“E Etsetse Sebaka”
1 Ka lekhetlo le leng, ha Jesu a ne a bua le barutuoa ba hae ka lenyalo, o ile a re bosoha ke ‘mpho.’ Eaba o re: “Ea ka e etsetsang sebaka a ke a e etsetse sebaka.” (Mat. 19:10-12) Ka mor’a lilemo tse itseng, moapostola Pauluse o ile a ngola ka melemo ea bosoha ’me a khothalletsa ba bang ho latela mohlala oa hae oa ho lula a sa nyala. (1 Bakor. 7:7, 38) Kajeno ba bangata ‘ba etselitse bosoha sebaka’ ’me ba thabela melemo ea bona. E meng ea eona ke efe?
2 Ho Sebeletsa “Ntle ho Tšitiso”: Pauluse o ne a utloisisa hore bosoha bo mo fa monyetla oa ho sebeletsa Jehova “ntle ho tšitiso.” Ka ho tšoanang kajeno, mor’abo rōna oa lesoha a ka hahamalla ho ea Sekolong sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi, ’me hangata motho oa lesoha o lokolohile haholoanyane hore a ka kenela tšebeletso ea bopula-maliboho, a ithuta puo e ’ngoe, a fallela moo tlhokahalo e leng khōlō, a sebeletsa Bethele kapa a sebelisoa bakeng sa litokelo tse ling tse khethehileng tsa tšebeletso. A ka ’na a ba le nako e ngata ea ho ithuta le ho thuisa le ho buisana le Jehova ka thapelo e tlohang pelong. Hangata motho ea seng lenyalong o na le nako e eketsehileng ea ho itella ho thusa ba bang. Mesebetsi eo kaofela e ‘molemong oa motho.’—1 Bakor. 7:32-35; Lik. 20:35.
3 Tšebeletso e joalo e etsetsoang Molimo e se nang tšitiso e putsa haholo. Ka mor’a ho qeta lilemo tse 27 a le Kenya, morali e mong oabo rōna oa lesoha o ile a ngola a re: “Ke ne ke e-na le metsoalle le mosebetsi o mongata haholo! Re ne re etsa lintho hammoho [re bile] re etelana. . . . Ke ne ke khona ho sebelisa bolokolohi ba ho tsamaea boo bosoha bo mphang bona bakeng sa ho tšoareha tšebeletsong ’me sena se ntliselitse thabo e khōlō.” A eketsa a re: “Ho theosa le lilemo kamano ea ka le Jehova e matlafetse haholoanyane.”
4 Ho e Etsetsa Sebaka: Jesu o itse mpho ea bosoha e lokela ho hlaoleloa “ka lebaka la ’muso oa maholimo.” (Mat. 19:12) Joaloka mpho e ’ngoe le e ’ngoe, bosoha bo lokela ho sebelisoa hantle e le hore bo ka tlisa thabo le ho ruisa molemo. Ka ho sebelisa menyetla e tlisoang ke bosoha le ka ho itšetleha ka Jehova bakeng sa bohlale le matla, ba bangata ba lutseng ba sa nyala ba ananela mpho ea bosoha.