Kamoo ho ka Matlafatsoang Likamano tsa Lelapa
Mabaka ao bacha ba tlohang lapeng ka ’ona a mangata ’me hangata ke a tebileng haholo. Le hoja sehlooho sena se ke ke sa bua ka ’ona ka ho tebileng, se bontša hore melao-motheo ea Bibele, ha e sebelisoa, e ka sebetsa ho boloka lelapa le momahane.
HO THATA ho fumana hore na ke bana ba bakae ba balehang lapeng. Likhakanyo tse hatisitsoeng li tloha pakeng tsa bana ba lahlehileng ba 600 000 ho ea ho ba 3 000 000 ka selemo United States feela. Hangata likhakanyo tse joalo li kopanya lihlopha tse kang tsa bana ba balehileng lapeng, ba lelekiloeng, balahluoa, le bana ba nkiloeng ka mahahapa ke batsoali ba hlalaneng ba sa neoa tokelo ea molao ea ho ba hlokomela. E tlameha e be ke likhakanyo, hobane bana ba lahliloeng ke batsoali ba bona ha ba tlalehoe e le ba nyametseng, ’me bana ba bang ba baleha nako le nako. The New York Times e re: “Ngoana ea lilemo li 16 ea balehang lapeng ka makhetlo a mahlano ka selemo ’me a qeta bosiu bo le bong lekhetlo le leng le le leng leo a balehang ka lona o ne a tla hlaha . . . litlalehong e le bana ba bahlano ba lahlehileng.”
Habohlokoa haholo ho feta manane ke mabaka ao bana ba tlohang lapeng ka ’ona. Makasine oa Medical Aspects of Human Sexuality o re: “Ha ngoana a baleha lapeng, ka ho tloaelehileng ke letšoao la hore lintho ha li tsamaee hantle tikolohong ea lelapa.” E ka ’na eaba ka baka la mathata a seng a ntse a le teng, a kang tšoaro e mpe ’meleng, ho se tsotelloe, ho haella ha lerato, tlhalo, ho laeloa ho etsa lintho tse boima ho tlōlisa, kapa melao e thata e sa fetoheng. Kapa e ka ’na eaba ka baka la ho tšoha liphello tse tlang ho hlaha, joaloka maemong a kemaro kapa likhohlano le molao. Ha bana ba bangata ba balehang lapeng ba botsoa hore na ke hobane’ng ha ba tlohile lapeng, ba bolela mabaka a amang kamano ea bona le batsoali ba bona. Koranta ea Adolescence e re: “Kamano ea batsoali le bana e bonahala e le lebaka le nang le tšusumetso e khōlō ka ho fetisisa mabapi le ho baleha lapeng.” Ea phaella: “Bana ba balehang lapeng ba tlaleha likamano tse fokolang tsa batsoali le bana, qhoebeshano e matla ka lapeng, ho ikarola ho batsoali, khatello pakeng tsa bona le batho ba bang, le puisano e fokolang le batsoali e le mabaka a ka sehloohong a ho baleha lapeng.”
Ho Utloisisa Mabaka
Tsena ke linako tsa khatello. Makasine oa Ladies’ Home Journal o re: “Ka ho eketseha ha ho hloka mesebetsi, le malapa a mangata a leng mathateng a maholo a lichelete, likhatello tsa ka lapeng le mathata a lapeng lia eketseha. Ha ntate a lelekoa mosebetsing ’me chelete ea ntlo e sa lefshoe, e mong le e mong ka lapeng o utloa khatello. Batho ba bacha, ba e-song ho hlaolele mekhoa ea ho mamella likhatello tsena, ba khetha ho baleha e le mokhoa oa ho pholoha.” Ka linako tse ling batsoali ka bobona ba tebela bana ba bona lapeng ba sa ikemisetsa. Ka khalefo, ba ka ’na ba bolella bana ba bona hore ba amohele liqeto tsa bona kapa ba ba tsoele ka ntlo. Ba ferekane ba bile ba khathetse ke ho loana lintoa tsa bona tsa lichelete tsa letsatsi le leng le le leng, ba fokolloa ke matla a ho sebetsana le bana ba bona.
