Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g95 11/8 maq. 10-11
  • Kamoo U ka Phelang ka ho sa Feleng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kamoo U ka Phelang ka ho sa Feleng
  • Tsoha!—1995
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Morero oa Molimo
  • Kamoo ho ka Pheloang ka ho sa Feleng
  • Na ka Sebele Bophelo bo sa Feleng bo Tla Hle bo be Teng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Morero oa Molimo ke Ofe ka Lefatše?
    Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rna?
  • Re ka Phela Halelele Hakae?
    Tsoha!—1990
  • Bophelo bo na le Morero o Hlollang
    Morero oa Bophelo ke Eng? U ka o Fumana Joang?
Bala Tse Ling
Tsoha!—1995
g95 11/8 maq. 10-11

Kamoo U ka Phelang ka ho sa Feleng

KA HA ka ho hlakileng ’mele oa motho o na le matla a ho phela bophelo bo boleletsana ho feta boo batho ba bo thabelang kajeno, ba bang ba behile tšepo ea bona saenseng hore e sibolle kamoo re ka phelang ka ho sa feleng. Dr. Alvin Silverstein o ile a ngola: “Ha re ntse re fumana tsebo e feletseng haholoanyane ea lik’hemik’hale tsa ’mele le kamoo li sebelisanang le tse ling, re tla phutholla senotlolo sa bophelo. Re tla utloisisa . . . hore na motho o tsofala joang.”

Ka phello efe? Silverstein o ile a re ho tla lebisa “mehleng e mecha historing ea batho. Ha ho sa tla ba le batho ‘ba tsofetseng,’ hobane tsebo e tlang ho bula monyetla oa hore lefu le hlōloe e tla boela e etse hore batho ba be bacha ka ho sa feleng.”

Na batho ba tla finyella see? Bibele e-ea re khothaletsa: “Le se ke la itšepela marena, leha e le bana ba batho ba sitoang ho pholosa motho! Phefumoloho ea bona ha e fela, ba khutlela lerōleng la bona; ka tsatsi lona leo, merero ea bona e felile.” (Pesaleme ea 146:3, 4) Batho ba ’nile ba hlōleha ho khetholla ka nepo, esita leha e se e le hore ba ka nepa hanyenyane, bofokoli ba tlhaho bo fellang ka botsofali le lefu, hantle feela joalokaha re se re bone. Ke ’Mōpi oa rōna feela ea ka etsang seo.

Leha ho le joalo, na ehlile ke morero oa Molimo hore batho ba phele lefatšeng ka ho sa feleng?

Morero oa Molimo

Ke hokae moo Jehova Molimo a ileng a beha batho ba babeli ba pele hore ba phele teng? E ne e le paradeiseng ea lefatšeng. ’Me ba ile ba laeloa: “Ngatafalang, le ate, le tlale lefatšeng, le rene holim’a lona.” (Genese 1:28) E, morero oa Molimo e ne e le hore qetellong lefatše lohle le ahuoe ke lelapa le lokileng la motho le phelang hammoho ka khotso le thabo.—Esaia 45:18.

Le hoja Adama a ile a fuoa kahlolo ea lefu ka lebaka la ho se mamele ha hae, morero oa Molimo oa tšimolohong bakeng sa hore batho ba phele ka ho sa feleng Paradeiseng lefatšeng ha o-oa ka oa fetoha. (Genese 3:17-19) Molimo o re: “Ke boletse, ’me ke tla etsa.” (Esaia 46:11; 55:11) Molimo o bontšitse hore morero oa hae ka lefatše ha o-oa fetoha ha a ne a re: “Ba lokileng ba tla ja lefa la lefatše, ’me ba tla hlola ho lona ka ho sa feleng.”—Pesaleme ea 37:29.

E le ’Mōpi oa rōna, Molimo o boemong bo botle ba ho lokisa bofokoli bo bakileng hore batho ba tsofale le ho shoa. O etsa sena motheong ofe? Kaha bofokoli boo bo ile ba futsoa ho motho oa pele, Adama, Molimo o fane ka sehlabelo sa thekollo sa bophelo bo phethahetseng ba Mor’a hae, Jesu Kreste, “hore e mong le e mong ea lumelang ho eena, a se ke a timela, a mpe a be le bophelo bo sa feleng.”—Johanne 3:16; Mattheu 20:28.

Ha e le hantle, Jesu Kreste o nkela Adama oa tšimolohong sebaka e le ntat’a rōna, kapa monehi-bophelo. Ke ka lebaka lena ka Bibeleng Jesu a bitsoang “Adama oa morao.” (1 Ba-Korinthe 15:45) Kahoo ho e-na le ho ba thohakong ea ho shoa e le bana ba Adama oa moetsalibe, batho ba mamelang ba ka ’na ba nkoa ba tšoaneloa ke ho amohela bophelo bo sa feleng e le bana ba “Ra-bo-sa-feleng,” Jesu Kreste.—Esaia 9:6.

Ka sebele, “Ntat’a Morena oa rōna Jesu Kreste” le “Morena ea se nang ho fela” ke Jehova Molimo. (1 Timothea 1:17; Tšenolo 15:3; Ba-Kolosse 1:3) Leha ho le joalo, Jesu Kreste, ka ntle le hore o fanoe e le “Ra-bo-sa-feleng” le “’Moloki,” e boetse ke “Morena oa Khotso.” (Luka 2:11) E le moemeli oa Ntate oa hae, Kreste o tla sebelisa matla a hae a borena ho tlisa khotso lefatšeng.—Pesaleme ea 72:1-8; 110:1, 2; Ba-Heberu 1:3, 4.

Tlas’a puso ea Jesu Kreste, Paradeise ea lefatšeng e neng e lahlehile e tla fumanoa hape. Jesu o itse sena se tla etsahala, “Nchafalong ea tsohle, mohla Mor’a motho a lulang teroneng ea khanya ea hae.” (Mattheu 19:28) Balateli ba tšepahalang ba Kreste—kaofela ha bona ba le 144 000—ba tla busa le eena holim’a lefatše la Paradeise. (2 Timothea 2:11, 12; Tšenolo 5:10; 14:1, 3) Ba limilione ba tla rua molemo pusong eo e lokileng ka ho thabela bophelo lefatšeng la Paradeise. Ho phaella ho bana e tla ba senokoane se ileng sa shoela lehlakoreng la Jesu ’me e le seo Jesu a ileng a se tšepisa: “U tla ba le ’na Paradeiseng.”—Luka 23:43, NW.

Kahoo, haesita le bafu ba sa lokang ba tla tsosoa ’me ba tla fuoa monyetla bakeng sa ho tšoanelehela bophelo bo sa feleng lefatšeng. (Liketso 24:15) Bibele e hlalosa ho felisoa ha ho kula, botsofali le lefu ka tsela e ntle ha e re: “Molimo o tla ba le bona ka sebele sa oona, e be molimo oa bona. Molimo o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona; lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng; ’me ha ho sa tla ba masoabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko; hobane tsa pele li fetile.”—Tšenolo 21:3, 4.

Kamoo ho ka Pheloang ka ho sa Feleng

Ka sebele u batla ho ba har’a ba tlang ho rua lefatše le ho lula ho lona ka ho sa feleng. Haeba ho joalo, u tlameha ho finyella litlhokahalo tsa ho phela ka ho sa feleng Paradeiseng. Thapelong e eang ho Ntate oa hae oa leholimo, Jesu Kreste o ile a bolela tlhokahalo ea motheo, ha a re: “’Me bophelo bo sa feleng, ke hore ba u tsebe, uena Molimo o ’notši oa ’nete, le Jesu Kreste eo u mo romileng.”—Johanne 17:3.

Lipaki tsa Jehova li tla thabela ho u thusa ho fumana tsebo ena e fanang ka bophelo. Ka hore feela u li kōpe, li tla u etela ka nako e tšoanetseng le ho buisana le uena ka ntle le ho u lefisa, mabapi le kamoo Molimo a tlang ho phahamisetsa moloko oa batho phethehong ea moea le ea ’mele. Tiiseha hore ’Mōpi oa rōna ea matla ’ohle o na le matla a feletseng a ho lokisa bofokoli bo bakileng botsofali le lefu. Nako e-ea tla, ’me e haufi, eo bophelo bo seng bo sa tl’o hlola bo e-ba bokhutšoaane. Jehova o tla hlohonolofatsa batho ba hae ka “bophelo bo sa feleng.”—Pesaleme ea 133:3.

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

Tlas’a ’muso oa Kreste, botsofali le lefu li tla hlōloa

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela