Lipotso Tse Tsoang ho Babali
Na tataiso eo Molimo a fanang ka eona e tlalehiloeng ho Jeremia 7:16 e bolela hore Bakreste ba ke ke ba rapella motho ea lelekiloeng ka phuthehong ea Bokreste hobane e le moetsalibe ea sa bontšeng pako?
Ka mor’a hore a lihe kahlolo ea hae khahlanong le Juda e sa tšepahaleng, Jehova o ile a re ho Jeremia: “Ha e le uena, u se ke ua rapella sechaba sena, leha e le ho phahamisa mohoo oa kōpo e tiileng bakeng sa sona kapa thapelo kapa ua etsa thapeli ho ’na, kaha ke tla be ke sa u mamela.”—Jeremia 7:16.
Ke hobane’ng ha Jehova a ile a thibela Jeremia ho rapella Baiseraele? Ka ho hlakileng, e ne e le ka lebaka la ho tlōla ha bona Molao oa hae pepenene. Ba sa hlajoe ke lihlong, ba ne ba ‘utsoa, ba bolaea, ba feba, ba hlapanya ka bohata ba bile ba etsetsa Baale mosi oa sehlabelo le ho latela melimo e meng’ pontšeng. Ka lebaka leo, Jehova o ile a bolella Bajuda ba hlokang tumelo a re: “Ke tla le lahla ke le tlose ka pel’a sefahleho sa ka, feela joalokaha ke ile ka lahla barab’abo lōna, bana bohle ba Efraime.” Ka sebele, e ne e ke ke ea e-ba ho loketseng hore Jeremia, kapa leha e le mang e mong, a rapelle hore Jehova a fetole kahlolo ea Hae.—Jeremia 7:9, 15.
Tumellanong le sena, moapostola Johanne o ile a ngola mabapi le thapelo e loketseng ho Molimo. Taba ea pele, o ile a tiisetsa Bakreste a re: “Ho sa tsotellehe hore na ke eng eo re e kōpang ho ea ka thato ea hae, oa re utloa.” (1 Johanne 5:14) Ka mor’a moo, ha a bua ka ho rapella ba bang, Johanne o ile a tsoela pele, a re: “Haeba leha e le mang a re heli! ’me a bona mor’abo a etsa sebe se sa tliseng lefu, o tla kōpa, ’me o tla fana ka bophelo ho eena, e, ho ba sa etseng sebe e le hore ba itlisetse lefu. Ho na le sebe se tlisang lefu. Ha ke mo bolelle hore a etse kōpo malebana le sebe seo.” (1 Johanne 5:16) Jesu o ile a boela a bua ka sebe se ‘ke keng sa tšoareloa,’ e leng sebe se khahlanong le moea o halalelang.—Matheu 12:31, 32.
Na see se bolela hore bohle ba lelekoang ka phuthehong ea Bokreste ka lebaka la ho etsa sebe ba sa bontše pako ba entse libe tse “tlisang lefu” ’me ka lebaka leo ha baa lokela ho rapelloa? Ha ho hlile ha ho joalo hobane maemong a mang litlōlo tse joalo hase libe tse tlisang lefu. Ha e le hantle, ho boima ho tseba haeba ho le joalo. Mohlala o loketseng ke Morena Manase oa Juda. O ile a hahela melimo ea bohata lialetare, a nehelana ka bara ba hae e le sehlabelo, a sebelisana le meea ’me a beha setšoantšo se betliloeng ka tempeleng ea Jehova. Ha e le hantle, Bibele e re Manase le sechaba ba ile ba ‘etsa se sebe ho feta lichaba tseo Jehova a neng a li felisitse ka pel’a bara ba Iseraele.’ Ka lebaka la sena sohle, Jehova o ile a otla Manase ka ho mo isa litlamong Babylona e le moholehuoa.—2 Marena 21:1-9; 2 Likronike 33:1-11.
Le hoja libe tsa Manase li ne li le mpe haholo, na e ne e le libe tse tlisang lefu? Kamoo ho bonahalang kateng ho ne ho se joalo, hobane tlaleho e tsoela pele ho bua tjena ka eena: “Hang ha a le mahlomoleng, a nolofatsa sefahleho sa Jehova Molimo oa hae ’me a ’na a ikokobetsa haholo ka lebaka la Molimo oa baholo-holo ba hae. A ’na a Mo rapela, hoo A ileng a itumella hore a kōptjoe ka tieo ke eena ’me A utloa kōpo ea hae ea mohau eaba o mo busetsa Jerusalema boreneng ba hae; Manase a tseba hore Jehova ke Molimo oa ’nete.”—2 Likronike 33:12, 13.
Ka lebaka leo, ha rea lokela ho potlakela ho etsa qeto ea hore e tlameha ebe motho o molato oa sebe se tlisang lefu hobane feela a lelekiloe ka phuthehong. Ho ka nka nako hore boemo ba ’nete ba pelo ea motho eo bo bonahale. Ha e le hantle, hangata ho boleloa hore morero o mong oa hore motho a khaoloe ke ho etsa hore moetsalibe a hlaphoheloe ’me ho tšeptjoa hore o tla baka ’me a sokolohe.
Kaha motho eo ha a sa le ka har’a phutheho, phetoho leha e le efe ea pelo le boitšoaro li ka hlokomeloa pele ke ba haufi le eena, joaloka molekane oa lenyalo kapa litho tsa lelapa. Ba hlokomelang liphetoho tse joalo ba ka finyella qeto ea hore motlōli ha aa ka a etsa sebe se tlisang lefu. Ba ka ’na ba susumelletseha ho rapella hore a fumane matla Lentsoeng la Molimo le bululetsoeng le hore Jehova a tšoare moetsalibe eo ka tsela e tumellanong le thato ea Hae.—Pesaleme ea 44:21; Moeklesia 12:14.
Le hoja ba bang ba ka ’na ba khona ho bona bopaki bo lekaneng hore ba lumele hore moetsalibe o bakile, ho ka ’na ha se ke ha e-ba joalo ka phutheho kaofela. E ne e ka makala, ea tšoenyeha kapa ea khopiseha haeba e ne e ka utloa e mong a rapella mofosi phatlalatsa. Ka lebaka lena, ba ikutloang ba susumelletseha ho rapella moetsalibe ba lokela ho etsa joalo sephiring feela, ba tlohele tsoelo-pele leha e le efe tabeng ena matsohong a baholo ba nang le boikarabelo ka phuthehong.
[Setšoantšo se leqepheng la 31]
Manase o ile a tšoareloa libe tsa hae tse mpe haholo ha a ikokobetsa ka pel’a Jehova
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 30]
Reproduced from Illustrierte Pracht-Bibel/Heilige Schrift des Alten und Neuen Testaments, nach der deutschen Uebersetzung D. Martin Luther’s