Ka nako e tšoanang, ho ba mocha ka bohona ho hlahisa khatello. Bacha ba ka tlase ho lilemo tse 20 ba na le maikutlo a arohaneng pakeng tsa ho hloka tšireletso le ho tsotelloa hoo ba neng ba ho fumana ha e sa le bana le boikutlo ba ho iketsetsa lintho kantle ho batsoali ba bona ha ba ntse ba loanela ho fetoha batho ba baholo. Hoo ho ba tlisetsa pherekano le ho belaela. Hape liphetoho tsa ’mele le tsona li tsoela pele. Ka tšohanyetso bophelo ba bona bo se bo fetohile bo rarahaneng haholo, ’me e ka ’na eaba ba ikutloa ba imetsoe. Ba utloa khatello e tsoang ho batsoali le lithaka tsa bona. Ba boetse ba feta linakong tsa ho se itšepe le ho tepella maikutlong. Makasine oa ’Teen oa eletsa: “Ha u ntse u leka ho fumana seo u hlileng u leng sona, u se ke ua makala haeba ka linako tse ling u ikutloa hore ha u utloisisoe lapeng. Hobane, haeba uena u sitoa ho ikutloisisa, ke joang batsoali ba hao ba ka tsebang se ka kelellong ea hao?” Batsoali ba bangata, haholo-holo ka bana ba bona ba pele, ha ba tsebe hantle hore na ba lokela ho lumella bana ba bona bolokohi bo bokae. Ho ba laola ho tlōlisa le ho haella ha kutloisiso li entse hore bacha ba bangata ba balehe lapeng.
Bukeng ea hae Letters to Judy mongoli Judy Blume o re: “Ho baleha lapeng ha ho rarolle letho. Ho baleha lapeng ke letšoao la lefu le itseng, e seng tharollo. Ho e-na le hoo, malapa a lokela ho lula fatše hammoho ’me a tobe linnete. A lokela ho sebetsana le ntho ea sebele. Ke feela ka tsela eo a ka etsang liphetoho tse tla a thusa ho phela hammoho ka khotso. ’Me hangata a hloka thuso ho etsa seo.”
Ho Fumana Thuso e Hlokahalang
Mohloli o molemo ka ho fetisisa oa thuso eo ke Lentsoe la Molimo, Bibele. Hobane’ng? Hobane joaloka ’Mōpi oa motho, Molimo o tseba se molemo ka ho fetisisa bakeng sa pōpo ea oona. Hape, o re file taeo o hopotse hoo, ea “ho ruta, ea ho nyatsa, ea ho busetsa batho tseleng ea ho loka le ho ba tsamaisa ho eona, hore motho oa Molimo a tle a phethehe, a koetlisetsoe mesebetsi eohle e lokileng.” (2 Timothea 3:16, 17, TLP) Melao-motheo ea Bibele ea sebetsa, ’me e akarelletsa tšobotsi e ’ngoe le e ’ngoe ea bophelo.
Leha ho le joalo, joalokaha ho boletsoe, litho tsohle tsa lelapa li tlameha ho ikemisetsa ho toba linnete le ho etsa liphetoho. Kantle le ho hlokomela seo le ho ba le takatso ea ho se etsa, ho ke ke ha ntlafatsoa letho, ’me tšusumetso e matla ea ho balehela bothata e tla lula e ntse e le teng. Ho joalo haholo-holo malapeng a nang le mathata a joala, lithethefatsi, le moo ba tšoaroang hampe ka likamano tsa botona le botšehali. Ho tlameha hore ho hlōloe tsena, pele ho ka sebetsanoa le likhatello tse tloaelehileng tsa bophelo. Tumelo ho Molimo le takatso e tiileng ea ho o khahlisa, tse theiloeng tsebong e nepahetseng ea Lentsoe la oona, li thusitse malapa a mangata ho hlōla maemo a bohloko a khannetseng bacha ba bangata malapeng a mang ho baleha.—Bapisa 1 Ba-Korinthe 6:9-11.
Ho phela lefatšeng la kajeno le nang le boikhabi bo ntseng bo eketseha, ho se tšepane, le tsela e phahameng eo tlōlo ea molao e eketsehang ka eona li ka senya likamano tsa lelapa. Ke ka baka leo “taba tsohle tse ngoliloeng pele [ka Bibeleng], li ngoliloe ho re ruta, hore, ka ho mamella le ka ho tšelisoa ke Mangolo, re tle re be le tšepo.”—Ba-Roma 15:4.
Ho Sebelisa Melao-motheo ea Bibele
Ka ho tseba mabaka a susumetsang ngoana ho baleha lapeng, melao-motheo ea Bibele e ka sebelisoa. Bibele e bua ka mabaka ana ka ho eletsa batsoali ho sebelisa nako ea bohlokoahali le bana ba bona, ho ba nea koetliso e tsitsitseng, e lerato. Ba qobe ho haelloa ke thahasello ka ho feletseng le ho tlōlisa ha ba fana ka khalemelo. Lentsoe la Molimo lea eletsa: “’Me lōna bontat’a bana, le se ke la halefisa bana ba lōna; le mpe le ba hōlise ka ho ba laea le ka ho ba rutela Moreneng.”—Ba-Efese 6:4; Liproverbia 22:6.
Joaloka mehleng ea Bibele, taolo e loketseng, tlhokomelo, le taeo e lokela ho ba lintho tseo batsoali ba fanang ka tsona ba sa khaotse—‘ha ba lutse matlong a bona, le ha ba tsamaea tseleng, le ha ba robala, le ha ba tsoha.’ (Deuteronoma 11:19) Le hoja ka linako tse ling khalemelo e hlokahala, e lokela ho fanoa ka lerato. (Liproverbia 13:24) Thabo ea lelapa e tla hōlisoa haeba ho lateloa keletso e joalo!
Hape bana ba lokela ho etsa karolo ea bona: “Bana, utloang batsoali ba lōna Moreneng; hobane ke ntho e lokileng. Hlonepha ntat’ao le ’m’ao.” (Ba-Efese 6:1, 2) Monna ea bohlale oa boholo-holo Salomone, ea ileng a ngola “ho hlalefisa sethoto, ho nea mohlankana tsebo le kelello,” o boetse oa eletsa: “Mora oa ka, mamela thuto ea ntat’ao, u se ke ua furalla taeo ea ’m’ao . . . Ekare ha baetsalibe ba rata ho u hoka, u se ke ua ba lumela.”—Liproverbia 1:1-10.
Mathata a lelapa a ne a tla sebetsoa joang? Ka lerato, hobane Bibele ea eletsa: “Litaba tsohle tsa lōna li etsoe ka lerato.” (1 Ba-Korinthe 16:14) Lena e lokela ho ba lerato le metseng ka metso le ikemiselitseng ho iphapanyetsa mefokolo le botho ba motho eo tse neng li ka halefisa le ho ferekanya. Bibele e re: “Ho feta tsohle le ratane ka lerato le mofuthu, hobane lerato le tlosa libe tse ngata.”—1 Petrose 4:8, TLP.
Lerato le joalo le boetse le thahasella thabo le boiketlo ba ba bang ’me le etsa hore lelapa le atamelane haholoanyane. Hlokomela hore ho molaong o bitsoang oa motheo molaetsa o ngotsoe ka tsela ea ketso: “Etsetsa ba bang seo u ba tlang hore le bona ba u etsetse sona.” (Mattheu 7:12, Today’s English Version) Bacha ba bangata ba balehileng lapeng bao ho ileng ha buisanoa le bona phuputsong e ’ngoe ba ile ba bolela hore ba ne ba sa kopanyelletsoe haholo mesebetsing ea lelapa pele ba baleha. Adolescence e re: “‘Ho se kopanele mesebetsing ea lelapa’ ke lebaka le ka sehloohong qetong ea ho baleha le ho se lule lapeng.” Empa ka ho latela keletso ea Bibele ea hore “a se ke a hlokomela tsee e leng tsa hae feela, a mpe a hlokomele le tsee e leng tsa ba bang,” lelapa le tla sebelisa nako e eketsehileng le le ’moho, ’me mathata a likamano tse fokolang, ho ikarola, le puisano e fokolang a ka hlōloa. (Ba-Filippi 2:4) Ka boikutlo ba ho atamelana le ba thahasello lapeng, tšusumetso ea lithaka e ka ’nang ea khannela ngoana hore a balehe lapeng e tla fokola.
Ka ho sebelisa melao-motheo ea Bibele, ho baleha lapeng ha ho sa bonahala e le tharollo ea mathata a bophelo ao motho ka mong a tlamehang ho talimana le ’ona. Ka tšehetso e lerato e tsoang ho litho tsa lelapa ka bomong, lelapa le fetoha tširelo likhatellong tsa lefatše le kantle. Kutloisiso e feletseng ea melao-motheo ea Bibele le ho sebelisoa ha eona, ’moho le tšepo eo Molimo o fanang ka eona, li tla hōlisa thabo eo ka ho eketsehileng. Ke hobane’ng ha u sa re Lipaki tsa Jehova li u hlalosetse ka eona?
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 7]
SEO BATSOALI BA KA SE ETSANG
Sebelisang nako le bana ba lōna; tsebang mathata le litlhoko tsa bona
Le fane ka tlhokomelo le taolo le sa khaotse
Fanang ka khalemelo le koetliso ka lerato
Etsang lehae hore e be sebaka se thabisang
SEO BANA BA KA SE ETSANG
Ebang ba utloang, ba nang le lerato, le ba hlomphang batsoali
Qobang ho ikarola ho ba bang; le be le thahasello e matla litabeng tsa lelapa
Nahanang ka lelapa ka kakaretso, e seng ka litakatso tsa lōna feela
Phetlelanang lifuba ’me le buisane
[Litšoantšo tse leqepheng la 5]
Likamano tsa batsoali le bana ke tsa bohlokoa ka ho fetisisa