Mesebetsi e Entsoeng ka Bokhabane ke Eng?
KA MONGOLLI OA TSOHA! SPAIN
KE NTHO efe e ntle ka ho fetisisa eo u kileng ua e bona? Na e ne e le ho likela ha letsatsi naheng e chesang e mongobo, mokoloko oa lithaba tse nang le lehloa litlhōrōng tsa tsona, ho thunya ha lipalesa tse ngata lehoatateng, mebala e khanyang ea moru nakong ea hoetla?
Boholo ba rōna re ananela linako tse itseng tse khethehileng tsa ha botle ba lefatše bo ne bo hapile tlhokomelo ea rōna. Haeba re khona, re rata ho qeta nako ea rōna ea phomolo re le tikolohong ea boemo bo kang paradeise ’me re leka ho nka lifoto tsa lintho tse hlokomelehang tse lokelang ho hopoloa.
Nakong e tlang ha u talimisisa botle bona bo hlollang bo sa senyehang ba tlhaho, ho na le lipotso tseo u ka ’nang ua nahana ka tsona. Na u ne u ke ke ua utloa eka ho na le ho hong ho haellang haeba setšoantšo se seng le se seng se takiloeng se leng setsing sa pokello ea mesebetsi e entsoeng ka bokhabane se ne se ngotsoe hore “Ha ho Tsejoe Mong’a Sona”? Haeba u ne u anngoe maikutlo ke boleng le botle ba litšoantšo tse takiloeng lipontšong, na u ne u ke ke ua batla ho tseba hore na ke mang ea entseng mosebetsi oo o entsoeng ka bokhabane? Na re lokela ho khotsofalla ho nahanisisa ka limakatso tse ntle tsa lefatše ’me leha ho le joalo ebe re hlokomoloha Moetsi oa mesebetsi eo e entsoeng ka bokhabane le ea li bōpileng?
Ke ’nete hore ho na le ba bolelang hore ha ho na ntho e joaloka mesebetsi e entsoeng ka bokhabane tlhahong—hore mesebetsi e entsoeng ka bokhabane e hloka matla a motho a ho qapa lintho le ho li hlalosa. Leha ho le joalo, tlhaloso e joalo ka mesebetsi e entsoeng ka bokhabane, mohlomong e fokola haholo. Hantle-ntle mesebetsi e entsoeng ka bokhabane ke eng?
Ho Hlalosa Mesebetsi e Entsoeng ka Bokhabane
Tlhaloso ea mesebetsi e entsoeng ka bokhabane e tlang ho khotsofatsa e mong le e mong mohlomong e ke ke ea fumaneha. Empa tlhaloso e batlang e le ntle e fumanoa ho Webster’s Ninth New Collegiate Dictionary, e bolelang hore mesebetsi e entsoeng ka bokhabane ke “ho sebelisa bohlale le monahano oa ho qapa lintho ka hloko [haholo-holo] ha ho hlahisoa lintho tse ananeloang ka botle.” Motheong ona re ka bolela hore moetsi oa mesebetsi e entsoeng ka bokhabane o hloka hore a be le tsebo le monahano oa ho qapa lintho. Ha a sebelisa mahlale ana a mabeli hammoho, a ka hlahisa ntho eo ba bang ba tla e fumana e thahasellisa kapa e hohela.
Na lipontšo tsa tsebo le monahano li lekanyelitsoe feela mesebetsing e entsoeng ka bokhabane ea batho? Kapa na li ka boetse tsa bonahala le lefatšeng la tlhaho le re potolohileng?
Lifate tse telelehali tsa California, mafika a maholohali a k’horale a Pacific, liphororo tsa metsi tse matlahali tsa merung ea pula ea litloebelele le mehlape e hlollang ka botle ea masaba-sabeng a Afrika a nang le joang bo bongata, ka litsela tse fapaneng li bohlokoahali ho moloko oa batho ho feta “Mona Lisa.” Ka lebaka leo, UNESCO (United Nations Educational, Scientific, and Cultural Organization) e khethile Redwood National Park, U.S.A.; Iguaçú Falls, Argentina/Brazil; Great Barrier Reef, Australia; le Serengeti National Park, Tanzania, e le karolo ea “Lefa la Lefatše” la moloko oa batho.
Matlotlo ana a tlhaho a akarelletsoa har’a liemahale tse entsoeng ke batho. Hobane’ng? Sepheo ke ho sireletsa ntho leha e le efe e nang le “bohlokoa bo ikhethang bokahohleng.” UNESCO e beha mabaka ka hore ebang botle ke ba Taj Mahal, India, kapa Grand Canyon, U.S.A., bo lokela ho sireletsoa molemong oa meloko ea nakong e tlang.
Empa ha ho hlokahale hore u ee serapeng sa boikhathollo e le hore u ka hlokomela tsebo ea ho qapa lintho. Mohlala o hlaheletseng ka ho fetisisa ke ’mele oa hao. Babetli ba litšoantšo tsa majoe ba Greece ea boholo-holo ba ne ba talima sebōpeho sa motho e le mohlala oa sebele oa mesebetsi e entsoeng ka bokhabane, ’me ba ile ba leka ka hohle kamoo ho ka khonehang ho etsisa setšoantšo sa sona. Ka tsebo eo re nang le eona hona joale ea ho sebetsa ha ’mele, re ka ananela haholoanyane le ho feta matla a phethahetseng a hlokahalang bakeng sa ho bōptjoa le ho hlophisoa ha oona.
Ho thoe’ng ka monahano oa ho qapa lintho? Ak’u shebe libopeho tse ntle-ntle tsa masiba a emeng a pikoko, palesa e bonojoana ea rosa, kapa linonyana tse nyenyane tse phatsimang tse ntseng li bina li ea holimo le tlaase ka lebelo le makatsang. Ka sebele, tšebetso e joalo ea boleng e ne e le mesebetsi e entsoeng ka bokhabane, esita le pele litšoantšo tsa eona li fetisetsoa leseleng kapa filiming. Mongoli oa National Geographic, a hohetsoe ke lipalesa tse pherese tsa mohalalitoe oa tacca, o ile a botsa rasaense e monyenyane hore na morero oa tsona ke ofe. Karabo ea hae e bonolo e bile: “Li senola monahano oa Molimo.”
Hase feela hore tsebo le monahano oa ho qapa lintho li teng ka bongata lefatšeng la tlhaho empa li ’nile tsa e-ba mohloli o sa khaotseng oa ho susumetsa batho ba baetsi ba mesebetsi e entsoeng ka bokhabane. Auguste Rodin, ’metli oa litšoantšo tsa majoe ea tsebahalang haholo oa Mofora, o itse: “Moetsi oa mesebetsi e entsoeng ka bokhabane ke motsoalle ea haufi-ufi oa tlhaho. Lipalesa li buisana le eena ha li ntse li sekama ka bonolo le botle ba mebala ea tsona e nyalanang hantle.”
Baetsi ba bang ba mesebetsi e entsoeng ka bokhabane ba ile ba hlokomela ho haelloa ha bona ha ba leka ho etsisa botle ba tlhaho. Michelangelo, ea nkoang e le e mong oa baetsi ba mesebetsi e entsoeng ka bokhabane ba baholo ka ho fetisisa historing, o lumetse: “Mosebetsi oa ’nete oa mesebetsi e entsoeng ka bokhabane ke seriti feela sa phetheho ea bomolimo.”
Bo-rasaense, hammoho le baetsi ba mesebetsi e entsoeng ka bokhabane, ba ka ’na ba tsielehisoa ke botle ba lefatše la tlhaho. Moprofesa oa fisiks ea lipalo, Paul Davies, bukeng ea hae ea The Mind of God, o hlalosa hore “esita le batho ba lihlooho li thata ba latolang boteng ba Molimo hangata ba ba le se ’nileng sa bitsoa boikutlo ba ho hlompha tlhaho, ho thahasella le ho hlompha botebo le botle le ho rarahana ha eona, e leng se tšoanang le tšabo e nang le tlhompho e leng teng bolumeling.” See se lokela ho re ruta eng?
Moetsi oa Mesebetsi e Entsoeng ka Bokhabane
Seithuti sa mesebetsi e entsoeng ka bokhabane se ithuta ka moetsi oa mesebetsi e entsoeng ka bokhabane e le hore se utloisise le ho ananela mosebetsi oa hae o entsoeng ka bokhabane. Sea hlokomela hore mosebetsi oa moetsi oa mesebetsi e entsoeng ka bokhabane ke ponahatso ea motho eo ka boeena. Mesebetsi e entsoeng ka bokhabane ea tlhaho le eona e bonahatsa botho ba moqapi oa tlhaho, Molimo ea Matla ’Ohle. Moapostola Pauluse o hlalositse: “Litšoaneleho tse sa bonahaleng tsa hae li bonahala ka ho hlaka . . . linthong tseo a li entseng.” (Ba-Roma 1:20, NW) Ho feta moo, Moetsi oa lefatše o hlile o tsejoa hantle. Joalokaha Pauluse a ile a bolella bo-rafilosofi ba Athene ba mehleng ea hae, ‘[Molimo] ha a hole ho e mong le e mong oa rōna.’—Liketso 17:27.
Mosebetsi o entsoeng ka bokhabane pōpong ea Molimo hase hore ha o na morero kapa hore o bile teng ka kotsi feela. Ho phaella ho entšeng bophelo ba rōna, o senola litsebo, monahano le boholo ba Moetsi e moholo ka ho fetisisa oa mesebetsi e entsoeng ka bokhabane ea moholo ka ho fetisisa, Moqapi oa Bokahohle, Jehova Molimo. Sehlooho se latelang se tla tšohla kamoo mesebetsi ena e entsoeng ka bokhabane e ka re thusang ho tseba hamolemonyana Moetsi ea Phahameng ka ho Fetisisa oa mesebetsi e entsoeng ka bokhabane.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 19]
Musei Capitolini, Roma