Bohloa—Motsoalle Kapa Sera?
KA MONGOLLI OA TSOHA! KENYA
“KUMBE! Mchwa!” Ke kamoo ho ileng ha khotsa mosebeletsi oa Mokreste ha eena le sehlopha sa ba bang ba ne ba phahamisa letangoana le entsoeng ka lehong le nkehang. Ba ne ba tšepile ho le sebelisa e le letangoana la kolobetso kopanong ea potoloho ea Lipaki tsa Jehova Kenya. Leha ho le joalo, ho nyahameng ha bona, ba ile ba fumana hore boholo ba lehong bo ne bo jeloe. Ke kahoo a buileng mantsoe ana a ho ferekana. Ha a fetoleloa a bolela: “Jo ’na! Bohloa ba tla ba re kholoa oe!”
Mohlomong ha ho kokoanyana eo hangata e amahanngoang le tšenyo thepeng joaloka bohloa bo bonyenyane. Empa na e hlile kokoanyana ena ke sera ho motho? Bakeng sa karabo, a ke re shebisiseng bohloa.
Qhobosheane ea Bohloa
Kenya, hangata motho o bona matlo a malelele a bohloa. Ena ke mehaho e kang lichomela ea bolelele ba limithara tse hlano ho isa ho tse tšeletseng ho tloha fatše. Liōlo tse tšoanang le qhobosheane e entsoeng ka konkreite, li hahoa ka ho nepahala hoo bohloa bo ’nileng ba bitsoa litsebi tse hloahloa tsa mohaho. Na hase ho makatsang ho nahana hore likokoanyana tsena tse nyenyane li ka haha liqhobosheane tse tsotehang hakaalo, esita le hoja li tsamaea butle—li bile li foufetse?
Ka har’a seōlo ho na le maphao le marang-rang a mekoti-koti e hahiloeng ka tsela e rarahaneng. Hape motse-moholo ona o phetheselang o na le tsamaiso e sebetsang hantle ea ho qhala litšila, potoloho e lokolohileng ea moea, haesita le taolo ea moea o chesang le o pholileng. Moea o chesang o tsoa le kaholimo ho seōlo ka masobana a kang lifensetere. Moea o pholileng o kena le ka tlaase. Ho phola ho tsoelang pele ho iketsetsoa feela ka tsela ea ho fetola metsi mouoane: Bohloa bo hasa mabota a bona ka metsi ka ho tšoella ho ’ona. Ha metsi a fetoha mouoane, a pholisa moea ’me a thusa potolohong ea moea. Kahoo lehae la bohloa le lula likhatong tsa mocheso tse ratehang tsa li-celsius tse 30 lihora tse 24 ka letsatsi!
Sechaba sa Bohloa
Se hlollang le ho feta ke sechaba sa bohloa. Liōlo tse ling tsa bohloa li nka lihlopha tse sebetsang hantle, kapa makhotla, a fihlang limilioneng tse hlano tsa baahi. Ho e-na le ho ba mofere-fere, lekhotla leo ke mohlala oa mahla-hlaha. Lelapa la bohloa le na le lihlopha tse tharo, e leng, basebetsi, masole, le bahlahisi. Basebetsi ba etsa mosebetsi oa sebele oa ho haha liōlo, ba sebelisa mathe a bona bakeng sa samente.
Masole ke litho tse mabifi haholoanyane tsa lelapa. A hlometse ka mehlahare e matla le meno a bohale a lebela qhobosheane khahlanong le bahlaseli, ba joaloka matsoai-tsoai. Hape a sebeletsa e le balebeli bakeng sa ho sireletsa basebetsi ha ba tsoela kantle ho seōlo bakeng sa ho batla lijo. Haeba ho hlokahala masole a retelehela ho sebeliseng libetsa tsa lik’hemik’hale; tšoelesa e khethehileng e sebetsang joaloka bistolo e tsaratsang metsi, e ntša mokeli-keli o bolaeang.
Masole a putsoa joang bakeng sa litšebeletso tsa ’ona? Ha e le hantle, ho bonahala eka mehlahare ea ’ona e meholo hoo a ke keng a hlafuna lijo hore a iphepe. Kahoo ha lesole le lapile, le hohla hlooho ea mosebeletsi ka linakana tsa lona. Seo se bolela, “Mphepe!” Mosebeletsi o arabela ka ho hlatsetsa lijo ka molomong oa lesole.
Phaposing ea borena, e koahetsoeng ke lefifi ka ho feletseng, ho phela bahlahisi—morena le mofumahali. Mofumahali o motenya haholo ha a bapisoa le molekane oa hae ea sebōpeho se senyenyane. Mpa ea hae e kokomohileng ke mahe, ke bopaki ba matla a hae a maholohali a ho behela. Ho hakanngoa hore a ka behela mahe a 4 000 ho isa ho 10 000 ka letsatsi. Hase feela ba bang ba bitsang mofumahali “mochini o behelang mahe o itšebetsang.”
Leha ho le joalo, ha ho boinotši bo bongata bakeng sa banyalani bana ba moreneng, ba sebeletsoa ke basebeletsi ba sehlopha sa bohloa. Bana ba lika-likelitse mofumahali, ho hlokomela litlhoko tsa hae le ho mo fa lijo. Ha mahe a ntse a beheloa, basebetsi ba a nka ka mehlahare ea bona ho a isa phaposing ea tlhokomelo.
Metsoalle Kapa Lira?
Le hoja e le batho ba fokolang ba ka hanang hore likokoanyana tsena lia hlolla, ba bangata ba ntse ba li talima e le likokoanyana tse senyang—lira! Dr. Richard Bagine, mookameli oa Lefapha la Invertebrate Zoology la National Museum of Kenya, o ile a bolella Tsoha!: “Ke ’nete hore batho ba bangata ba talima bohloa e le tse ling tsa likokoanyana tse senyang haholo. Empa litsebi tsa saense li talima bohloa ka ho fapaneng. Tikolohong ea bona ea tlhaho, bohloa ke litho tse molemo mabapi le limela le liphoofolo.
“Ntlha ea pele, bo sila limela tse shoeleng ho etsa metsoako e bonolo. Ka tsela ena, bohloa bo tsamaisa lijo tseo limela li li hlokang. Ntlha ea bobeli, ke mohloli oa bohlokoa oa lijo. Bo jeoa ke hoo e batlang e le mofuta o mong le o mong oa linonyana le lianyesi, lihahabi, liphoofolo tse khonang ho phela metsing kapa moo ho omileng, le likokoanyana tse ling. Batho ba bangata ka bophirimela le ka leboea ho Kenya le bona ba thabela tsoekere ea bona, e tatso e enneng; bo na le mafura a mangata le liprotheine. Ntlha ea boraro, bo thusa ho etsa mobu. Bohloa bo tsoaka mobu o ka tlaase le o ka holimo ha bo haha kapa bo lokisa matlo a bona. Bo sila likotoana tse khōlō tsa limela tse shoeleng ho etsa mafoforetsane a manyenyane, a etsang moiteli. Ha bo ntse bo tsamaea ka har’a mobu bo etsa litselana bakeng sa moea le metsi a hlokoang ke metso ea limela. Kahoo bohloa bo ntlafatsa motsoako oa mobu le ho nona ha ’ona.”
Joale ke hobane’ng ha bohloa bo futuhela bolulo ba batho? Dr. Bagine o re: “Ha e le hantle, batho ba ile ba fallela tikolohong eo bohloa bo phelang ho eona ba tlosa boholo ba limela tseo bohloa bo li sebelisang. Bohloa bo tlameha ho ja hore bo phele, ’me kamehla bo iphepa ka limela tse shoeleng. Ha bo amohuoa tsena, bohloa bo iphepa ka tseo batho ba li hahileng, joaloka matlo le lisiu tsa lijo-thollo.”
Kahoo, le hoja ka linako tse ling bohloa bo ka bonahala e ka ke kokoanyana e senyang, ruri hase sera sa rōna. Ka sebele, ke mohlala o hlollang oa bohlale ba Jehova ba pōpo. (Pesaleme ea 148:10, 13; Ba-Roma 1:20) ’Me lefatšeng le lecha le tlang la Molimo, ha motho a ntse a ithuta ho phela ka khotso le liphoofolo, ha ho pelaelo hore o tla bona bohloa e le motsoalle, eseng sera.—Esaia 65:25.
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
Seōlo sa bohloa se tšoanang le qhobosheane
Setšoantšo se hatisehileng ho se seholoanyane: Bohloa bo sebetsang
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Lesole la bohloa, le hlooho e khōlō le likarolo tse ntšang lik’hemik’hale tse bolaeang, le hlomelletsoe ho sireletsa sehlopha sa bohloa
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Mofumahali, mpa ea hae e kokomositsoe ke mahe
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Mofumahali le sehlopha sa basebeletsi ba hae