Lebaka Leo ba Bangata ba Lumelang Hore Lefatše le Tla Fela
KA SEBELE lefatše le boemong ba tsieleho, joalokaha ba bangata ba phakisa ho lumela kajeno. Moevangeli Billy Graham o ile a ngola: “Ke ile ka botsa batho likarolong tse fapa-fapaneng tsa lefatše ka seo ba se nahanang ka monyetla oa bokamoso. Ba bangata ba ne ba e-na le pono e lerootho. . . . Nako le nako mantsoe ‘Armageddone’ le ‘Apocalypse’ a sebelisoa ho hlalosa liketsahalo tse etsahalang lefatšeng.”
Ke hobane’ng ha mantsoe “Armageddone” le “Apocalypse” a atisa ho sebelisoa ho hlalosa boemo ba kajeno? A bolela’ng?
Mohloli oa Bibele
Bibele e bua ka “ntoa ea letsatsi le leholo la Molimo o matla ’ohle” ’me e amahanya ntoa ena le sebaka se bitsoang ‘Harmagedone ka Seheberu,’ kapa Armageddone. (Tšenolo 16:14-16) Webster’s New Collegiate Dictionary e hlalosa Armageddone e le “ntoa ea makhaola-khang mahareng a makhotla a botle le a bobe.”
Le hoja “apocalypse” e tsoa lentsoeng la Segerike le bolelang “tšenolo,” kapa “ho koaholla,” e fumane moelelo o mong. Buka ea Bibele ea Tšenolo, kapa Apocalypse, e totobatsa ho timetsa ha Molimo batho ba khopo le Puso ea Lilemo tse Sekete ea Mor’a hae, Jesu Kreste. (Tšenolo 19:11-16; 20:6) Ka hona, Webster’s New Collegiate Dictionary e hlalosa “apocalypse” e le “tlokotsi ea bokahohle e atamelang eo Molimo a tla timetsa matla a busang a bobe le ho tsosetsa ba lokileng bophelong ’musong oa bomessia.”
Kajeno ha batho ba bua ka lefatše le boemo ba lona, ka ho hlakileng ba susumetsoa ke se boleloang ka Bibeleng. Hantle-ntle Bibele e re’ng ka ho fela ha lefatše?
Bibele le ho Fela ha Lefatše
Ka ho hlakileng Bibele e boletse esale pele ka ho fela ha lefatše. Jesu Kreste le barutuoa ba hae ba buile ka nako ea bofelo. (Mattheu 13:39, 40, 49; 24:3; 2 Timothea 3:1; 2 Petrose 3:3) Leha ho le joalo, ba ne ba sa bolele hore lefatše ka bolona le tla timetsoa. Mabapi le lefatše la sebele, Bibele e re: “Le ke ke la sisinyeha le ka mohla o le mong.” (Pesaleme ea 104:5) Poleloana “ho fela ha lefatše” e bolela feela “bofelo ba tsamaiso ea lintho.”—New World Translation.
Moapostola Petrose o buile ka lefatše la pele ho Moroallo mehleng ea Noe ’me a re: “Lefatše la mehleng eo [le entsoeng ka batho ba se nang tšabo ea bomolimo] le timelitsoe ka ’ona, ha le koahetsoe ke metsi.” Petrose o ile a tsoela pele ho bolela hore lefatše la rōna la joale le “boloketsoe letsatsi la kahlolo, le la tšenyeho ea batho ba nyefolang.” (2 Petrose 3:5-7) Moapostola Johanne o boetse a ngola: “Lefatše lea feta, le eona takatso ea lona; empa ea etsang thato ea Molimo, o hlola ka ho sa feleng.”—1 Johanne 2:17.
Nakong ea ho fela ha lefatše lena, ’musi oa lona ea sa bonahaleng ea se nang tšabo ea bomolimo le eena o tla tlosoa tseleng. (Tšenolo 20:1-3) Moapostola Pauluse o ngotse ka ’musi enoa e mobe: ‘Molimo oa lefatše lena o foufalitse likelello tsa ba sa lumelang.’ Ka eena Jesu o itse: “Joale, e se e le kahlolo ea lefatše lena; joale, morena oa lefatše lena [Satane Diabolose] o tla lelekeloa ntle.”—2 Ba-Korinthe 4:4; Johanne 12:31.
Na e ke ke ea e-ba tlhohonolofatso hore lefatše lena le felisoe hammoho le ’musi oa lona ea khopo? E se e le khale Bakreste ba rapella hore sena se etsahale, ba kōpa hore ’Muso oa Molimo o tle le hore thato ea hae e etsoe lefatšeng. Ba rapella hore Jesu Kreste a nke khato ea ho utloa taelo ea Ntate oa hae ea ho felisa bokhopo bohle lefatšeng!—Pesaleme ea 110:1, 2; Liproverbia 2:21, 22; Daniele 2:44; Mattheu 6:9, 10.
Leha ho le joalo, sena se phahamisa potso: Na ho ka etsahala hore ho bolela esale pele ka ho fela ha lefatše ho fosahetseng ho bile teng ka lebaka la hore batho ba boletse esale pele ka letsatsi la ketsahalo ena le thehiloeng kutloisisong e sa nepahalang ea boprofeta kapa tšebelisong e fosahetseng ea boprofeta ba ’nete ba Bibele? Ha re boneng.
Kutloisiso e sa Nepahalang ea Lekholong la Pele la Lilemo
Nahana ka se etsahetseng lekholong la pele la lilemo. Ha Jesu a le mothating oa ho nyolohela leholimong, baapostola ba hae ka cheseho ba ile ba botsa: “Morena, na u re, e se e le joale u tla tsosa ’muso oa Iseraele na?” Ba ne ba batla ho latsoa litlhohonolofatso tsohle tsa ’Muso hona hoo, empa Jesu o ile a re: “Ha hoa le lokela ho tseba mehla, leha e le linako tseo Ntate a itaoletseng tsona a ’notši.”—Liketso 1:6, 7.
Matsatsi a mararo feela pele ho lefu la hae, Jesu o ne a ile a bua mantsoe a tšoanang: “Lebelang hle; hobane ha le tsebe nako eo Morena oa lōna a tla tla ka eona.” O ile a phaella: “Empa ha e le bakeng sa letsatsi leo le hora eo, ha ho ea tsebang, leha e le mangeloi a leholimong, leha e le Mora, ha e se Ntate feela. Iponeleng, le falimehe, ’me le rapele, hobane ha le tsebe mohla e tla ba nako.” (Mattheu 24:42, 44; Mareka 13:32, 33) Likhoeli li se kae pelenyana, Jesu o ne a ile a boela a khothatsa: “Le itokise; hobane Mor’a motho o tla tla ka nako eo le sa e hopolang.”—Luka 12:40.
Ho sa tsotellehe litemoso tse joalo tse fanoeng ke Jesu, Bakreste ba pele, ka lebaka la ho laba-labela ho ba teng ha Kreste le litlhohonolofatso tseo ho neng ho tla li tlisa, ba ile ba qala ho nahanela nako eo tšepiso ea ’Muso e neng e tla phethahatsoa ka eona. Kahoo, moapostola Pauluse o ile a ngolla Bathessalonika: “Mabapi le ho ba teng ha Morena oa rōna Jesu Kreste le ho bokelloa ha rōna hammoho ho eena, re le kōpa hore le se ke la potlakela ho sisinngoa maikutlong a lōna kapa hona ho tšosoa ke polelo e bululetsoeng kapa molaetsa oa molomo kapa lengolo le kang le tsoa ho rōna, le reng letsatsi la Jehova le fihlile.”—2 Ba-Thessalonika 2:1, 2, NW.
Mantsoe a Pauluse a bontša hore Bakreste ba bang ba pele ba ne ba hlahisitse litebello tse fosahetseng. Le hoja mohlomong Bakreste ba Thessalonika ba sa ka ba bolela esale pele ka letsatsi le khethehileng la ‘ho bokelloa hammoho le Kreste leholimong,’ ka ho hlakileng ba ne ba nahana hore ketsahalo eo e haufi. Ho ne ho hlokahala hore pono ea bona e lokisoe, ’me lengolo la Pauluse le entse joalo.
Ba Bang le Bona ba Hloka ho Lokisoa
Joalokaha re hlokometse sehloohong sa pele, ka mor’a lekholo la pele la lilemo, ba bang le bona ba ne ba lebelletse ho phethahatsoa ha litšepiso tsa Molimo nakong eo. Ba bang ba ile ba bolela esale pele hore ho fela ha lilemo tse sekete, mohlomong ba bala ho tloha nakong ea tsoalo ea Jesu kapa ho tloha lefung la hae, ba tla bona ho fela ha lefatše. Empa ka ho tšoanang litebello tsa bona li ne li fosahetse.
Sena se phahamisa lipotso: Na liphoso tse mabapi le ho phethahala ha litšepiso tsa Bibele li bolela hore litšepiso tseo ka botsona li fosahetse? Na litšepiso tsa Molimo li ka tšeptjoa? Hona ke joang Bakreste ba mehleng ea kajeno ba amohetseng ho lokisoa tabeng ee?