Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g88 3/8 maq. 13-15
  • Na ke Lokela ho Baleha Hae?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na ke Lokela ho Baleha Hae?
  • Tsoha!—1988
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Hlokeha Pono e Loketseng
  • Ho Hopola Molimo
  • Na ho Rarolla Mathata?
  • Ho Fumana Lerato le Kutloisiso
  • Kamoo ho ka Matlafatsoang Likamano tsa Lelapa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Ho Seka-seka Seo Batsoali Ba Hao Ba Se Hlokang
    Tsoha!—1994
  • Ke Hobane’ng ha ke Beheloa Melao e Mengata Hakaale?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2
  • Ke Lokela ho Etsa’ng ha Batsoali ba ka ba Qabana?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2
Bala Tse Ling
Tsoha!—1988
g88 3/8 maq. 13-15

Bacha Baa Botsa . . .

Na ke Lokela ho Baleha Hae?

KE TLA baleha. Ke tla ba bontša.” Na ke kamoo u ikutloang kateng? Ho bacha ba bangata, ena hase tšoso feela. Ha se feela bacha ba makholo kapa ba likete empa ke ba fetang millione ba balehang mahaeng a bona selemo le selemo.

Empa ke hobane’ng ha u batla ho tloha heno? Mohlomong ho na le mabaka a mangata. U ka ikutloa hore ha ho ea u utloisisang. U ka ikutloa u sa batluoe le ho ratoa. E ka ’na ea ba u tšoeroe hampe. Mohlomong u talimana le bothata boo u sa tsebeng ho bo rarolla. Ho na le e mong lapeng eo u sa phelisaneng hantle le eena. Mohlomong u tenoa ke ho bolelloa seo u lokelang ho se etsa ’me u batla ho iphelela bophelo ba hao. Kapa e ka ’na eaba u khathetse kelellong ’me u batla ho ba le boithabiso bo eketsehileng. Ho sa tsotellehe lebaka leha e ka ba lefe, u ikutloa u sa thaba ho ba lapeng. Na ho baleha ho tla rarolla bothata bona? Na ho na le ho hong ho ka etsoang?

Ho Hlokeha Pono e Loketseng

Joaloka mocha, u na le kabelo e tsoang ho Molimo ho “hlonepha ntat’ao le ’m’ao.” (Ba-Efese 6:2) U tšoanetse ho ‘utloa batsoali ba hao nthong tsohle.’ (Ba-Kolosse 3:20) Na ho na le ho ka lokafatsang ho tlohela kabelo ena? Ho thoe’ng haeba boemo lapeng bo bonahala e le boo u ke keng ua bo mamella?

Ho ke ke ha latoloa hore maemo a joalo a teng. Batsoali ba bang ba batla lintho tse ngata haholo. Ba bang ba nyatsa ngoana ka hore u mobe kapa ha a bohlokoa. Ba bang ba tšoarehile ka lithahasello tsa bona le menate ’me ho sala nako e fokolang haholo ea ho hlokomela bana. Ba bang ba laoloa ke ho noa, lithethefatsi, kapa likamano tsa botona le botšehali, esita le ho tšosa bana ba bona. Ba bang ba hlokomoloha pepenene melao ea batho le ea Molimo. Bophelo ba e mong bo ka ba kotsing!

Empa hangata haholo, hase maemo a boima joalo a susumetsang mocha ea ka tlaase ho lilemo tse 20 hore a balehe. Kamehla, ho baleha ho susumetsoa ke ho tsekisana le batsoali ka boitšoaro ba e mong le boikutlo. Na u bile sieo hae kamor’a nako eo batsoali ba hao ba e beileng? Na u entse ho hong hoo ba sa ho amoheleng—joaloka ho noa joala kapa ho kena sehlopheng sa metsoalle e itseng? Na u hlōlehile ho etsa mosebetsi oa ntlo oo u o laetsoeng? Na u ’nile ua fumana matšoao a tlaase sekolong? Na u tšaba kotlo? Na u batla tokoloho e eketsehileng ho etsa lintho ka bouena? Na u ikutloa hore u ka se thabise batsoali ba hao le ka mohla?

Ho Hopola Molimo

Ka tlas’a mabaka ana, ho baleha e ka ba ho arabela maikutlong a ho halefa le ho tšoenyeha—boiteko ba ho balehela taolo e “hatellang le e tiileng” ea motsoali. Hape e ka ’na eaba pontšo ea manganga, takatso ea ho etsa lintho ka tsela ea hao. Empa u hlile u lokela ho nahana haholoanyane ho feta litakatso tsa hao tse potlakileng kapa le seo u nahanang hore se lokile.

Batsoali ba hao ba ka u hanela ka ntho e ’ngoe eo u e batlang ka lebaka la mosebetsi oo Molimo o ba fileng oona. Ua bona, joaloka ha feela u na le boikarabelo ho Molimo, le bona ba na le bona. Ba ka utloa ka cheseho tlameho ea ho u hōlisa ‘ka ho laela le ka ho u rutela Moreneng.’ (Ba-Efese 6:4) Kahoo, ba ka phehella hore u kopanele le bona libokeng le mesebetsing ea bolumeli. ’Me ka ho hlokomela hore “litloaelano tse mpe li bolisa mekhoa e metle,” ba ka batla ho beha lithibelo setsoalleng sa hao. (1 Ba-Korinthe 15:33) Mohlomong ba lemoha mathata ao u sa a boneng. Pono ea bona le ho nahana litaba li ke ke tsa lumellana le tsa hao. Empa na lena ke lebaka le letle la ho rabela le ho baleha?

Ke hantle ho hopola hore ha Molimo o u laela ho “hlonepha ’m’ao le ntat’ao,” o ekelitse: “U tle u be le lehlohonolo, ’me u phele halelele lefatšeng.” E, ha u batle ho thabisa batsoali ba hao feela ka ho ba utloa. Hape u batla ho hlompha le ho utloa Molimo. U hlokomela hore, ekasita leha u ka ikutloa u batla ho etsa ho fapaneng, ho boloka melao le likeletso tsa batsoali ke tsela ea ho bontša tlhompho le lerato ho Molimo le hore o tla u putsa ka ho etsa joalo.—Ba-Efese 6:1-3; 1 Johanne 5:3.

Kahoo ho tla hlokahala hore u ikokobetse—ho ikokobeletsa batsoali ba hao le seo ba hlokang hore u se etse. Ananela hore ba na le phihlelo e ngata bophelong. Hape, ho molemo haholo hore u se ke ua ipapisa le ba bang bao matsoalo a batsoali ba bona a sa lumellaneng le melao ea Molimo. Nka hona e le koetliso ea bophelo bo tlang, hobane joaloka motsoali hase kamehla u nolofalloang ho etsa seo u se batlang. Ba u potolohileng ba tlameha ho nahaneloa le bona. Liketso tse itseng li tla tlisa mathata a eketsehileng kapa boikarabelo bo sa batleheng hamorao. Ha ho motho ea lokolohileng ka ho feletseng ho etsa se mo khahlisang. Ho joalo le sekolong. Ho tla ’ne ho be joalo le mosebetsing.

Kahoo neng le neng ha batsoali ba hao ba u phehella ho etsa ntho e fapaneng le eo u e batlang, ke habohlokoa ho hopola molao-motheo o tlalehiloeng ho Ba-Kolosse 3:23, 24: “’Me seo le se etsang, leha e ka ba eng le eng, le se etse ka pelo e ratang joale ka hoja le etsetsa Morena, e seng batho; le tsoe le tseba hobane le tla fuoa ke Morena moputso oa lefa.” E, u se lebale hore Jehova u tla u putsa haeba u tšepahala ’me u ikokobeletsa batsoali ba hao. Ka pele ke moputso o moholo, bophelo bo sa feleng le bo phethahetseng bakeng sa ba mamellang.—Esaia 65:21-23; Tšenolo 21:3-5.

Na ho Rarolla Mathata?

Ntlha e ’ngoe e lokelang ho nahanoa ke hore na ho baleha e fela e le karabelo bothateng bona. Ke ’nete, ho ka u tlosa ho bona ka nakoana. Empa ho baleha hase tharollo mathateng. Qetellong, u lokela ho talimana le oona. “Ho baleha ho u atisetsa feela mathata,” ho bontša Amy, ea balehileng ha a le lilemo li 14. “Ha ho a felise.” Joale, ke eng se ka etsoa’ng?

Ho Fumana Lerato le Kutloisiso

Pele, nahana ka se tlisitseng bothata. Kamano ea motsoali le ngoana e ka fokola lilemong tsa ho hōla ha mocha. Hobane’ng? Buka Adolescence ea hlalosa: “Nako ea ho hōla ha mocha ea ka tlaase ho lilemo tse 20 ke nako ea phetoho e khōlō haholo ea ho tloha boemong bo bong ho ea ho bo bong, ka nako e tšoanang batsoali ba mocha le bona ba kopanetse ho hōleng ha liphihlelo tsa bona ha ba atamela lilemo tse ka holimo ho mashome a mane, ’me ho kopana ha linako tsena tse peli tsa ho hōla e ka ba ntho e khathatsang haholo maikutlong ho bohle ba amehang.” Mohlomong hase uena feela ea fetang nakong e khathatsang haholo maikutlong ea ho hōla le ho hloka ho utloisisoa. Malapa a mangata a ka feta ho eona ka ntle ho bothata haeba maikutlo a lerato le tlhompho a bontšoa.

Ka lebaka leo, ke hobane’ng ha u sa etse boiteko bo kopaneng ba ho sheba ka n»ane ho lintho tseo u li ratang le ho bontša lerato, u hlokomela hore “lerato le ke ke la timela le ka mohla o le mong” le hore “le apesa libe tse ngata.” (1 Ba-Korinthe 13:8; 1 Petrose 4:8) Ho bontša lerato ho hōlisa lerato ho ba bang.

Na ho na le phoso eo u e entseng ’me joale u tšaba liphello tsa karabelo ea batsoali ba hao? Ho molemo haholo ho talimana le boemo le ho batla thuso ea ba hōlileng. Pele, leka ho buisana le batsoali ba hao ka bona. Ho phaella moo, bacha ba Bakreste ba na le thuso e khōlō ka hore ba ka retelehela ho baholo ba phutheho bakeng sa thuso ka ho rarolla mathata le ho lokisa litaba. Ntho ea bohlokoa hase ho baleha empa ke ho sebetsana le bothata ka bohlale. Ka tsela ena u ka feta ho bona, ho e-na le ho bo boloka.

Empa ho thoe’ng haeba boemo lapeng e le hore ha u batluoe, kapa ha bo botle haholo bakeng sa bophelo ba hao ba ’mele? Ho thoe’ng haeba u tšoeroe hampe lapeng? Na joale ho baleha ke tharollo? Sehlooho se latelang se tla arabela lipotso tsena.

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Hangata malapa a ikutloa a tšohile haholo le ho ameha ha setho se seng se baleha

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela