Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w11 1/1 leq. 18
  • ‘O Ile a Nolofatsa Sefahleho sa Jehova’

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ‘O Ile a Nolofatsa Sefahleho sa Jehova’
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tšoarelo ea Jehova e U Tsoela Molemo Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Ho Baka e le Kannete ho Bolela’ng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2021
  • Na ka Sebele Nka ba Motsoalle oa Molimo?
    Tsoha!—1995
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
w11 1/1 leq. 18

Atamela ho Molimo

‘O Ile a Nolofatsa Sefahleho sa Jehova’

MONNA e mong ea ileng a kheloha tseleng eo a hōlisitsoeng ka eona ea ho tšaba Molimo o re: “Ke ne ke ikutloa ke sa tšoanelehe.” Nakong eo a neng a qala ho nka mehato ea ho fetola bophelo ba hae, o ne a tšaba hore ho hang Molimo a ke ke a mo tšoarela. Empa moetsalibe enoa ea bakileng o ile a fumana tšepo tlalehong ea Bibele e buang ka Manase, e ho 2 Likronike 33:1-17. Haeba u kile ua ikutloa u sa tšoanelehe ka lebaka la libe tseo u ileng ua li etsa nakong e fetileng, u ka khothatsoa ke mohlala oa Manase.

Manase o ile a hōlisetsoa lelapeng le tšabang Molimo. Ntate oa hae, Ezekiase, e ne e le e mong oa marena a hlaheletseng ka ho fetisisa a Juda. Manase o ile a hlaha lilemo tse ka bang tharo ka mor’a hore ka mohlolo Molimo a eketse lilemo tseo ntate oa hae a ileng a li phela. (2 Marena 20:1-11) Ha ho pelaelo hore Ezekiase o ile a nka mora enoa oa hae e le mpho e bontšang mohau oa Molimo ’me a leka ho mo koetlisetsa hore a rate borapeli bo hloekileng. Empa hase kamehla bana bao batsoali ba bona ba tšabang Molimo ba latelang mohlala oa batsoali ba bona. Ho ne ho le joalo le ka Manase.

Manase o ne a e-s’o fete lilemo tse 12 ha ntate oa hae a ne a hlokahala. Ka masoabi Manase o ile “a etsa se sebe mahlong a Jehova.” (Temana ea 1, 2) Na ebe morena eo e monyenyane o ile a susumetsoa ke baeletsi ba neng ba sa natse borapeli bo hloekileng? Bibele ha e re bolelle. Seo e re bolellang sona ke hore Manase o ile a tsoela pele ho etsa se sebe ka ho kopanela borapeling ba litšoantšo bo nyonyehang le liketsong tse sehloho. O ile a etsetsa melimo ea bohata lialetare, a nyehela bara ba hae e le sehlabelo, a sebelisana le meea ’me a beha setšoantšo se betliloeng ka tempeleng ea Jehova Jerusalema. Le hoja Manase a ile a tsoaloa ka mohlolo ka hore Molimo a eketse lilemo tsa Ezekiase tsa bophelo, ka manganga ha aa ka a mamela ha Jehova a ne a mo lemosa ka makhetlo-khetlo.—Temana ea 3-10.

Qetellong, Jehova o ile a lumella Manase hore a tlangoe ’me a isoe Babylona. Ha a le moo botlamuoeng, Manase o ile a ba le monyetla oa ho nahanisisa ka liketso tsa hae. Na ebe o ile a hlokomela hore litšoantšo tseo a neng a li rapela tse se nang matla le tse sa pheleng li ne li hlōlehile ho mo sireletsa? Na o ile a hopola lintho tseo ntate oa hae ea tšabang Molimo a ileng a mo ruta tsona bongoaneng? Ho sa tsotellehe hore na mabaka ke afe, Manase o ile a fetola tsela eo a neng a etsa lintho ka eona. Tlaleho e re: “A nolofatsa sefahleho sa Jehova Molimo oa hae ’me a ’na a ikokobetsa haholo . . . A ’na a Mo rapela.”a (Temana ea 12, 13) Empa na kannete Molimo o ne a ka tšoarela motho ea entseng libe tse tebileng hakaalo?

Jehova o ile a angoa ke pako ea ’nete ea Manase. Molimo o ile a mo utloa ha a ne a kōpa hore a mo hauhele “eaba o mo busetsa Jerusalema boreneng ba hae.” (Temana ea 13) Ho bontša hore o bakile, Manase o ile a etsa sohle seo a ka se khonang ho lokisa liphoso tsa hae, a tlosa borapeli ba litšoantšo ’musong oa hae ’me a khothalletsa batho ba hae hore ba “sebeletse Jehova.”—Temana ea 15-17.

Haeba u ikutloa u sa tšoanelehe hore Molimo a ka u tšoarela ka lebaka la libe tseo u ileng ua li etsa nakong e fetileng, e se eka mohlala oa Manase o ka u khothatsa. Tlaleho ena ke karolo ea Lentsoe la Molimo le bululetsoeng. (Baroma 15:4) Ka ho hlakileng, Jehova o batla hore re tsebe hore o “itokiselitse ho tšoarela.” (Pesaleme ea 86:5) Seo a amehileng ka sona ke boemo ba pelo ea moetsalibe, eseng sebe sa hae. Moetsalibe ea rapelang a bontša ho ikoahlaea e le kannete, a tlohela liketso tsa hae tse fosahetseng ’me a ikitlaetsa ho etsa se nepahetseng a ka ‘nolofatsa sefahleho sa Jehova,’ joaloka Manase.—Esaia 1:18; 55:6, 7.

’Malo oa Bibele oo u khothalletsoang ho o bala ka January:

◼ 2 Likronike 29—Esdrase 10

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Young’s Literal Translation e baleha tjena: “A . . . kokobetsa bohale ba sefahleho sa Jehova Molimo oa hae.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela