Bacha Baa Botsa. . .
Na ka Sebele Nka ba Motsoalle oa Molimo?
KE BE motsoalle oa Molimo? Le hanyenyane, ho lumela Doris ea lilemo li 20. Moroetsana enoa o hlalosa boikutlo ba hae bo bohloko, o re: “Ke ikutloa ke se oa bohlokoa ba letho le ea sa tšoaneleheng ho ratoa ke motho leha e le mang. Ke bile ke qoba ho rapela Jehova Molimo hobane ha ke nahane hore ke lokela ho ba haufi le eena.” Tlaase botebong, bacha ba bang ba ikutloa ba sa tšoanelehe ka ho feletseng ho ba le botsoalle le Molimo. Le hoja ba ka ’na ba rata khopolo ea ho ba metsoalle ea Molimo, ba ikutloa hore ba ke ke ba finyella sena. Na u kile ua ikutloa ka tsela eo?
Ka linako tse ling, mefokolo ea mocha ka boeena e ka ’na ea etsa hore a ikutloe a sa tšoanelehe esita le ho atamela Molimo. Ka mohlala, nahana ka Michael e monyenyane. O bolela hore pele a utloisisa litsela tsa bomolimo, “hoo e batlang e le mehopolo le liketso tsohle tsa hae li ne li tšoaelitsoe ke boetsalibe le ke boikutlo bo kotsi.” Leha ho le joalo, seo a ithutileng sona thutong ea hae ea Bibele se ile sa etsa hore a hlokomele masoabi le mesarelo tseo a neng a li bakela Molimo. O ile a hlalosa hore: “Seboka se seng le se seng sa phutheho se ile sa ntotobaletsa bonyane sekoli se le seng kapa tse eketsehileng. . . . Ke ne ke sa bone kamoo Jehova a ka tšoarelang libe tsa ka tse bonahalang li sa fele haesita le ’na ke ne ke sitoa ho itšoarela.”
Mabakeng a mang, tsela eo mocha a tšoaroang ka eona ke ba bang e ka ’na ea etsa hore a ikutloe a sa tšoanelehe ho ba le botsoalle le Jehova. Ka mohlala, Doris, ea qotsitsoeng pejana, o ile a lahloa ke ’mè oa hae e sa le ngoana e monyenyane. O ile a senola hore: “Ha ke nahane hore ho na le motho leha e le ofe ea nthatang. Haeba ’mè oa ka le lelapa leso ba ile ba ntahla, ke menyetla efe e teng ea ho hlokomeloa ke motho e mong osele?” Ha mocha a ile a tšoaroa ka tsela e nyenyefatsang le e hlekefetsang ho tloha bongoaneng, ka botšepehi a ka ’na a lumela hore Molimo a ke ke a mo rata joaloka motsoalle.
Ka lehlakoreng le leng, e ka ’na eaba motho e mocha o ne a e-na le botsoalle le Molimo empa, ka lebaka la bofokoli, a oela sebeng se tebileng. Sena se ile sa etsahalla Tracy. Moroetsana enoa ea lilemo li 21 o-oa lla: “Ke ikutloa ke le lihlong, bohloko ba ka le boikutlo ba ho ba molato ke bo sa jareheng. Ke utloisitse Ntate oa ka, Jehova, bohloko bo boholo.”
Mohlomong u iphumana u le boemong bo tšoanang le bo bong ba ana a ka holimo. Empa tšepo e teng: Molimo e ka ba motsoalle oa hao!
Lebaka Leo U ka Bang Motsoalle oa Molimo
Ke ’nete hore liketso tsa sebe li ka thibela motho hore e be motsoalle oa Molimo. Ka lehlohonolo, Ntate oa rōna ea lerato ke eena ea nkileng bohato ba pele ho re thusa. Moapostola Pauluse o ngotse: “Empa moo Molimo o totisitseng lerato la oona ho rōna teng, ke ka hore, re sa le baetsalibe, Kreste o bile a shoa sebakeng sa rōna.” (Ba-Roma 5:8) Ka lefu la hae, Jesu o lefile thekollo e le ho lokolla ba nang le kananelo pusong e feletseng ea sebe. (Mattheu 20:28) Kahoo, moapostola o-oa eketsa: “Re ne re le lira tsa Molimo, empa o re entse metsoalle ea hae ka lefu la Mora oa hae.”—Ba-Roma 5:10, Today’s English Version.
Pele ba utloisisa litekanyetso tsa Jehova, bacha ba bang, joaloka Michael ea boletsoeng pejana, e ka ’na eaba ba ile ba kopanela liketsong tse fosahetseng tse tebileng. Leha ho le joalo, ka sehlabelo sa thekollo sa Jesu, motho a ka tšoareloa libe tsa nako e fetileng, ho sa tsotellehe hore na e ka ’na eaba li ne li tebile hakae. Bibele e fana ka tšepiso ena e amang maikutlo: “Ha re ipolela libe tsa rōna, Molimo oa tšepeha, o lokile, hore o re tšoarele libe, ’me o re hlatsoe bokhopo bohle.” (1 Johanne 1:9) Leha ho le joalo, motho o tlameha ho nka mehato ho bontša Molimo hore o ananela tlhoekiso e joalo. Moapostola Pauluse o boletse molao-motheo o ka sebelisoang: “Le se ke la ama sesila; ’me ’na ke tla le amohela, ’me ke tla ba ntat’a lōna.” (2 Ba-Korinthe 6:17, 18) Ke ho amang maikutlo hakaakang ho tseba hore haeba motho a furalla liketso tse fosahetseng joalo ’me ka sebele a li bakela, Molimo o ikemiselitse ho mo amohela mohaung oa Hae joaloka motsoalle.
Ho thoe’ng ka bacha ba hōliselitsoeng tikolohong e hlekefetsang? Hlokomela hore Molimo ha o nke batho ba le molato ka lebaka la lintho tse entsoeng ho bona khahlanong le thato ea bona. Batho ba joalo e ne e le bahlaseluoa ho e-na le ho ba ba kopanelang sebeng. Hape, hopola hore bohlokoa ba hao joaloka motho ha boa itšetleha ka kahlolo ea motho e mong. Jehova e ka ba Motsoalle oa hao ho sa tsotellehe maemo a hao. Maureen o hōlisitsoe ke ’mè oa hae oa Mokreste lelapeng le tletseng pefo ka lebaka la ntate oa hae oa lekhoba la tahi. Leha ho le joalo o itse: “Ka har’a qhefe-qhefe eo eohle, ka mokhoa o itseng ke ile ka khona ho hōlisa kamano le Jehova. Ka qala ho mo tseba e le motho Ea ke keng a ntahla.”
Ho Thoe’ng Haeba U Oela Sebeng se Tebileng?
Doug ea neng a hōlisitsoe ke batsoali ba tšabang Molimo, o ile a qala ho kopanela boitšoarong bo bobe ba likamano tsa botona le botšehali ha a le lilemo li 18. Sena e bile ka lebaka la litloaelano tse mpe. Doug o bolela hore: “Ke ne ke tseba hore bo fosahetse, empa ka tsoela pele ho bo etsa hobane ke ne ke batla ho ba le nako e monate.” Nakoana hamorao, Doug a bona booatla ba tsela ea hae. O-oa lumela: “Ka qala ho bona hore bohle bao ke neng ke ba bitsa metsoalle ea ka ba ne ba mpa ba ntšebelisa feela ho fumana chelete ea ka kapa ho ba le nako e monate.” Joale a qala ho nka mehato e le hore a ka boela a fumana botsoalle le Jehova. Empa tšitiso e khōlō e ne e thibela tsoelo-pele ea hae.
Doug o boletse hore: “Taba e khōlō e neng e etsa hore ho be thata ho khutla e ne e le ho ikutloa ke sa tšoanelehe. Ke ne ke ikutloa hore sohle seo ke se entseng se ne se le sebe mahlong a Jehova. Ho tseba kamoo a leng molemo kateng le kamoo a ileng a mamella liphoso tsa ka kateng, ho ne ho bonahala ho se tsela eo a ka batlang ho ntšoarela hobane ke ne ke le mobe e le kannete.” Leha ho le joalo, Doug o ile a khona ho hlōla tšitiso ena ka thuso ea baholo ba phutheho le ka ho hlahloba ka hloko tlaleho ea Bibele ea Manasse.
Manasse e ne e le mang? E ne e le morena oa Juda ea boholo-holo. Bibele e bontša hore o ne a rutiloe ke ntate oa hae ea tšabang Molimo, Esekiase, ho rata Jehova. Empa ka mor’a lefu la ntat’ae le ho ba morena ha a le lilemo li 12, a nahana hore joale a ka etsa kamoo a ratang kateng. A lahla Jehova ka baka la borapeli ba Baale. Borapeli bo joalo bo ne bo tsebahala ka boitšoaro bo bobe ka ho tebileng ba likamano tsa botona le botšehali tse sa laoleheng. Manasse “a ’na a etsa tsohle tse mpe mahlong a Jehova, ho mo halefisa ka tsona.” Ka babuelli ba tšepahalang, “Jehova a bua le Manasse le sechaba sa hae, empa ha ba ka ba mo ela hloko.” Joale, e le pontšo ea kahlolo ea Jehova, Manasse a isoa Babylona a tlanngoe e le motšoaruoa.—2 Likronike 31:20, 21; 33:1-6, 10, 11.
Ha Manasse a hopola liketso tsa hae tsa nako e fetileng ’me a li bapisa le seo a se hopolang ka melao ea Jehova, a sithabetsoa ke letsoalo le molato ’me a ikōpela tšoarelo. A ikokobetsa pel’a Molimo ’me “a o rapela.” ’Me Molimo “oa utloa kōpo ea hae; oa ba oa ’musetsa Jerusalema, ’musong oa hae.” E, “Ntat’a mehauhelo” o ne a ikemiselitse ho lumella moetsalibe enoa ea bakileng ho boela a mo atamela. Ka mor’a ho fumana mohau o joalo, Manasse, ho tsoa phihlelong ea hae ea botho, joale “a tseba hobane Jehova ke Molimo.”—2 Likronike 33:12, 13; 2 Ba-Korinthe 1:3.
Haeba Jehova a ne a ka amohela Manasse hape, ka sebele le kajeno a ka lumella mocha ea tsoileng tseleng ho boela a fumana kamano e ntle le Eena haeba mocha a bontša boikutlo ba ho baka. Doug o ile a arabela hamolemo thusong ea balisa ba moea phuthehong ea habo. A thusoa ho bona ka ho hlakileng hore Molimo “ha a tsekise ka mehla, hlonamo ea hae hase e sa feleng.”—Pesaleme ea 103:9.
Lula U le Motsoalle oa Molimo
Hang ha Molimo e e-ba Motsoalle oa hao, u tlameha ho hlokomela kamano ena hore u e boloke. Ngoanana e mong ea kolobelitsoeng ea lilemo li 18 o ile a fetoha ’mè ea sa nyaloang. Leha ho le joalo, a thusoa ho otlolla litaba le Jehova. (Bona Esaia 1:18.) Ke eng se mo thusitseng hore a hlaphoheloe? O-oa hlalosa: “Ke ile ka ithuta hore Jehova ke Ntate ea lerato le hore hase ’molai. Ka hlokomela hore o utloisitsoe bohloko ke seo ke neng ke se entse. Ke habohlokoa ho talima Molimo e le Motsoalle, motho ea nang le maikutlo, eseng feela Moea o sa bonahaleng o tšajoang ka tlhompho empa ho se mohlang o ratoang ka sebele.” Joaloka Manasse, o ile a susumelletseha ho kopanela ka botlalo borapeling ba Jehova. (2 Likronike 33:14-16) Hona ho ipakile e le tširelo ho eena. O eletsa bacha ba bang: “Lulang le phehella ka matla ho rorisa Jehova esita le haeba maemo a thatafala. Jehova ka lerato o tla otlolla litsela tsa lōna hape.”
Ke habohlokoa hape ho batla botsoalle le bao e leng metsoalle ea Molimo. Leha ho le joalo, qoba joaloka lefu la seoa, bao ka ho hlakileng ba sa hlompheng melao-motheo ea bomolimo. (Liproverbia 13:20) Linda e monyenyane o ile a kopanela boitšoarong bo bobe ba likamano tsa botona le botšehali le mocha eo botsoalle ba hae bo ileng ba fetoha ba “bohlokoa ho feta ntho leha e le efe.” Ka mor’a ho hlaphoheloa moeeng, Linda a lumela: “U ka senya bophelo bohle ba hao ka ho hloka tlamo eo ea botho pakeng tsa hao le Jehova.”
Na u na le tlamo e joalo? Haeba ha e eo, sebeletsa ho e fumana. Linda o akaretsa bohlokoa ba ho ba le botsoalle le Molimo ka ho re: “Ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa lefatšeng lohle ke ho ba le kamano e ntle ea botho le Jehova. Ha ho moshemane kapa ngoanana kapa ntho leha e le efe mona lefatšeng e leng bohlokoa ho e feta. Haeba botsoalle le Jehova bo le sieo, joale ha ho letho le bohlokoa.”
[Setšoantšo se leqepheng la 31]
Bacha ba bang ba ka ’na ba ikutloa ba sa tšoanelehe ho ba metsoalle ea Molimo