapuoa ke baprista, o ile a rera ho baleha. ’Mè oa hae o ile a mo lata, empa nako le nako o ne a shapuoa ke ntate oa hae oa bobeli. Ho baleha e ne e le eona feela tsela ea ho balehela tšoaro e mpe joalo.

Ka masoabi, “bana ba limilione ha ba tšepe batho ba baholo malapeng a habo bona bakeng sa tekanyetso e fokolang ea tlhokomelo e sireletsehileng,” ho ngola Anuradha Vittachi bukeng ea hae Stolen Childhood—In Search of the Rights of the Child. O boetse oa ngola: “Ho lekanyetsoa hore ka letsatsi bana ba bararo ba shoela matsohong a batsoali ba bona ka lebaka la ho hlekefetsoa United States.” Maemong a mangata haholo, botona kapa botšehali ba ngoana boa hatakeloa ho e-na le hore bo sireletsoe ke setho sa lelapa.

Ho Tšoaroa Hampe le ho Ferekanngoa Kelellong

Domingos o ile a qobelleha ho lula le bana ba bang ba phelang literateng ba neng ba ameha ho tlatlapeng le bosholung, esita le ho sebelisa lithethefatsi le ho li rekisa. Ka bomalimabe, ba bangata ba balehelang maemo a mabe a lapeng ba tšoaroa hampe ke batho ba etsang ba bang matekatse, ba bang le likamano tsa botona le botšehali le bana, le bao ka boithati ba ba sebelisetsang bootsoa. Kaha bana bana ba lapile le ho hlora, ba fuoa bolulo le litšepiso tsa ho lula le motho e moholo ea “tsotellang” hore feela ba iphumane ba lefa ka ’mele ea bona bophelong ba botekatse. Ka ho hloka tsebo ea mosebetsi, ba bangata ba ikhoantlella literateng ka tsela leha e le efe eo ba ka e khonang, ho akareletsa ho qhekelloa kapa ho qhekella ka likamano tsa botona le botšehali. Ba bang ha ba pholohe. Lithethefatsi, joala, polao le ho ipolaea li bolaile bahlaseluoa ba bangata ba bacha.

Ha eo e neng e le letekatse esale ngoana a hlalosa ka bophelo ba bana ba phelang literateng o itse: “Ha u le moo ua tšaba. Ua tseba ke’ng, se nkhopisang ke hore [batho] ba bangata ba nahana hore ha ba bona ngoana a robetse tereneng, kapa ba bona ngoana a ntse sollaka seterateng ka linako tsohle, ba nahana hore o batla ho ba joalo. Kaha hona joale ke hōlile, hase kamoo ke nahanang kateng. Ngoana ka mong o bontša tlhoko ea hae a le mong e khethehileng. Ha ba rate ho ba joalo, empa batsoali ba bona ha ba ba rate.”

Ho Batla “Tokoloho”

Ho na le bacha ba bang ba makholo a likete bao ho tlalehoang ba nyametse lapeng ba hohelletsoeng literateng ke tokoloho eo ba nahanang hore e teng moo. Ba bang ba batla tokoloho bofutsaneng. Ba bang ba batla ho lokoloha bolaoling ba batsoali le melaong eo ba ikutloang hore ke e ba thibelang ka ho feteletseng.

Mocha e mong ea ileng a latsoa se bitsoang ho lokoloha taolong ea batsoali le melao-motheong ea lelapa la Bokreste e ne e le ea bitsoang Emma. Ka ho tloha lapeng le ho ea iphelela le metsoalle, o ile a fetoha lekhoba la lithethefatsi. Empa ka mor’a ho latsoa bobatana ba literateng, Emma o ile a bolela takatso ea hae ea ho khutla le ho khaotsa temallo ea hae ea lithethefatsi. Leha ho le joalo, ka masoabi, ha aa ka a khaola maqhama le sehlopha sa metsoalle eo e mebe, ’me mantsiboeeng a mang lehlabuleng le leng, eena le metsoalle ea hae ba ile ba ikenta ka heroine. Ho Emma leo e bile lekhetlo la ho qetela. O ile a akheha ’me a shoa ka letsatsi le latelang, ’me “metsoalle” ea hae e ne e mo lahlile kherehloa.

Na bokamoso ba bana ba hlekefelitsoeng ke batsoali ba bona kapa batho ba bang bo ka ntlafatsoa? Na ho tla ke ho be le lefatše le ke keng la tšoara bacha hampe? Ho na le tšepo efe ea hore bophelo ba lelapa bo tla ntlafala le ho ananeloa e le hore bacha ba se batle ho baleha? Likarabo li ka fumanoa sehloohong se latelang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela