Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g88 4/8 maq. 17-19
  • Na ho Baleha Hae ke Tharollo?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na ho Baleha Hae ke Tharollo?
  • Tsoha!—1988
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Seo Hangata se Etsahalang
  • Ho na le Likhetho Life?
  • Ke Hobane’ng ha Bana ba Bangata Hakaale ba Baleha Lapeng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Ba Lahliloeng le ba Balehileng
    Tsoha!—1995
  • Kamoo ho ka Matlafatsoang Likamano tsa Lelapa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Na ke Lokela ho Baleha Hae?
    Tsoha!—1988
Bala Tse Ling
Tsoha!—1988
g88 4/8 maq. 17-19

Bacha Baa Botsa . . .

Na ho Baleha Hae ke Tharollo?

BUKENG Tom Sawyer, mongoli Mark Twain o bua ka nako eo Tom le metsoalle ea hae ea hlooho ea khomo Joe Harper le Huckleberry Finn ba neng ba baleha hae ka eona. Bashanyana ba bararo ba balehile bosiu bo boholo, ba palama seketsoana ho ea sehleke-hlekeng se ka nģane ho nōka. Moo ba qetile beke hamonate, ba phela ka lijo tseo ba tlileng le tsona le litlhapi tseo ba neng ba li tšoasa. Kapele ba shebella banna ba motse ba ntseng ba batla litopo tsa bona tse “khanngoeng ke metsi.” Qetellong, Tom, Joe le Huck ba khutlela motseng ka lenyele, ba ipata mohahong oa kereke, ’me ba bona ha ho etsoa tšebeletso ea lepato la bona. Pale e felletse ka thabo ha ba kopana hape le beng ka bona le metsoalle, ’me ba thabelana ka likako le liteboho.

Ho Tom, Joe, le Huck ho baleha hae ebile phihlelo e qeteletseng ka thabo. Ho ne ho thabisa. Empa ha ho joalo ho bacha ba bangata ba balehang hae kajeno. “Ho bacha ba bangata ba balehang hae, ba khathatsoa ke bophelo ha ba tlohile hae,” ho bolela Margaret O. Hyde bukeng ea hae My Friend Wants to Run Away. “Ha e le hantle, bacha ba ’maloa ba balehang hae ba fumana mesebetsi le ho tsoela pele ba phela. Empa, ba bangata, bophelo bo bobe ho feta pele ba baleha hae.”

Mohlomong u ikutloa hore lintho li ke ke tsa u tsamaela hampe joaloka bona. Ke ’nete, lintho li tla ba molemo ho feta hae. Amy o ile a nahana joalo. O balehile hae ha a le lilemo li 14 hobane a ne a se na botsoalle bo haufi le batsoali ba hae ’me o ne a sa tsebe ho buisana le bona. “Ke ile ka ikutloa hore ha ho motho ea nkutloisisang.” “Ke ile ka ikutloa hore ho ba hōle le batsoali ba ka le ho ea lula habo ‘motsoalle’ ho tla ba molemo. Ke ne ke kholisehile hore ‘motsoalle’ oa ka o tla mamela,” o hlalositse.

Sandi a lahliloe ke ’m’ae le ho tšoaroa hampe ke monnamoholo ea neng a mo hlokometse ka ho batla ho robala le eena, a baleha hae ha a le lilemo li 12. Peggy o tsamaile hae ha a le lilemo li 16. “Ho ne ho na le khatello e ngata, ’mè o ne a nkomanya haholo le ho ’nyefola,” o hlalositse. ’M’ae o mo entse hore a ikutloe a sa batluoe le ho hlouoa, “eka o lakatsa hoja ke sa ka ka tsoaloa kapa boikutlo bo bong bo joalo.” Kahobane a thatafalloa ke ho buisana le ’m’ae ntle le ho tsosa khang le ho etsoa sephoqo, a baleha ho batla thabo sebakeng se seng.

Julie o balehile hobane ka lilemo tse ngata o ne a qobelloa ho kopanela liphate le e mong lapeng. Danny o balehile habeli. Lekhetlong la pele e ne e le ha a balehela ’mè oa bobeli ea neng a mo soma hampe. A phakisa a lemoha kamoo ho leng boima kateng ha a tlohile hae ’me a hloka tšehetso, kahoo a khutlela hae—empa a fetoha setsi sa khang e mabefi le ho lahloa ke ntat’ae. Bobeli Julie le Danny ba ne ba le lilemo li 12.

E, ho bonahala bophelo ba bacha ba balehang hae bo le boima haholo. Ba batla ho bo balehela. Ba batla ho lokoloha. “Empa bacha ha ba fumane tokoloho literateng,” ho hlokomela makasine oa ‘Teen. “Ho e-na le hoo, ba fumana bacha ba bang ba balehileng hae—ba tšoanang le bona—ba lula matlung a se nang batho, moo ba sa sireletsehang ho batho ba betang kapa batlatlapi. Ba boetse ba fumana batho ba bangata bao mosebetsi oa bona e leng ho tlatlapa bacha ’me bacha ba balehang hae ke liphofu tsa bona tse tšoasoang habonolo.”

Seo Hangata se Etsahalang

Ka mohlala, “motsoalle” oa Amy, monna ea lilemo li 22, o ne a batla hore a mo lefe ka ho “robala le eena le metsoalle ea hae e robong.” Amy o ne a “tahoa ’me a sebelisa lithethefatsi tse ngata.” Sandi ebile letekatse a phela literateng le ho robala litulong tsa libakeng tsa boikhathollo kapa hohle moo a neng a ka robala. Ke mohlala oa bacha ba bangata ba balehang hae. Ke hobane’ng ha ho etsahala ka tsela ee?

“Ha ngoana a baleha hae ka lekhetlo la pele, mohlomong a ka ba le liranta li se kae pokothong ea hae, mohlomong o bolokile cheletana e itseng, empa hang ha e fela, o na le likhetho tse ’maloa,” ho bolela Sajene Jose Elique, eo pele e neng e le motsamaisi oa Lebotho la Sepolesa sa New York sa Bana ba Balehang Hae. “Ha bana ba lapa, ba lokela ho ja, ’me ha ba hatsela, ba lokela ho fumana ntlo, kahoo ha ba na likhetho tse ngata. Haeba motho e mong a ba atamela nakong eo ba hlileng ba lapileng ka eona ’me a ba kōpa ho etsa ntho e ’ngoe—ekaba liketso tse ngata tsa tlōlo ea molao kapa boitšoaro bo bobe, bakeng sa chelete kapa lithethefatsi—joale ngoana enoa o tla lumela habonolo, ho sa tsotellehe hore o ne a ikutloa joang pele ka ho kopanela liphate le lithethefatsi.”

Boholo ba bacha ba balehang hae ba na le tsebo e fokolang ea mosebetsi. Ba fumana ho le thata ho tsamaisana le bophelo mehleng ena. Hangata ba hloka litokomane tse loketseng hore ba hiroe: lengolo la tsoalo, karete ea tlhokomelo ea sechaba, aterese ea bolulo. “Ke ile ka tlameha ho utsoa, le ho kōpa chelete ho batho seterateng,” ho bolela Luis, “empa haholo-holo ke ne ke utsoa hobane ho ne ho se motho ea ’nehang lijo.” Karolo ea 60 lekholong ea bacha ba balehang hae ke banana. “Ke eng seo ngoanana ea lilemo li 13 a ka se etsang ntle le ho pepesa ’mele oa hae?” ho botsitse ngoanana e mong. O ile a fuoa chelete e ngata hore a tsamaee a hlobotse. Mohlomong litšoantšo tseo hamorao li tla sebelisoa joaloka khoheli hore a etse ho eketsehileng.

Bahoebi ba litšoantšo tsa bootsoa, barekisi ba lithethefatsi, le batho ba ruang ka ho etsa bana matekatsi hangata ba fihla liteisheneng tsa libese ho batla bacha ba balehileng hae hore ba ba sebelise molemong oa bona. Ke litsebi tsa ho qhekella. Ba neha bacha ba tšohileng marobalo le lijo. Ba ba neha se neng se ba haella hae—boikutlo ba hore ruri ba khethehile ’me ba ratoa. Ba bontšoa bacha ba bang, ba seng ba sebelisoa moo, ba ba amohelang hantle. Butle-butle ba a tšoaseha. Motho ea ruoang ka ho etsa bana matekatsi a ka ba a lokisetsa motho e mong hore a bete ngoanana ebe o tšepisa ho mo sireletsa hore seo se ke ke sa etsahala hape. Kapa mohlomong a ka ruta mocha lithethefatsi, a etsa hore a tšoasehe, joale a phehelle hore a mo sebeletse haeba a batla ho tsoela-pele a fumana tse ling. Ba bang ba itšetlehile ka ho otla ngoana kapa ho mo tlatlapa hore ba fumane seo ba se batlang ho eena. U ka hopola kamoo bacha ba bangata ba balehang lapeng ba fumanoang ba tsoile likotsi tse mpe kapa ba shoele.

Ho na le Likhetho Life?

Mocha ea nahanang ho baleha hae o nahana hore ho na le likhetho tse ’maloa feela, haholo-holo haeba a sa ratoe kapa a sa amoheloe hae. Ba joalo ba bitsoa bo-molelekoa kapa bo-molahloa. Hape, bacha ba bangata ba balehang hae ba a tseba hore ha ba fumanoa ke mapolesa, ho tla ikopanngoa le batsoali ba bona, ebe mohlomong ba khutlisetsoa hae. Haeba boemo bo sa fetoha lapeng, ba tla baleha hape. Leha ho le joalo, ha feela ba ntse ba le bacha ’me ba lula ba baleha, ba tla kena khathatsong kamehla. Kahoo ho lokela ho fumanoa tharollo.

Pele, leka ho fumana tharollo u sa le lapeng. Etsa boiteko bohle—hoo ho bolela ho fetang lekhetlo le le leng—buisana le batsoali ba hao. Ba tsebise kamoo u ikutloang kateng le se etsahalang. Haeba seo se hlōleha, buisana le motho e mong ea ka thusang. Bacha ba bang ba buisane le baeletsi likolong tsa bona, mosebeletsi oa sechaba, kapa mookameli oa lefapha la litšebeletso tsa bacha. Ba bang ba sebelisitse thelefono e sa lefelloeng e leng teng linaheng tse ling ho thusa batsoali le bana. Leha ho le joalo, bacha ba Bakreste, ba na le monyetla oa ho buisana le baholo liphuthehong tsa bobona bakeng sa thuso e lerato, le ea botho e theiloeng Mangolong. Empa hopola lentsoe la sehlooho: BUA. Ke ntho e tla thusa uena le batsoali ba hao. “Moo ho eletsana ho leng sieo, merero ea qhalana,” ho bolela Bibele, “empa e tiea ke ho rerisana ha ba bangata.”—Liproverbia 15:22.

Mohlomong se ka finyelloang e ka ba bophelo ba lelapa bo ntlafetseng bo tlang ho u neha tšepo ea bokamoso. E ka folisa maqeba a khale ’me ea kenya boikutlo ba tšepo, lerato, le thabo. U tla ikutloa u le bohlokoa. Le haeba mohlomong lapeng bophelo e se bo botle, hopola hore lintho tse mpe haholo li ka u hlahela ha u ntse u baleha.

Ho sa tsotellehe hore na boemo ba hao ke bofe, kamehla hopola hore ho na le Motho e mong ea u tsotellang le ea batlang ho u thusa. Bao ba talimang ho Molimo ba ka kholiseha ka thuso ea hae le tšireletso.—Liproverbia 18:10.

[Setšoantšo se leqepheng la 19]

Motho e mong a ka u neha lijo, bolulo, le nako e monate. Empa o tla lebella hore u lefe ka eng?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela