Likhatiso Tsa Bibele Lia Ananeloa Moo e Neng e le Soviet Union
Ka mongolli oa Tsoha! Russia
MATHOASONG a 1991 Soviet Union e neng e le teng ka nako eo e ne e entsoe ka Russia le lirephabliki tse ling tse 14. Ho tloha ka nako eo, lirephabliki tseo li fetohile linaha tse ipusang. Leha ho le joalo, Russia e na le baahi ba bangata ho feta ba linaha tseo tse ling tse 14 ha li kopantsoe ’me e na le naha e menang ka holimo ho makhetlo a mararo ea tseo li nang le eona. Ka September 1994, ho ne ho e-na le Lipaki tsa Jehova tse 117 276 moo e neng e le Soviet Union tse neng li arolelana linnete tsa Bibele le baahisani ba tsona.
Kajeno lenane le leholo la limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! lea hatisoa khoeli e ’ngoe le e ’ngoe ka Serussia bakeng sa ho sebelisoa moo e neng e le Soviet Union. Ho phaella moo, lipampitšana tse ngata le libuka tse sekoahelo se thata lia abuoa moo. Hore likhatiso tsena tsa Bibele li ile tsa ananeloa ka ho tebileng ho bonoa ka ho hlakileng mangolong a amohetsoeng ke ofisi ea Russia ea Lipaki tsa Jehova haufi le St. Petersburg.
Ho Ananeloa Limakasine Tse Mebala
Monna e mong ea tsoang Siberia bohareng o ngotse: “Ka tšohanyetso e makatsang ke ile ka bona Molula-Qhooa matsohong a mosebetsi-’moho le ’na. Ke ile ka mo kōpa ho mpontša oona. Pele ke ile ka habanya litšoantšo tse khanyang tse mebala-bala. Joale ka bala ho ea pele . . . Pele nka hlokomela, ke ne ke se ke balile makasine ho tloha qalong ho isa qetellong. Lipotso li ne li botsitsoe ka mokhoa o thahasellisang, o nang le bophelo, le ka mokhoa oa moqoqo.”
Monna e mong hape ea tsoang Siberia o ile a hlalosa: “Ke ile ka fumana tokollo ea makasine oa lōna ka tšohanyetso. Ha ke batle ho le rorisa ka mokhoa o phoqang, empa bona ke boitsebiso bo molemo ka ho fetisisa boo nkileng ka bo bala bo buang ka tumelo.”
Mooki e mong ea tsoang St. Petersburg, motse oa bobeli o moholohali Russia, o ngotse: “Ke le leboha haholo ka letoto le babatsehang la lihlooho tse ho Tsoha! ea January 8, 1995, e buang ka mokhathala o feteletseng. Lihlooho tsena ha lia ka tsa tlosa mathata a ka empa li mphile tšehetso eo esale ke e emetse le ho e batla.”
Moithuti oa sekolo ea lilemo li 17 o ngotse: “Ke leboha haholo bohle ba hlahisang likhatiso tse babatsehang joalo. Ha ’na le metsoalle ea ka re ne re tloha sebakeng sa libaesekopo, re ile ra bona limakasine tse seng kae li siiloe holim’a setulo. Re ile ra li nka. . . . Ha ke ntse ke bala Molula-Qhooa, ke ne ke sa kholoe mahlo a ka. Na ka sebele bokamoso bo tla ba joalo? Hona joale ke bala Likosepele ’me ke leka ho li utloisisa. Limakasine tsa lōna li hlalosa ka ho feletseng seo Bibele e se bolelang.”
Monna ea lilemo li 26 o itse: “Ke leboha haholo ka sehlooho se reng ‘Na ho Ipolaea ke Tharollo?’ ho Tsoha! ea April 8, 1994. Ka lebaka la tšekamelo ea ka ea ho tepella maikutlo le tloaelo ea ho pholla litho tsa botona ho ikhotsofatsa, ke ile ka nahana ho ipolaea ka makhetlo a mangata. Empa Lentsoe la Molimo le lithapelo ho Jehova li ile tsa nthibela ho felisa bophelo ba ka. Sehlooho sena se ile sa matlafatsa tumelo ea ka mohaung oa Molimo le tumelo ea ka ea hore Molimo o tla nthusa ho sebetsana le mathata a ka. O bona pako ea ka. O batla hore ke phele. Kea mo leboha ka tšehetso eo a fanang ka eona ka thuso ea sehlooho sena.”
Mabapi le sona sehlooho seo sa Tsoha!, ngoanana e mong ea lilemo li 15 o ile a hlalosa: “Makasine ona o phethile karolo e khōlō bophelong ba ka. Ha ke ne ke le lilemo tse robeli, ke ile ka qala ho ikutloa hore ha ho motho ea ntlhokang. Batsoali ba ka ba ne ba se na nako ea ho bua le ’na, ’me ke ile ka leka ho itharollela mathata a ka ka bonna. Ke ile ka itšehla thajana. Ke ile ka qabana khafetsa le beng ka ’na. Joale monahano oa ho ipolaea oa kena kelellong ea ka. Ebile thabo e kaakang ha ke kopana le Lipaki tsa Jehova!”
Mosali e mong ea tsoang Russia e ka karolong ea Europe o ile a re: “Ka nako e ’ngoe ke ile ka utloa puisano ea Bibele pakeng tsa bahlankana ba babeli seemelong sa libese. Ke ile ka e thahasella ’me ka ba atamela. Bahlankana bana ba ile ba mpha kopi ea Molula-Qhooa. Ka thabo le thahasello, ke ile ka bala makasine oo, ’me ke batla ho tseba ho eketsehileng ka Bibele. Ke tla lakatsa ho kopana le lōna ka limakasine tsa lōna, ’me ke batla ho fumana tsebo le ho ithuta Bibele kamehla.”
Likhatiso Tse Ling Lia Ananeloa
Mosali e mong e mocha ea tsoang Caucasus o ngotse: “Mosali e mong o ile a tla ofising ea rōna ’me a qala ho re bolella ka mofuta o mong oa kopano. Ke ile ka bona thabo le cheseho tseo a neng a e-na le tsona, ’me ka qala ho thahasella. Tsatsi le hlahlamang o ile a mpha buka U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng. Ke ile ka e qeta hang. E ne e le ntho e ’ngoe e hlollang ka ho fetisisa. Ke ile ka ikutloa hore ka mor’a ho lelera lefifing, ke ne ke fumane monyako o lebisang leseling. Kamorao ho nako e telele ea ho batla, ke ile ka fumana likarabelo tsa lipotso tsohle tsa ka bukeng e le ’ngoe feela. Ena ke thabo eo ho leng thata ho e hlalosa.”
Monna e mong ea tsoang Asia Bohareng o hlokometse: “Ke moparishe oa Kereke ea Litaba tse Molemo ea boevangeli. Re utloa khaello e khōlō ea likhatiso tsa moea. Re le kōpa ka mokhoa o potlakileng hore le re romelle libuka, libukana tse lekanang le makasine, le libukana bakeng sa ho ithuta le ho tsoela pele ho li aba.”
Motho e mong ea tsoang Armenia, haufi le Leoatle le Letšo o ngotse: “Ke ile ka bala bukana e lekanang le makasine Na Ruri Molimo oa re Tsotella?, ’me e ne e tšoana le ho phefumoloha moea o pholileng. Qetellong ke fumane khatiso e tla nthusa ho ithuta Bibele. Ka mosa ke kōpa le nthomelle libuka tse joalo tsa ho ithuta.”
Mosali e mong ea tsoang Siberia o itse: “E mong oa Lipaki tsa Jehova o ile a re etela lapeng la rōna ’me a siea kopi ea buka ea Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela. Le hoja ke ne ke le motho ea sa lumeleng hore Molimo o teng ho tloha sekolong, seo ke ileng ka se bala se ile sa nkhothalletsa ho nahana ka ho tebileng le ho qala ho ithuta Bibele.”
’Mè e mong oa bana ba babeli o ile a bontša teboho ea hae ka buka eona ena e buang ka bophelo ba Jesu Kreste ’me a hlalosa: “Bana ba e utloisisa habonolo ’me baa e thahasella. E tsosa takatso e eketsehileng ea ho ithuta Bibele le ho bala libuka tsa bolumeli. Buka ena e hatisitsoe le ho ngoloa ka mokhoa o motle haholo.”
Selemong se fetileng, batho ba 34 608 ba ile ba bontša kananelo ea bona bakeng sa seo ba ithutileng sona ka ho kolobetsoa moo e neng e le Soviet Union. E se eka likhatiso tse thehiloeng Bibeleng tse hatisoang ke Lipaki tsa Jehova li ka abjoa ka ho feletseng le ka bongata karolong ena ea lefatše, ’me e se eka ba bang ba likete tse ngata ba ka arabela linneteng tsa Bibele tseo li li tšoereng!