Pono ea Bibele
Nako eo Bosoha e Leng Mpho
‘KE JEOA ke bolutu,’ ho tletleba mosali oa Mokreste eo e bileng mohlolohali ka lilemo tse ’maloa. ‘Ke ’nile ka tšepa hore ke tla fumana molekane. Ho phathahana hoa thusa. Ho ba le metsoalle hoa thusa. Empa ke batla ho nyaloa.’
Haeba ka tieo u batla ho nyaloa empa u sa atlehe ha u batla molekane, ho hang ha ho bonahale bosoha e le mpho—mohlomong ho ka bonahala eka u koaletsoe teronkong ea maikutlo a mabe a u sieang u khathetse u tepeletse maikutlo. Kapa haeba u se u ntse u e-na le lelapa empa u le lesoha, mohlomong u na le boikarabelo bo boholo ba ho hlokomela litlhoko tsa bana ba hao u le mong.
Ka hona, u ka ’na ua se nke boemo ba hao ba bosoha e le mpho. Leha ho le joalo, ba bang ba nka bosoha e le ntho ea bohlokoa haholo, ’me ba khetha ho lula ba le bang. Kahoo na bosoha ke mpho, ’me haeba ho joalo, neng hona hobane’ng? Bibele e re’ng?
Na ke Tšitiso Tseleng e Isang Thabong?
Lenyalo e ka ba mohloli oa nyakallo e khōlō. (Liproverbia 5:18, 19) Los Angeles Times e bolela hore ba bang “ba kholisehile hore ho tsamaea u theosa tseleng ena ke eona feela tsela e isang thabong le boikutlong ba ho finyella se itseng.” Na laesense ea lenyalo ke eona feela “tekete” e isang thabong?
Setsebi se seng litabeng tsa bophelo bo botle ba kelello, Ruth Luban, se re, ho latela Los Angeles Times: “Basali [le banna] ba tla makatsoa ke kamoo ba tlang ho fumana boikutlo ba hore ba finyeletse ho hong kateng ha ba khaotsa ho phela bophelo bo se nang seo bo se finyellang ba lebeletse hore monna [kapa mosali] o tla ba lopolla bophelong ba bosoha.” E, bosoha hase tšitiso tseleng ea bophelo bo thabileng, bo tlisang boikutlo ba ho finyella ho hong. Hangata motho ea hlaliloeng o tla bolela lekunutu la hore lenyalo ha ho iketsahalle feela hore e be tsela e isang thabong. Thabo ea ’nete ke phello ea kamano e ntle le Molimo. Ka hona, Mokreste a ka thaba ebang ke lesoha kapa o lenyalong.—Pesaleme ea 84:12; 119:1, 2.
Ntle le ho bolela litšitiso tseo motho a ipakelang tsona, Marie Edwards le Eleanor Hoover, bukeng ea bona The Challenge of Being Single, ba hlokomelisa ka tšitiso e ’ngoe tseleng e isang thabong—khatello e tlisoang ke batho ba bang. Ba re “ho nahanoa hore ha u se lenyalong u hlokofatsoa ke boloetse bo bong bo tebileng, bo siretseng, ba maikutlo. . . . Ka sebele ho na le phoso e itseng ka uena.”
Esita le metsoalle e nang le maikutlo a matle ka ho se hlokomele e ka beha khatello e matla ho batho ba masoha ka ho botsa, ‘U tla nyaloa neng?’ kapa, ‘Ho tla joang hore ebe tjaka e tjee ka uena ea mohlankana ha e e-s’o fumane mosali?’ Le hoja litlhaloso tse tjena li ka buuoa ka bosoasoi, li ka boetse ‘tsa hlaba joaloka tsenene,’ tsa fella ka maikutlo a utloileng bohloko kapa masoabi.—Liproverbia 12:18.
Mpho ea e Mong le e Mong
Moapostola Pauluse o ne a se lenyalong nakong ea ha e le moromuoa. Na ho bile joalo hobane a le khahlanong le lenyalo? Ho hang. Moapostola Pauluse e ne e le lesoha hobane a ikhethetse ho lula a sa nyala “ka baka la evangeli.”—1 Ba-Korinthe 7:7; 9:23.
Pauluse o ne a e-na le matla a ho se kene lenyalong, leha ho le joalo o ne a hlokomela hore hase e mong le e mong ea ka tšoanang le eena. O ile a re: “Motho ka mong o na le neo ea hae e mo lokelang, e tsoang ho Molimo.”—1 Ba-Korinthe 7:7.
Bosoha e ka ba tsela e isang thabong, esita le hoja ho ka etsahala hore ebe hase eo u neng u ikemiselitse ho tsamaea ka eona. Ka sebele, lenyalo le kopanyelletsoa ho limpho tse ngata tseo re li amohelang ho Jehova. Empa Bibele e bontša hore bosoha le bona e ka ba “mpho”—haeba u ka “etsa sebaka bakeng sa bona.” (Mattheu 19:11, 12, NW; 1 Ba-Korinthe 7:36-39) Joale, melemo e meng ea bosoha ke efe?
Pauluse o boletse hore banyalani ba tšoenyeha ka “kamoo [ba] ka khahlisang” balekane ba bona, athe ba seng lenyalong ba “hlokomela tseo e leng tsa Morena.” Sena se totobatsa o mong oa melemo e meholo ka ho fetisisa ea bosoha—monyetla oa ho sebeletsa Jehova motho a “sa horeletsoe ke letho.”—1 Ba-Korinthe 7:32-35.
Bibele ha e bolele hore motho oa lesoha o phela a se na litšitiso ho hang. Leha ho le joalo, motho ea lulang a le mong, hangata o na le litšitiso tse fokolang ho feta ea hlokomelang lelapa, kaha a iketsetsa qeto a le mong. Ka mohlala, ha Molimo a laela Abrahama ho tloha Kharane ho fallela naheng ea Kanana, Bibele e re: “Abrame a nka Sarai, mosali oa hae, le Lota, mor’a moen’ae, le leruo lohle la bona leo ba neng ba le ruile, le batho bao ba neng ba ba ruile Kharane, ’me ba tloha.” (Genese 12:5) Le hoja boemo ba lelapa la Abrahama bo sa ka ba mo thibela, ntle ho pelaelo o ile a qeta nako e ngata a hlophisa ba ntlo ea hae bakeng sa ho phethahatsa mosebetsi o joalo.
Bapisa ho falla ha Abrahama le ha moapostola Pauluse. Ha Pauluse le Silase ba ntse ba bolela litaba tse molemo motseng oa Thessalonika, sehlopha sa mahoo-hoo se halefileng se ile sa ba tsohela matla. Bosiung bona boo, baena ba ile ba romela Pauluse le Silase Berea hang-hang. Ketsahalong e ’ngoe, ha Pauluse a le Troase, o ile a ba le pono e reng “tšelela Masedonia, u [ba] thuse.” Joale hang ha a bone pono ena, o ile a ea Masedonia. Ka ho hlakileng, hore ebe Pauluse o ne a se na mosali ho ile ha mo lumella hore a itsamaele ka bolokolohi ka nako e khutšoanyane, e leng ntho e neng e tla ba thata haholoanyane ha a ne a e-na le lelapa.—Liketso 16:8-10; 17:1-15.
Molemo o mong oa bosoha ke bolokolohi ba boikhethelo ba botho. Ha u lula u le mong, ho bonolo haholoanyane ho ikhethela moo u tla lula teng, hore na u tla ja eng hona e le neng, kapa esita le nako ea ho robala. Bolokolohi bona bo boetse bo akaretsa mesebetsi ea moea. Ho ba le nako e ngata ea ho kopanela thutong ea botho ea Lentsoe la Molimo, ho ba le karolo tšebeletsong ea phatlalatsa, le ho sebelisa menyetla ea ho thusa batho ba bang.
Ka hona, ebang u lesoha ka boikhethelo kapa ka lebaka la maemo a itseng, ikemisetse ho sebelisa nako ea hao ka bohlale. U tla ba le bophelo bo thabileng haholoanyane ha bosoha ba hao bo sebelisoa ho thusa ba bang. (Liketso 20:35) Haeba u batla lenyalo, u se ke ua ikenya teronkong ea maikutlo a fosahetseng kapa ua phela bophelo ba hao joalokaha eka u motho ea sa fellang hobane eo ‘ea khethehileng’ a e-s’o ho tle. Tšoareha tšebeletsong ea Molimo, ’me joalokaha Pauluse a boletse, u ka ’na ua fumana hore bosoha e ka ba mpho.