Ke Hobane’ng ha Bana ba Bangata Hakaale ba Baleha Lapeng?
Bibele le Bophelo ba Lelapa—Sehlooho sena se tla hlahisoa litokollong tse ’nè tse latelanang tsa Molula-Qhooa
“Na motho a ka inahanela hore na ’mè o utloa bohloko hakae ha morali oa hae a baleha lapeng? Ke ntho e sisimosang. Ke hobane’ng ha a tlohile? Ha ke utloisise. E ne e le ngoanana ea motle haholo le ea thabileng a bile a le monyenyane haholo.
“O hokae bosiung boo? Na o futhumetse? Na o lapile? Na o jeoa ke bolutu? Ke mo rata haholo. Ha ho e mong eo nka buisanang le eena. Ha ho letho leo nka le etsang ha e se ho leta.
“Nako le nako ha thelefono e lla pelo ea ka e otla ka matla. Empa ha a letse ’me ha ho litaba tseo ke li utloang ka eena. Ke rapeletse hore a bolokehe le hore ke fumane matla a ho feta har’a sena. Ke lula ke ntse ke nahana hore motsotso o mong le o mong a ka ’na a kena monyako.
“ . . . Ke nahana lintho tse ngata haholo tse makatsang ha ke ntse ke leka ho bolaea bohloko bona. Oho! Molimo o ratehang, khutlisetsa ngoanana oa ka e monyenyane lapeng.”
LENGOLO le kaholimo le ile la romeloa ho mongoli e mong ea tsebahalang ea fanang ka likeletso koranteng mathoasong a bo-1970. Ke nakong eo ho neng ho nahanoa hore bana ba balehang lapeng ba tloha ka mabaka a sa utloahaleng: ho batla monyaka o mong oa mohlolo, teko ea boipuso, ho se lumellane ka nako ea ho fihla lapeng, ho sulafalloa ka baka la ho hlōlana le motho eo a neng a ratana le eena. Le hoja ba bang ba ntse ba tloha ka ’ona mabaka ao, lintho li fetohile haholo lilemong tse 15 tse fetileng.
Hangata bacha ba kajeno ba tloha ka baka la maemo a bohloko ka ho fetisisa—maemo a lelapa a senyehileng ka ho tebileng ao ho ’ona ba ikutloang ba sa batlehe ’me ba sa ratoe; e ka ’na eaba ba tšoeroe hampe. Empa ho e-na le hore ba balehele nthong e itseng—mokhoa oa bophelo o hohelang haholoanyane le o ipiletsang—ba baleha ntho e itseng, bophelo ba lelapa bo arohaneng le bo sa thabiseng. Dr. Douglas Huenergardt, motsamaisi oa tšireletso ea bana ba balehang lapeng Florida, o re: “Hona joale bana ba balehang lapeng ba fapane haholo le seo ba neng ba le sona ha ho ne ho ngoloa haholo ka bona” mathoasong a bo-1970. “Ka nako eo re ne re e-na le bana ba neng ba batla mekhoa e meng e fapaneng ea bophelo. Hoo hase ho etsahalang kajeno. Ngoana ea balehang lapeng ke eo ho hang a ke keng a hlola a mamella boemo ba lapeng.”
Liphuputso tsa morao tjena li senola hoo. Empa li boetse li senola ntho e ’ngoe hape e makatsang. Hase feela hore bana ba bangata ba baleha bophelo ba lelapa bo ke keng ba mamelloa empa kajeno hoo e batlang e le halofo ea bana ba balehang lapeng United States ba tloha lapeng ba se na boikhethelo—ba lelekiloe kapa ba khothalelitsoe ho tloha lapeng ke batsoali ba bona! Koranta ea Family Relations, e re: “Ho bacha ba bangata ho tloha lapeng ke karabelo boemong bo bosula ba lelapa, ba sekolo kapa ba mosebetsi. Ha e le hantle, bana ba bangata ba balehang lapeng ke balahluoa, ba furaletsoeng, kapa ba lelekiloeng. Bacha bana ba bolelloa hore ba tlohe kapa ba lahloa ke batsoali ba bona. Ba bang ba ’nile ba tšoaroa hampe ka mokhoa o matla le ka makhetlo ’me ba bona ho se tsela e ’ngoe ha e se ho tloha.”
Ke ho bohloko hakaakang! Ke ho soabisang hakaakang bakeng sa bana! Hobane hang ha ba le seterateng, ka chelete e nyenyane ’me ba hloka mokhoa oa ho iphelisa, hangata bacha ba retelehela ho beng mekōpa-kōpa, tšebelisong ea lithethefatsi, botekatseng, le bosholung, kapa ba hlaseloa ke ba bang. Makasine oa Psychology Today o re: “Hase basebetsi ba tulisano le litsebi tsa mafu a kelello tse lumelisang bana ba balehang lapeng liteisheneng tsa libese, empa ke batho ba ba thaothelang botekatse, basebelisi ba lithethefatsi le baetsi ba libuka tsa bootsoa. Karolo ea ba mashome a robeli a nang le metso e tšeletseng lekholong ea litsebi tseo ho buisanoeng le tsona e boletse hore ho etsoa ho honyenyane haholo kapa ha ho letho ho hang le etsoang ho thibela bana ba balehang lapeng hore ba se hlaseloe ke baqhekelli bana. Ha ho makatse he hore bophelo ba bana ba balehang lapeng boa senyeha ho itšetlehile ka hore na ba lula halelele hakae seterateng.”
Ke ’nete hore ho etsoa libaka tse eketsehileng ho fana ka bolulo, ho fepa, le ho tataisa bana ba hlokang mahabo bona. Empa ho kenya bana ba balehang libakeng tse joalo le ho ba thusa ke taba e fapaneng. Moeletsi e mong o boletse hore: “Mosebetsi oa rōna ke ho ba kenya seriti sa botho ka tekanyo e itseng, le hore ba itsotelle. ’Me ke mosebetsi o thata ka ho fetisisa oo nkileng ka ba le oona.” Ha bacha ba fihla moo, hangata ba se ba tšohile ’me ha ba tšepe batho ba baholo, ba utloile bohloko, ba halefile, kapa ba sulafaletsoe, ’me e ka ’na ba ea ba batla ho ipolaea.
Na mathata ao a ka rarolloa ho tloha motsong oa ’ona? Search, tlaleho ea bana ba nyametseng e theiloeng New Jersey e re: “Ka kakaretso, palo e khōlō ka ho fetisisa ea liketsahalo tsa ho baleha lapeng e tla simoloha litabeng tsa lelapa tsa mofuta o mong o itseng. Motho ea hlileng a thabileng a ke ke a baleha lapeng.” Joale, ke eng e tla sebeletsa thabo ka lapeng? Na likamano tsa batsoali le bana li ka matlafatsoa?