Ha Koluoa e Hlasela
LEKHOLO la bo20 la lilemo le ’nile la tšoauoa ka likoluoa tse khōlō, ’me boholo ba tsona e bile tse entsoeng ke batho. Leha ho le joalo, tse ling ha lia etsoa ke batho. Ha a bolela esale pele ka mehla ea rōna, Jesu Kreste o ile a re: “Sechaba se seng se tla tsohela sechaba se seng matla, ’muso o mong o loantše ’muso o mong; litlala li tla ba teng, le mafu a akaretsang, le litšisinyeho tsa lefatše ka nģa tse ngata.” (Mattheu 24:7) Ke ’nete hore batho baa ikarabella ka lintoa le likhaello tsa lijo, empa ha ba ikarabelle ka litšisinyeho tsa lefatše. Ka tsela e tšoanang, le hoja likhohola tse ling tse bakang koluoa li ’nile tsa bakoa ke tšebetso ea batho, ba ke ke ba behoa molato ka litšisinyeho tsa lefatše. Leha e le hore maholiotsoana kapa ho foqoha ha seretse se chesang ke molato oa batho.
Ho sa tsotellehe hore na li bakoa ke eng, likoluoa tsa tlhaho li bontša ho fokola ha batho, ho hloka matla ha bona ha ba tobane le matla a tšabehang a tlhaho. Lefatše lena, lehae la rōna, ka tloaelo le utloahala le sireletsehile le bile le tsitsitse. Empa ha le thothomela nakong ea tšisinyeho, le tlala tsoete! ka metsi a likhohola, kapa le fieloa ke meea e befileng e fokang ka matla e sa khaotse joalokaha eka ke ka matla a ho phatloha, boikutlo boo ba tšireletseho boa nyamela.
Likoluoa tsa tlhaho li bakile tšenyo e khōlōhali le tahlehelo ea bophelo lekholong la bo20 la lilemo. Na see se ka be se ile sa qojoa? Na ho ka etsoa ntho leha e le efe bakeng sa ho fokotsa liphello tse kotsi? Re le batho ka bomong, ke eng seo re se etsang ho itšireletsa? Na ho hang ha re na mokhoa oa ho ithusa ha koluoa e hlasela? Na kamehla moloko oa batho o tla hlaseloa ka tsela ee? Lihloohong tse latelang ho tla tšohloa lipotso tsena.